LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 99 leq. 230-leq. 231 ser. 4
  • Molebedi wa Teronko o Ithuta Lentswe la Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Molebedi wa Teronko o Ithuta Lentswe la Modimo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • “Tshelela Macedonia”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • ‘Kgotso e Tswang ho Modimo e Feta Monahano Wohle’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 99 leq. 230-leq. 231 ser. 4
Molebedi wa teronko ya leng Filipi o fumana mamati a teronko a bulehile le batshwaruwa ba ntse ba le teng

THUTO YA 99

Molebedi wa Teronko o Ithuta Lentswe la Modimo

Motseng o bitswang Filipi ho ne ho ena le ngwanana wa lekgoba ya kgathatswang ke modemona. Modemona o ne a etsa hore ngwanana eo a kgone ho bolela dintho pele di etsahala mme a etsetsa beng ba hae tjhelete e ngata. Ha Pauluse le Silase ba le Filipi, ngwanana eo o ne a dula a ba setse morao hohle moo ba yang. Modemona o ile a re ngwanana a hweletse a re: “Banna bana ke makgoba a Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.” Qetellong Pauluse a re ho modemona: ‘Ka lebitso la Jesu, tswa ho yena!’ Yaba modemona o a tswa ho yena.

Ha beng ba ngwanana eo ba hlokomela hore ha ba sa tla kgona ho etsa tjhelete, ba ile ba kwata. Ba hulela Pauluse le Silase ho bommaseterata ba re: ‘Banna bana ba tlola molao mme ba ferekanya motse wa rona!’ Bommaseterata ba ile ba laela hore Pauluse le Silase ba otlwe mme ba iswe teronkong. Molebedi wa teronko o ile a ba kenya teronkong e lefifi ka ho fetisisa yaba o a ba fasa.

Batshwaruwa ba ne ba mametse ha Pauluse le Silase ba binela Jehova dithoriso. Yaba ka tshohanyetso, hara mpa bosiu ho ba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Mamati a teronko a buleha yaba dintho tse ba fasitseng di a fasoloha. Molebedi wa teronko o ile a mathela ka teronkong e lefifi, a fumana mamati a bulehile. Ka ha o ne a nahana hore batshwaruwa ba balehile, a leka ho ipolaya ka sabole.

Ka nako eo, Pauluse a hweletsa a re: ‘O se ke wa intsha kotsi! Re ntse re le teng kaofela!’ Molebedi a mathela ho Pauluse le Silase yaba o re: “Ke etseng hore ke pholohe?” Ba re ho yena: ‘Wena le ba lelapa la hao le lokela ho dumela ho Jesu.’ Yaba Pauluse le Silase ba mo ruta lentswe la Jehova mme molebedi le ba lelapa la hae ba kolobetswa.

“Batho ba tla le tshwara ba le hlorise, ba le ise matlong a thapelo le diteronkong. Le tla iswa ka pela marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka. E tla ba monyetla wa hore le ba bolelle ka tumelo ya lona.”​—Luka 21:​12, 13

Dipotso: Ke hobaneng ha Pauluse le Silase ba ile ba kenngwa teronkong? Ho tlile jwang hore molebedi wa teronko a ithute Lentswe la Modimo?

Diketso 16:​16-34

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share