KGAOLO YA 16
“Tshelela Macedonia”
Ho amohela kabelo le ho mamella mahloriso ka thabo ho tlisa mahlohonolo
E Thehilwe ho Diketso 16:6-40
1-3. (a) Moya o halalelang o ile wa tataisa Pauluse le bo mphato ba hae jwang? (b) Re tla tshohla diketsahalo dife?
SEHLOPHA sa basadi se tloha motseng wa Filipi, Macedonia. Ba eso ye kae, ba fihla nokeng e motjhophoro ya Gangites. Jwalo ka ha ba tlwaetse, ba dula lebopong la noka mme ba rapela Modimo wa Iseraele. Jehova o a ba bona.—2 Dikron. 16:9; Pes. 65:2.
2 Ka nako e tshwanang, sebakeng se bohole ba dikhilomithara tse fetang 800 ka botjhabela ho Filipi, sehlopha sa banna se tloha motseng wa Listra o karolong e ka borwa ya Galatia. Ka mora matsatsi a seng makae, ba fihla tseleng e kgolo e ntle ya Roma e lebang karolong e ka bophirimela ya setereke sa Asia moo ho nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa. Banna bao e leng Pauluse, Silase le Timothea ba labalabela ho tsamaya ka tsela eo e le hore ba ka etela Efese le metseng e meng, moo ho nang le batho ba dikete bao ho hlokahalang hore ba bolellwe ka Kreste. Le ha ho le jwalo, le pele ba ka kena tseleng, moya o halalelang o ba thibela ho tswela pele ka leeto la bona ka tsela e itseng e sa bolelwang ka Bibeleng. Ba thibelwa ho bolela ditaba tse monate Asia. Hobaneng? Jesu o sebedisitse moya wa Modimo ho tataisa Pauluse le bo mphato ba hae hore ba pholletse le Asia Minor, ba tshele Lewatle la Aegean, ebe ba fetela lebopong la nokana e bitswang Gangites.
3 Kajeno re ka ithuta dintho tsa bohlokwa tseleng eo Jesu a ileng a tataisa Pauluse le bo mphato ba hae ka yona leetong leo le sa tlwaelehang la ho ya Macedonia. Ka hona, a re hlahlobeng dintho tse itseng tse ileng tsa etsahala leetong la bobedi la Pauluse e le moromuwa, le ileng la qala hoo e ka bang ka 49 C.E.
“Modimo o re Laetse” (Diketso 16:6-15)
4, 5. (a) Ho ile ha etsahalang ka Pauluse le bo mphato ba hae ha ba le haufi le Bithinia? (b) Barutuwa ba ile ba etsa qeto efe, hona phello ya eba efe?
4 Ha Pauluse le bo mphato ba hae ba thibelwa ho bolela ditaba tse monate Asia, ba ile ba ya metseng ya Bithinia e ka leboya. Hore ba fihle moo, e ka nna yaba ba ile ba qeta matsatsi a mangata ba tsamaya ditseleng tse sa katwang pakeng tsa metse e se nang baahi ba bangata ya Frigia le Galatia. Le ha ho le jwalo, eitse ha ba atamela Bithinia, Jesu a boela a sebedisa moya o halalelang ho ba thibela. (Dik. 16:6, 7) E tlameha ebe jwale ba ne ba eme hlooho. Ba ne ba tseba hore na ba tla reng ha ba bolela ditaba tse monate le hore na ba tla di bolela jwang empa ba sa tsebe hore ba di bolele hokae. Ho ne ho le jwalo ka ha eka ba kokotile monyako o lebisang Asia empa ba sa dumellwe ho kena teng. Ba ne ba boetse ba kokotile monyako o lebisang Bithinia le teng ba sa dumellwe ho kena. Ho sa tsotellehe seo, Pauluse o ne a ikemiseditse ho tswela pele a kokota ho fihlela a fumana monyako o tla buleha. Yaba ba etsa qeto e neng e ka nna ya bonahala e sa utlwahale. Ba ile ba leba bophirimela mme ba tsamaya dikhilomithara tse 550, ba feta metse ka ho fapana, ba ba ba fihla koung ya Troase, moo ba neng ba ka palama sekepe se yang Macedonia. (Dik. 16:8) Ha ba le moo, Pauluse o ile a kokota lekgetlo la boraro, yaba monyako o buleha haholo.
5 Mongodi wa Kosepele Luka, ya ileng a kopana le Pauluse le bo mphato ba hae Troase, o bua tjena mabapi le se ileng sa etsahala: “Bosiu Pauluse a ba le pono. A bona monna ya tswang Macedonia a eme pela hae a mo kopa a re: ‘Tshelela Macedonia o re thuse.’ Ka mora hore a bone pono eo, ra leka ho kena Macedonia hobane re fihletse qeto ya hore Modimo o re laetse hore re bolelle batho ba moo ditaba tse monate tsa Mmuso wa hae.”a (Dik. 16:9, 10) Qetellong, Pauluse o ile a tseba hore na a bolele ditaba tse monate hokae. E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang hore ebe ha a ka a tela! Ntle ho tshenyo ya nako, banna bao ba bane ba ile ba ya Macedonia ka sekepe.
“Ka hoo, ra tloha Troase ka sekepe”—Diketso 16:11
6, 7. (a) Re ka ithutang ho se ileng sa etsahala leetong la Pauluse? (b) Phihlelo ya Pauluse e etsa hore re kgodisehe ka eng?
6 Re ka ithuta eng tlalehong eo? Hlokomela: Moya wa Modimo o ile wa kenella feela ka mora hore Pauluse a ye Asia, Jesu o ile a nka bohato ka mora hore Pauluse a be haufi le Bithinia, mme Jesu o ile a re Pauluse a ye Macedonia ka mora hore a fihle Troase. Ka ha Jesu ke Hlooho ya phutheho, a ka nna a re tataisa ka tsela e tshwanang. (Bakol. 1:18) Ka mohlala, e ka nna yaba e se e le nako e teletsana re nahana ho bula madiboho kapa ho fallela sebakeng seo ho hlokahalang bahweletsi ba Mmuso ba eketsehileng. Le ha ho le jwalo, Jesu a ka nna a re tataisa ka moya wa Modimo ka mora hore re nke mehato e tobileng ya ho finyella pakane ya rona. Hobaneng? Nahana ka mohlala ona: Mokganni a ka nna a tjekisetsa koloi ya hae ka ho le letshehadi kapa ka ho le letona empa a ka etsa jwalo ha feela koloi e tsamaya. Ka tsela e tshwanang, Jesu ke yena ya re tataisang hore re eketse tshebeletso ya rona, empa o etsa jwalo ha feela re nka mehato e tobileng ebile re ikakgela ka setotswana.
7 Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba re sa atlehe hanghang? Na re lokela ho nyahama, re nahane hore moya wa Modimo ha o re tataise? Tjhe. Hopola hore Pauluse le yena o ile a ba le mathata. Le ha ho le jwalo, o ile a tswela pele ho kokota ho fihlela a fumana monyako o bulehang. Re ka kgodiseha hore le rona re tla bulelwa ‘monyetla o moholo wa hore re sebeletse Morena’ ha re tswela pele ho o batla.—1 Bakor. 16:9.
8. (a) O ka hlalosa motse wa Filipi jwang? (b) Ho ile ha etsahala eng e thabisang ka mora hore Pauluse a bolele ditaba tse monate moo ho “rapellwa teng”?
8 Ka mora hore Pauluse le bo mphato ba hae ba fihle Macedonia, ba ile ba ya Filipi e leng motse oo baahi ba wona ba neng ba ikgantsha ka hore ke Baroma. Masole a Roma a behileng meja fatshe a dulang moo, a ne a nka Filipi e le Italy e nyenyane e le Roma e nyenyane ka hara Macedonia. Ka ntle ho motse, ka thoko ho noka e motjhophoro, baromuwa bao ba ile ba fumana sebaka seo ba neng ba nahana hore ho “rapellwa teng.”b Ka letsatsi la Sabatha, ba ile ba theohela sebakeng seo mme ba fumana basadi ba mmalwa ba neng ba bokane moo ba tlilo rapela Modimo. Barutuwa ba ile ba dula fatshe mme ba bua le bona. Mosadi ya bitswang Lydia ‘a mamela, Jehova a mo thusa hore a amohele dintho tseo Pauluse a ntseng a di bua.’ Lydia o ile a hlollwa haholo ke seo a se utlwileng ho baromuwa bao hoo yena le ba ntlo ya hae ba ileng ba kolobetswa. Yaba o phehella Pauluse le bo mphato ba hae hore ba dule ha hae.c—Dik. 16:13-15.
9. Kajeno ba bangata ba etsisitse mohlala wa Pauluse jwang, hona ba hlohonolofaditswe jwang?
9 Nahana feela hore na e ile ya eba thabo e kaakang ha Lydia a kolobetswa! E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang hore ebe o ile a dumela ha ho thwe a ‘tshelele Macedonia’ le hore ebe Jehova o ne a entse qeto ya ho mo sebedisa ha mmoho le bo mphato ba hae ha a araba dithapelo tsa basadi bao ba tshabang Modimo! Ka ho tshwanang, le kajeno bara le baradi ba bo rona ba bangata ba banyenyane le ba baholo, ba masoha le ba lenyalong ba fallela dibakeng tseo ho hlokahalang bahweletsi ba eketsehileng ba Mmuso. Ke nnete hore ba thulana le mathata, empa hase letho ha a bapiswa le thabo eo ba bang le yona ha ba fumana batho ba kang Lydia, ba amohelang dinnete tsa Bibele. Na o ka etsa diphetoho tse ka o nolofalletsang ho “tshelela” tshimong e hlokang bahweletsi ba eketsehileng? O tla hlohonolofatswa. Ka mohlala, nahana ka morabo rona Aaron ya hlahileng ka 1985. O ile a fallela naheng e nngwe e Amerika Bohareng. Ba bangata ba ka tjhaela mantswe a hae monwana ha a re: “Ho sebeletsa naheng esele ho nthusitse ho hola moyeng le ho atamela haufi le Jehova. Ebile tshebeletso ya tshimo e monate ke kganna dithuto tsa Bibele tse robedi!”
Re ka “tshelela Macedonia” jwang kajeno?
“Letshwele la ba Halefela” (Diketso 16:16-24)
10. Bademona ba ile ba hlohlelletsa jwang hore Pauluse le bo mphato ba hae ba hanyetswe?
10 E tlameha ebe Satane o ne a halefisitswe ke hore ditaba tse monate di qadile ho amohelwa sebakeng seo ho sona yena le bademona ba hae ba neng ba etsa ntho eo ba e batlang. Ka hoo, ha ho makatse hore ebe bademona ba ile ba hlohlelletsa hore Pauluse le bo mphato ba hae ba hanyetswe! Ha ba ntse ba etela moo ho rapellwa teng, lekgabunyane le leng le nang le modemona, le neng le kenyetsa beng ba lona tjhelete ka ho bolela diketsahalo esale pele, le ile la sala Pauluse le bo mphato ba hae morao, le ntse le hweletsa le re: “Banna bana ke makgoba a Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa. Ba a le bolella hore na le tla pholoswa jwang.” Mohlomong modemona ke yena ya ileng a etsa hore ngwanana enwa a bue mantswe ana, ho etsa hore ho bonahale eka dintho tseo a di bolelang esale pele le dithuto tsa Pauluse di tswa mohloding o le mong. Ka tsela eo, batho ba shebelletseng ba ne ba ke ke ba ela hloko balatedi ba nnete ba Kreste. Empa Pauluse o ile a kgutsisa ngwanana eo ka ho leleka modemona.—Dik. 16:16-18.
11. Ka mora hore modemona a lelekwe ho ngwanana eo, ho ile ha etsahalang ka Pauluse le Silase?
11 Ha beng ba lekgabunyane leo ba hlokomela hore ha ba sa na motho ya ba kenyetsang tjhelete kapele, ba ile ba halefa. Ba ile ba hulanyetsa Pauluse le Silase mmarakeng, moo bo mastrata e leng bahlanka ba mmuso wa Roma ba neng ba tshwarela dinyewe teng. Ka ha beng ba lona ba ne ba tseba hore baahlodi bao ba leeme ba bile ba rata naha ya habo bona, ba ile ba re: ‘Bajuda bana ba baka pherekano ka ho ruta dintho tseo rona Baroma re ke keng ra di amohela.’ Ho ile ha etsahala seo ba neng ba se batla. ‘Letshwele le mmarakeng la halefela Pauluse le Silase,’ mme bo mmaseterata ba laela hore “ba otlwe ka melamu.” Ka mora moo, Pauluse le Silase ba ile ba hulanyetswa tjhankaneng. Molebedi wa teronko o ile a lahlela banna bao ba lemetseng tjhankaneng e ka hare mme a tiisa maoto a bona ditlamong tse kgolo tsa patsi. (Dik. 16:19-24) Ha molebedi wa teronko a kwala monyako, ho ile ha ba lefifi hoo e tlamehang ebe Pauluse le Silase ba ne ba sa bonane. Empa Jehova o ne a ntse a ba bona.—Pes. 139:12.
12. (a) Barutuwa ba Kreste ba ile ba ikutlwa jwang ha ba hloriswa, hona hobaneng? (b) Satane le mahlahana a hae ba sa ntse ba sebedisa mekgwa efe ho re hanyetsa?
12 Dilemo tse seng kae pele ho moo, Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ka hona, ha Pauluse le bo mphato ba hae ba tshelela Macedonia, ba ne ba itokiseditse ho tobana le kganyetso. Ha mahloriso a fihla, ha ba a ka ba a nka e le pontsho ya hore Jehova o ba lahlile, empa ba a nka e le sesupo sa hore Satane o ba halefetse. Kajeno, mahlahana a Satane a sebedisa mekgwa e tshwanang le e ileng ya sebediswa Filipi. Bahanyetsi ba bolotsana ba re senya lebitso dikolong le mosebetsing, ba hlohlelletsa hore re hanyetswe. Dinaheng tse ding, batho ba bodumedi ba re hanyetsang ba re qosa makgotleng, ba re: ‘Dipakinyana tsena di baka pherekano ka ho ruta ditlwaelo tseo rona “ba madumedi a molao” re ke keng ra di amohela.’ Dibakeng tse ding, barapedi mmoho le rona ba a shapuwa mme ba lahlelwa tjhankaneng. Le ha ho le jwalo, Jehova o ntse a bona.—1 Pet. 3:12.
“Ba Kolobetswa Hanghang” (Diketso 16:25-34)
13. Ke eng se ileng sa etsa hore molebedi wa teronko a re: “Ke etseng hore ke pholohe?”
13 Mohlomong ho ile ha feta nako pele Pauluse le Silase ba hlaphohelwa ka mora moferefere wa letsatsing leo. Le ha ho le jwalo, ka kgitla bosiu ba ne ba se ba hlaphohetswe hoo ba ileng ba “rapela ba bile ba rorisa Modimo ka pina.” Yaba ka tshohanyetso ho ba le tshisinyeho ya lefatshe tjhankaneng eo! Molebedi wa teronko o ile a tsoha, a bona menyako e butswe mme a tshoha hore batshwaruwa ba balehile. Ka ha o ne a tseba hore o tla fuwa kotlo ha a ba tlohetse hore ba balehe, “a ntsha sabole ya hae yaba o leka ho ipolaya.” Empa Pauluse a hweletsa, a re: “O se ke wa ipolaya hobane re ntse re le teng kaofela!” Molebedi wa teronko a botsa a tshwenyehile a re: “Bontate, ke etseng hore ke pholohe?” Pauluse le Silase ba ne ba ke ke ba mo pholosa, ke Jesu feela ya neng a ka mo pholosa. Yaba ba re: ‘Dumela ho Morena Jesu mme . . . o tla pholoha.’—Dik. 16:25-31.
14. (a) Pauluse le Silase ba ile ba thusa molebedi wa teronko jwang? (b) Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatswa jwang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hloriswa?
14 Na potso ya molebedi wa teronko e ne e tswa botebong ba pelo? Pauluse o ne a kgodisehile hore ho jwalo. Molebedi wa teronko e ne e le Moditjhaba, a sa tsebe Mangolo. Pele e ka ba Mokreste, ho ne ho hlokahala hore a ithute dinnete tsa motheo tsa Mangolo a be a di amohele. Ka hoo Pauluse le Silase ba ile ba ipha nako ya ho “mo bolella lentswe la Jehova.” Ha banna bana ba ntse ba tshwarehile ka ho mo ruta Mangolo, mohlomong ba ile ba lebala matetetso a bona. Le ha ho le jwalo, molebedi wa teronko o ile a hlokomela metopa e meholo mekokotlong ya bona, mme a ba hlatswa maqeba. Yaba yena le ba ntlo ya hae “ba kolobetswa hanghang.” Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatswa hakaakang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hloriswa!—Dik. 16:32-34.
15. (a) Kajeno Dipaki tse ngata di latetse mohlala wa Pauluse le Silase jwang? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho etela batho ba dulang tshimong ya rona re sa phetse?
15 Jwalo ka Pauluse le Silase, kajeno Dipaki tse ngata di nnile tsa bolela ditaba tse monate le ha di kwaletswe tjhankaneng ka lebaka la tumelo ya tsona, mme ha eba le diphello tse thabisang. Ka mohlala, naheng e nngwe moo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe, ho na le nako eo ka yona karolo ya 40 lekgolong ya Dipaki tsohle tse dulang moo di ileng tsa ithuta nnete ka Jehova ha di le tjhankaneng! (Esa. 54:17) Hape, hlokomela hore molebedi wa teronko o ile a kopa thuso ka mora hore ho be le tshisinyeho ya lefatshe. Ka tsela e tshwanang, kajeno batho ba bang ba eso ka ba amohela molaetsa wa Mmuso, ba ka nna ba o amohela ka mora hore ba hlahelwe ke tlokotsi e itseng. Ha re sa phetse ho etela batho ba tshimong ya rona, re etsa bonnete ba hore re malala a laotswe ho ba thusa.
“Jwale ba se ba Batla ho re Lokolla ka Lenyele?” (Diketso 16:35-40)
16. Letsatsing le hlahlamang ka mora hore Pauluse le Silase ba shapuwe, dintho di ile tsa fetoha jwang?
16 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ka mora hore Pauluse le Silase ba shapuwe, bo mmaseterata ba ile ba laela hore ba lokollwe. Empa Pauluse o ile a re: “Ba re shapile phatlalatsa re eso ahlolwe empa re le Baroma yaba ba re kenya teronkong. Jwale ba se ba batla ho re lokolla ka lenyele? Lekgale! Bona ha ba tle ba tlo re lokolla.” Ha bo mmaseterata ba utlwa hore banna bao ba babedi ke baahi ba Roma, ba ile “ba tshoha,” hobane ba ne ba hataketse ditokelo tsa bona.d Dintho di ile tsa fetoha. Barutuwa ba ne ba shapilwe phatlalatsa jwale bo mmaseterata ba ne ba lokela ho kopa tshwarelo phatlalatsa. Ba ile ba kopa Pauluse le Silase hore ba tlohe Filipi. Barutuwa bao ba babedi ba ile ba dumela, empa ba qala ka ho kgothatsa barutuwa ba batjha ba ntseng ba eketseha. Yaba ke hona ba tsamayang.
17. Barutuwa ba batjha ba ne ba tla ithuta thuto efe ya bohlokwa ha ba lemoha mamello ya Pauluse le Silase?
17 Hoja ditokelo tsa Pauluse le Silase jwalo ka baahi ba Roma di ne di hlomphilwe pele ho moo, mohlomong ba ka be ba sa ka ba shapuwa. (Dik. 22:25, 26) Le ha ho le jwalo, barutuwa ba Filipi ba ne ba ka nna ba eba le maikutlo a hore ba sebedisitse maemo a bona hore ba balehele ho utlwiswa bohloko ka lebaka la Kreste. Seo se ne se tla ba le phello efe tumelong ya barutuwa bao e seng baahi ba Roma? Ha e le hantle, molao o ne o ke ke wa ba sireletsa hore ba se ke ba shapuwa. Ka hoo, ka hore Pauluse le bo mphato ba hae ba mamelle dikotlo, ba ile ba behela badumedi ba batjha mohlala o bontshang hore balatedi ba Kreste ba ka kgona ho ema ba tiile ha ba hloriswa. Ho phaella moo, ha Pauluse le Silase ba tsitlella hore ditokelo tsa bona e le baahi ba Roma di hlomphuwe, ba ile ba qobella bo mmaseterata hore ba bolele phatlalatsa hore ba tlotse molao. Mohlomong seo se ne se tla etsa hore ba se ke ba tshwara badumedimmoho le Pauluse hampe mme se ba sireletse ka molao ha ba hlaselwa ka tsela e tshwanang nakong e tlang.
18. (a) Kajeno balebedi ba Bakreste ba etsisa mohlala wa Pauluse jwang? (b) Re “sebedisa molao ho fumana tokelo ya ho bolela ditaba tse monate” jwang kajeno?
18 Kajeno, balebedi ka phuthehong ya Bakreste le bona ba beha mohlala. Badisa ba Bakreste ba ikemiseditse ho etsa eng kapa eng eo ba lebeletseng hore badumedimmoho le bona ba e etse. Le rona jwalo ka Pauluse, re sekaseka ka hloko hore na re sebedisa ditokelo tsa rona tsa molao ho itshireletsa neng hona jwang. Haeba ho hlokahala, re ipiletsa makgotleng a motse, a naha esita le a matjhaba e le hore re sireletse tokelo ya molao ya ho ntshetsa borapedi ba rona pele. Sepheo sa rona hase ho tlisa diphetoho empa ke ho “sebedisa molao ho fumana tokelo ya ho bolela ditaba tse monate,” jwalo ka ha Pauluse a ile a ngolla phutheho ya Filipi dilemo tse ka bang leshome ka mora hore a kenngwe tjhankaneng moo. (Fil. 1:7) Le ha ho le jwalo, ho sa tsotellehe hore na phello ya dinyewe tseo ke efe, jwalo ka Pauluse le bo mphato ba hae, re ikemiseditse ho tswela pele re ‘bolela . . . ditaba tse monate’ hohle moo moya wa Modimo o re laelang hore re di bolele teng.—Dik. 16:10.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Luka ke Yena ya Ngotseng Buka ya Diketso.”
b Mohlomong Bajuda ba ne ba sa dumellwa ho ba le ntlo ya thapelo motseng oo hobane Filipi e ne e le motse wa sesole. Kapa e ka nna yaba motse oo o ne o se na banna ba leshome ba Bajuda e leng palo ya banna ba hlokahalang ho theha ntlo ya thapelo.
c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Lydia—O ne a Rekisa Masela le Diaparo Tse Pherese.”
d Molao wa Roma o ne o re ka dinako tsohle moahi wa teng o lokela ho ahlolwa ka toka mme le ka mohla a se ke a otlwa phatlalatsa empa a sa fumanwa a le molato.