LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 93 leq. 216-leq. 217 ser. 5
  • Jesu o Kgutlela Lehodimong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Kgutlela Lehodimong
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ruta ka Mmuso wa Modimo
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Le Tla ba Dipaki Tsa Ka”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Barutuwa ba Fuwa Moya o Halalelang
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 93 leq. 216-leq. 217 ser. 5
Jesu o nyolohela lehodimong barutuwa ba hae ba ntse ba mo shebile

THUTO YA 93

Jesu o Kgutlela Lehodimong

Jesu o ile a kopana le barutuwa ba hae Galilea, yaba o ba fa taelo ya bohlokwa o re: ‘Eyang mme le etse batho barutuwa lefatsheng lohle. Le ba rute dintho tsohle tseo ke le rutileng tsona mme le ba kolobetse.’ A ba tshepisa a re: ‘Hopolang, ke na le lona ka mehla.’

Matsatsi a 40 ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a hlaha ho barutuwa ba hae ba makgolo Galilea le Jerusalema. O ile a ba ruta dithuto tsa bohlokwa a ba a etsa mehlolo e mengata. Yaba o kopana le baapostola ba hae Thabeng ya Mehlwaare ka lekgetlo la ho qetela. Jesu o ile a re ho bona: ‘Le se ke la tloha Jerusalema. Le dule le lebelletse seo Ntate a se tshepisitseng.’

Baapostola ha ba a ka ba utlwisisa hore na o ne a reng. Ka hoo, ba mo botsa ba re: ‘Na jwale o se o tlo ba Morena wa Iseraele?’ Jesu a ba araba a re: ‘Nako ya hore Jehova a nketse Morena ha eso fihle. Haufinyane le tla amohela matla a moya o halalelang mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, Judea le Samaria le ho isa karolong e holehole ya lefatshe.’

Jwale Jesu a nyolohela lehodimong, yaba leru le a mo kwahela. Barutuwa ba hae ba ne ba ntse ba mo shebile empa o ne a ile.

Yaba barutuwa ba tloha Thabeng ya Mehlwaare ba ya Jerusalema. Ka mehla ba ne ba kopana kamoreng e ka hodimo mme ba rapela. Ba ne ba emetse hore Jesu a tle a ba fe ditaelo tse eketsehileng.

“Ditaba tse monate tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle ba di utlwe ebe ke hona bofelo bo tlang.”​—Matheu 24:14

Dipotso: Jesu o ile a fa barutuwa ba hae taelo efe? Ho ile ha etsahalang Thabeng ya Mehlwaare?

Matheu 28:​16-20; Luka 24:​49-53; Johanne 20:​30, 31; Diketso 1:​2-14; 1 Bakorinthe 15:​3-6

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share