LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 17 maq. 133-139
  • “A Tshetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “A Tshetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “A Tshetleha Mabaka a Hae ka Mangolo” (Diketso 17:​1-3)
  • “Ba Bang ba Bona ya Eba Badumedi” (Diketso 17:​4-9)
  • “Ba ne ba Ikemiseditse ho Ithuta” (Diketso 17:​10-15)
  • Pauluse le Timothea
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “Tshelela Macedonia”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 17 maq. 133-139

KGAOLO YA 17

“A Tshetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”

Baberea ke mohlala o motle wa ho ruta ka tsela e atlehang

E Thehilwe ho Diketso 17:​1-15

1, 2. Ke bomang ba tlohang Filipi ba eya Thesalonika, hona e ka nna yaba ba ntse ba ipotsa eng?

TSELA e tsamauwang haholo, e hahilweng ke ditsebi tsa Baroma, e feta hara dithaba tse matsaranka. Nako le nako ho utlwahala lerata la dintho tse sa tshwaneng la diesele, dikariki tse tsamayang letlapeng, le baeti ba mefutafuta, mohlomong ho akarelletsa le masole, bahwebi le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Pauluse, Silase le Timothea ba tsamaya tseleng ena ba tloha Filipi ba ya Thesalonika, e leng leeto la dikhilomithara tse fetang 130. Leeto lena ha le bonolo, haholoholo ho Pauluse le Silase. Ba ntse ba ikoka maqeba a ho shapuwa ka melamu ha ba le Filipi.​—Dik. 16:​22, 23.

2 Banna baa ba itebatsa leeto lee le lelelele jwang? Ka ho qoqa. Ba sa ntse ba hopola ka moo ho bileng monate ka teng ha molebedi wa teronko wa Filipi le ba lelapa la hae e eba badumedi. Seo se entse hore banna bana ba ikemisetse ho tswela pele ba bolela lentswe la Modimo. Le ha ho le jwalo, ha ba atamela motse wa Thesalonika o lebopong la lewatle, ho ka etsahala hore ebe ba ntse ba ipotsa hore na Bajuda ba moo ba tla ba tshwara jwang. Na ba tla ba hlasela mme ba ba shape jwalo ka ha ho etsahetse ha ba le Filipi?

3. Mohlala wa Pauluse wa ho iteta sebete hore a bolele ditaba tse monate o ka re thusa jwang kajeno?

3 Pauluse o ile a ntsha maikutlo a hae ha morao lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Thesalonika, a re: “Le a tseba hore re ile ra hlokofatswa le ho tshwarwa hampe ha re le Filipi. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a re fa sebete sa ho le bolella ditaba tse monate tse tswang ho yena le hoja re ne re hanyetswa haholo.” (1 Bathes. 2:2) Ho bonahala eka Pauluse o ne a tshaba ho kena motseng wa Thesalonika, haholoholo ka mora se etsahetseng Filipi. Na o utlwisisa hore na ke hobaneng ha a ne a ikutlwa ka tsela ee? Na ka dinako tse ding o ye o utlwe ho le thata ho bolela ditaba tse monate? Pauluse o ile a tshepa Jehova hore a mo thuse, a mo fe matla a hore a itete sebete. Ho ithuta mohlaleng wa hae ho ka o thusa hore o etse se tshwanang.​—1 Bakor. 4:16.

“A Tshetleha Mabaka a Hae ka Mangolo” (Diketso 17:​1-3)

4. Ke hobaneng ha ho ka etsahala hore Pauluse o qetile nako e fetang dibeke tse tharo Thesalonika?

4 Bibele e re bolella hore ha Pauluse a le Thesalonika, o ile a bolela ditaba tse monate ntlong ya thapelo ka Disabatha tse tharo. Na see se bolela hore o ile a ba motseng oo ka dibeke tse tharo feela? Tjhe. Ha re tsebe hore na Pauluse o ile a ya ntlong ya thapelo ka mora nako e kae a fihlile motseng ona. Ho feta moo, mangolo a Pauluse a bontsha hore ha a le Thesalonika, yena le bo mphato ba hae ba ile ba sebetsa e le hore ba kgone ho iphedisa. (1 Bathes. 2:9; 2 Bathes. 3:​7, 8) Ntle ho moo, ka makgetlo a mabedi bara ba bo rona ba Filipi ba ile ba romella Pauluse dintho tseo a di hlokang. (Bafil. 4:​16) Ka hoo, mohlomong o dutse Thesalonika nako e fetang dibeke tse tharo.

5. Pauluse o ile a sebedisa mokgwa ofe hore a kgodise ba mo mametseng?

5 Ha Pauluse a se a itetile sebete hore a bolele ditaba tse monate, o ile a bua le ba bokaneng ka tlung ya thapelo. Jwalo ka ha a tlwaetse, o ile “a tshetleha mabaka a hae ka Mangolo. O ne a ba hlalosetsa a bile a ba bontsha ka Mangolong hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwe bohloko le hore a tsohe bafung. O ne a re: ‘Jesu enwa eo ke le bolellang ka yena, ke yena Kreste.’” (Dik. 17:​2, 3) Hlokomela hore Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho etsa hore bamamedi ba hae ba nkehe maikutlo, o ne a batla hore ba nahane. O ne a tseba hore batho ba tlileng ntlong ya thapelo ba tseba Mangolo ba bile ba a hlompha. Ba ne ba mpa ba sa a utlwisise. Ke ka hoo Pauluse a ileng a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a a hlalosa mme a a sebedisa ho paka hore Jesu wa Nazaretha ke Mesia ya tshepisitsweng, kapa Kreste.

6. Jesu o ile a beha mabaka jwang ka Mangolo, hona phello ya eba efe?

6 Pauluse o ile a nka malebela ho Jesu, ya neng a tshehetsa seo a se rutang ka Mangolo. Ka mohlala, ha Jesu a ntse a phetha tshebeletso ya hae ya phatlalatsa o ile a bolella balatedi ba hae hore Mangolo a re Mora motho o lokela ho utlwiswa bohloko, ho shwa le ho tsoswa bafung. (Mat. 16:​21) Jesu o ile a hlaha ho barutuwa ba hae ha a qeta ho tsoha bafung. Ka sebele, ho ne ho sa hlokahale bopaki bo fetang boo hore o ne a bua nnete. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a etsa ho fetang hoo. Ha Bibele e bua ka seo a ileng a se bolella barutuwa ba bang, e re: “Yaba o qala ho ba hlalosetsa dintho tsohle tse hlahang ka Mangolong tse amanang le yena, a qala ka Mangolo a ngotsweng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.” Phello ya eba efe? Barutuwa bao ba ile ba re: “Ha se feela re neng re thabile ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re hlalosetsa Mangolo ka tsela e hlakileng.”​—Luka 24:​13, 27, 32.

7. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re thehe seo re se rutang Mangolong?

7 Molaetsa wa Lentswe la Modimo o matla. (Baheb. 4:​12) Ke ka hoo kajeno Bakreste ba thehang dithuto tsa bona ho lona jwalo ka Jesu, Pauluse le baapostola ba bang. Le rona re behela batho mabaka, re ba hlalosetsa Mangolo re be re ba fe bopaki ba seo re se rutang ka ho ba balla Bibele ho ba bontsha seo e se bolelang. Nnete ke hore molaetsa oo re o bolelang hase wa rona. Haeba re sebedisa Bibele kgafetsa, re thusa batho hore ba elellwe hore ha re bue maikutlo a rona, empa re ba bolella seo Modimo a se rutang. Ho feta moo, re lokela ho hopola hore molaetsa oo re o bolelang o thehilwe ka ho feletseng Lentsweng la Modimo. O ka tsheptjwa ka ho feletseng. Na ho tseba see ha ho etse hore o bolele o sa tshabe letho jwalo ka Pauluse?

“Ba Bang ba Bona ya Eba Badumedi” (Diketso 17:​4-9)

8-10. (a) Batho ba Thesalonika ba ile ba etsa jwang ha ba utlwa ditaba tse molemo? (b) Ke hobaneng ha Bajuda ba bang ba ne ba honohela Pauluse? (c) Bajuda ba hanyetsang ditaba tse molemo ba ile ba etsa jwang?

8 Pauluse o ne a se a bone bonnete ba mantswe a Jesu a reng: “Lekgoba ha le leholo ho monga lona. Haeba ba ntlhorisitse le lona ba tla le hlorisa. Haeba ba mmametse le lona ba tla le mamela.” (Joh. 15:​20) Ke sona se ileng sa etsahalla Pauluse ha a le Thesalonika ba bang ba ne ba thahasella ho boloka lentswe, mme ba bang ba le hanyetsa. Ha Luka a bua ka ba neng ba thahasella, o re: “Ba bang ba bona [Bajuda] ya eba badumedi [Bakreste] mme ba ikopanya le Pauluse le Silase. Bagerike ba bangata ba rapelang Modimo le basadi ba bangata ba hlaheletseng le bona ba ikopanya le bona.” (Dik. 17:4) Ka sebele barutuwa bana ba batjha ba ne ba thabetse hore ebe ba thusitswe hore ba utlwisise Mangolo hantle.

9 Le hoja ba bang ba ne ba ananela mantswe a Pauluse, ba bang ba ile ba mo halefela. Bajuda ba bang ba Thesalonika ba ne ba tletse lefufa kahobane Pauluse o ile a kgona ho hapa “Bagerike ba bangata.” Ka ha Bajuda bao ba ne ba ikemiseditse ho sokollela batho ba ditjhaba tse ding Bojudeng, ba ne ba rutile Baditjhaba ba Bagerike dithuto tsa Mangolo a Seheberu mme ba nka hore Bagerike bao ke batho ba bona. Le ha ho le jwalo, ho ne ho bonahala eka Pauluse o hlotha Bagerike bao mahlong a bona hona ka tlung ya thapelo! Bajuda bao ba ne ba loloma ke bohale.

Pauluse le Silase ba baleha mahoo hoo a halefileng ha heke e kwetswe. Monna e mong o bua le mahoo hoo a eme hekeng.

“Ba batla hore Pauluse le Silase ba tliswe ho bona.”​—Diketso 17:5

10 Luka o re bolella se ileng sa etsahala ka mora moo, o re: “Bajuda ba bang ba eba mona yaba ba bokella banna ba kgopo ba neng ba solla mmarakeng. Ba ikopanya yaba ba baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ya Jasone mme ba batla hore Pauluse le Silase ba tliswe ho bona. Ha ba sa ba fumane, ba isa Jasone le barutuwa ba bang ho babusi ba motse, ba tletleba ba re: ‘Banna bana ba ferekantseng lefatshe lohle ba se ba le teng mona, jwale Jasone yena o ba amohetse ha hae. Batho bana kaofela ba etsa dintho tse kgahlanong le melao ya Sesare, ba re ho na le morena e mong ya bitswang Jesu.’ ” (Dik. 17:​5-7) Pauluse le bo mphato ba hae ba ile ba etsa jwang ha ba hlaselwa ke mahoohoo?

11. Pauluse le bao a bolelang Mmuso wa Modimo le bona ba ile ba qoswa ka dintho dife, mme ho ka etsahala hore ebe ba ba qosang ba ne ba nahanne ka taelo efe? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

11 Batho ba tswa tseleng ha e le mokgopi. Ba tshwana le noka e jang ditlhokwa ba mabifi ebile ha ba laolehe. Sena ke sebetsa seo Bajuda ba ileng ba se sebedisa ha ba leka ho leleka Pauluse le Silase. Jwale, ka mora hore Bajuda ba ‘bake moferefere’ motseng, ba ile ba leka ho kgodisa babusi hore dintho tseo ba ba qosang ka tsona di tebile. Qoso ya pele e ne e le hore Pauluse le ba bang bao a bolelang Mmuso wa Modimo le bona ‘ba ferekantse lefatshe lohle,’ empa e le hore hase Pauluse le bo mphato ba hae ba bakileng moferefere Thesalonika! Qoso ya bobedi e ne e tebile le ho feta. Bajuda ba ile ba re baromuwa bao ba bolela hore ho na le Morena e mong, e leng Jesu, ka hoo ba tlola melao ya moemphera.a

12. Ke eng e bontshang hore dintho tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qoswa ka tsona di ne di ka ba kenya kgathatsong?

12 O hopole hore baetapele ba bodumedi ba ile ba qosa Jesu ka ntho e tshwanang, ba re ho Pilato: “Re fumane monna enwa a ntse a kgelosa setjhaba sa rona . . . a bile a re ke yena Kreste morena.” (Luka 23:2) Mohlomong Pilato o ne a tshaba hore moemphera o tla etsa qeto ya hore o kgothalletsa ho phethola mmuso, yaba o nehelana ka Jesu hore a bolawe. Ka ho tshwanang, diqoso tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qoswa ka tsona di ne di ka ba kenya kgathatsong. Buka e nngwe e re: “Ha re feteletse ditaba ha re re ba ne ba le tsietsing, etswe ‘hangata batho ba qoswang ka hore ba kgothalletsa ho phethola mmuso wa Baemphera ba ne ba bolawa.’” Na qoso ye e lonya e ne e tla atleha?

13, 14. (a) Ke hobaneng ha qoso ya mokgopi e sa ka ya atleha? (b) Pauluse o ile a bontsha jwang hore o hlokolosi jwalo ka Kreste, mme re ka mo etsisa jwang?

13 Mokgopi oo ha wa ka wa thibela mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate Thesalonika. Ka lebaka lefe? Lebaka le leng ke hore Pauluse le Silase ba ile ba nyamela. Ntle ho moo, ho bonahala hore baetapele ba motse ba ne ba sa kgolwe hore diqoso tseo ke tsa nnete. Ka mora ho batla tjhelete, mohlomong ya beile, ba ile ba lokolla Jasone le bara ba bang ba bo rona ba neng ba tlisitswe ho bona. (Dik. 17:​8, 9) Pauluse o ile a mamela keletso ya Jesu ya hore re ‘be sedi jwalo ka dinoha le ha ho le jwalo re hloke molato jwalo ka maeba,’ yaba ka bohlale wa nyamela e le hore a ka tswela pele a bolela ditaba tse monate dibakeng tse ding. (Mat. 10:​16) Ho hlakile hore le hoja Pauluse a ile a iteta sebete, sena ha se bolele hore o ne a se hlokolosi. Bakreste ba ka etsisa mohlala wa hae jwang kajeno?

14 Mehleng ena, hangata baruti ba Bokreste mmotwana ba nnile ba susumetsa mokgopi hore o hlasele Dipaki Tsa Jehova. Ba susumetsa babusi ho lwantsha Dipaki ka ho bolela hore di tswa mmuso tlase ebile di batla ho o phethola. Jwalo ka batho bao ba neng ba hlorisa bara ba bo rona lekgolong la pele la dilemo, ba re hlorisang mehleng ena ba susumetswa ke lefufa. Le ha ho le jwalo, Bakreste ba nnete ha ba qale ntwa. Ha ho kgoneha, re qoba batho ba jwalo ba halefileng le ba manganga, ho ena le hoo re tswela pele re etsa mosebetsi wa rona ka kgotso, mohlomong ka hore re kgutlele sebakeng se itseng ha re nahana hore batho ba moo ba se ba kgobile matshwafo.

BO SESARE BAO DITABA TSA BUKA YA DIKETSO DI ETSAHETSENG PUSONG YA BONA

Ditaba tsohle tse bukeng ya Diketso ha e le hantle tse Mangolong ohle a Segerike a Bakreste, di etsahetse Mmusong wa Roma. Ka hoo, ka mehla moemphera wa Roma e ne e le yena ya nang le matla a ka hodimodimo. Bajuda ba Thesalonika ba ne ba bolela yena ha ba bua ka “melao ya Sesare.” (Dik. 17:7) Ditaba tse ngotsweng bukeng ya Diketso di etsahetse pusong ya baemphera ba bane e leng Tiberiuse, Gaiase, Claudiase I le Nero.

  • Tiberiuse (14-37 C.E.) e ne e le moemphera ha Jesu a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng le dilemong tse seng kae tsa pele ka mora ho thehwa ha phutheho ya Bakreste. Nyeweng ya Jesu, Bajuda ba ne ba bua ka Tiberiuse ha ba hweletsa ba re: “Ha [wena Pilato] o ka lokolla monna enwa o sera sa Sesare. . . . Morena wa rona ke Sesare feela.”​—Joh. 19:​12,15.

  • Gaiase, eo hape a bitswang Caligula (37-41 C.E.), ha a bolelwe Mangolong a Segerike a Bakreste.

  • Claudiase I (41-54 C.E.) o bolelwa habedi bukeng ya Diketso. Jwalo ka ha moprofeta Agabase wa Mokreste a ile a profeta, ho ile ha eba le “tlala e kgolo” hoo e ka bang ka 46 C.E. “lefatsheng lohle . . . nakong ya puso ya Claudiase.” Ho feta moo, ka 49 C.E. kapa qalong ya 50 C.E., Claudiase o ile ‘a leleka Bajuda bohle Roma’ mme ke yona taelo e ileng ya etsa hore Akuila le Prisila ba ye Korinthe, moo ba ileng ba kopana le moapostola Pauluse.​—Dik. 11:​28; 18:​1, 2.

  • Nero (54-68 C.E.) ke yena Sesare eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho yena. (Dik. 25:​11) Ho bonahala eka ha morao moemphera enwa o ile a bolela hore Bakreste ke bona ba hoteditseng mollo o ileng wa tjhesa boholo ba Roma hoo e ka bang ka 64 C.E. Kapele ka mora moo, hoo e ka bang ka 65 C.E., moapostola Pauluse o ile a kenngwa tjhankaneng ka lekgetlo la bobedi Roma, a ba a bolawa.

“Ba ne ba Ikemiseditse ho Ithuta” (Diketso 17:​10-15)

15. Baberea ba ile ba etsa jwang ha ba utlwa ditaba tse molemo?

15 E le hore Pauluse le Silase ba sireletswe, ba ile ba romelwa motseng wa Berea o ka bang dikhilomithara tse 65 ho tloha moo. Ha ba fihla teng, Pauluse o ile a ya synagogeng mme a bua le ba bokaneng moo. O ile a thaba hakaakang ha ba mo mamela! Luka o re Bajuda ba Berea “ba ne ba ikemiseditse ho ithuta ho feta Bathesalonika ka ha ba ile ba amohela lentswe la Modimo ka dipelo tsohle. Ba ne ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng ho tiisa hore na dintho tseo ba di utlwileng ke nnete kapa tjhe.” (Dik. 17:​10, 11) Na mantswe aa a beha Bathesalonika ba neng ba amohetse nnete ka mosing? Le letho. Ha morao Pauluse o ile a ba ngolla a re: “Re boetse re leboha Modimo re sa kgaotse hobane ha le ne le utlwa lentswe la Modimo ho rona, ha le a ka la le nka e le lentswe la batho. Le ile la le nka e le lentswe la Modimo hobane ka nnete ke lona mme lentswe leo le thusa lona badumedi.” (1 Bathes. 2:​13) Le ha ho le jwalo, ke eng e entseng hore Bajuda bao ba Berea ba ikemisetse ho ithuta hakaale?

16. Ke hobaneng ha ho loketse hore ho thwe Baberea ba ne ba ena le “dikelello tse bulehileng”?

16 Le hoja Baberea ba ne ba qala ho utlwa ditaba tseo, ba ne ba se na dipelaelo ebile ba sa tshwaya tshwaye diphoso le ha ho le jwalo, e ne e se bo madumela tsohle. Pele, ba ile ba mamela Pauluse ka hloko. Ka mora moo, ba batla bopaki ba seo ba ithutileng sona ka ho phetla Mangolo ao Pauluse a ba hlaloseditseng wona. Ho feta moo, ba ne ba ithuta Lentswe la Modimo ka mafolofolo letsatsi le leng le le leng, eseng ka Sabatha feela. Ntle ho moo, ba ne ba etsa sena “ka tabatabelo e kgolo ya kelello,” ba ikakgetse ka setotswana ho fumana hore na Mangolo a reng ka thuto ena e ntjha. Ka mora moo, ba ile ba bontsha hore ba ikokobeditse ha ba fetoha, etswe ‘ba bangata ba bona e ile ya eba badumedi.’ (Dik. 17:​12) Hase feela Luka a reng ba ne ba ena le “dikelello tse bulehileng”!

17. Ke hobaneng ha mohlala wa Baberea o le motle hakaale, hona re ka tswela pele re o etsisa jwang le ha ho se ho fetile nako e telele re le badumedi?

17 Baberea bao ba ne ba sa tsebe hore tlaleho ya ka moo ba ileng ba amohela ditaba tse molemo ka teng e tla bolokwa Lentsweng la Modimo e le mohlala o motle bakeng sa mehla ya rona. Ba ile ba etsa sona seo Pauluse a neng a tshepile hore ba tla se etsa le seo Jehova Modimo a neng a batla hore ba se etse. Le rona ke seo re kgothalletsang batho hore ba se etse hore ba ithute Bibele ka hloko e le hore tumelo ya bona e thehwe ka ho feletseng Lentsweng la Modimo. Le ha ho le jwalo, na ka mora hore re fetohe badumedi ha ho sa hlokahala hore re be le dikelello tse bulehileng? Tjhe, ho ena le hoo, ke hona ha ho hlokahala ho feta le ha e le neng hore re labalabele ho ithuta ka Jehova re be re sebedise seo re ithutang sona hanghang. Ka tsela ena, re dumella Jehova hore a re bope a be a re kwetlise ho ya ka thato ya hae. (Esa. 64:8) Ka lebaka leo, Ntate wa rona ya lehodimong o tla nne a re sebedise mme re mo thabise ka botlalo.

18, 19. (a) Ke hobaneng ha Pauluse a ile a tloha Berea, le ha ho le jwalo, ke jwang a ileng a bontsha mamello eo le rona re lokelang ho ba le yona? (b) Ka mora moo Pauluse o ile a lokela ho pakela bomang, hona ba ne ba le hokae?

18 Pauluse ha a ka a dula nako e telele Berea. Bibele e re: “Ha Bajuda ba Thesalonika ba utlwa hore Pauluse o phatlalatsa lentswe la Modimo Berea, ba tla teng ho tla hlohlelletsa le ho ferekanya batho. Barutuwa ba isa Pauluse lewatleng hanghang empa Silase le Timothea ba sala moo. Batho ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene. Pauluse a re ba jwetse Silase le Timothea hore ba tle ho yena kapele yaba barutuwa bao ba a tsamaya.” (Dik. 17:​13-15) Dira tsena tsa ditaba tse molemo di ile tsa ba qophella, ha di a ka tsa kgotsofalla ho leleka Pauluse Thesalonika di ile tsa leba Berea mme tsa leka ho baka kgathatso e tshwanang le hona moo empa tsa hloleha. Pauluse o ne a tseba hore o na le tshimo e kgolo ke ka hoo a ileng a ikela sebakeng se seng ho ya bolela ditaba tse molemo. E se eka kajeno le rona re ka ikemisetsa ho nyopisa merero ya ba batlang ho thibela mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo.

19 Ha Pauluse a se a paketse Bajuda ba Thesalonika le ba Berea ka ho phethahetseng, ha ho pelaelo hore o ne a ithutile dintho tse ngata mabapi le bohlokwa ba ho paka ka sebete le ho beha mabaka ka Mangolo. Ho jwalo le ka rona. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a lokela ho bua le batho ba bang hape e leng Baditjhaba ba Athene. Ho ne ho tla etsahala eng ka yena motseng oo? Re tla bona kgaolong e latelang.

a Ho latela setsebi se seng, ka nako eo Cesare o ne a laetse hore ho se ke ha eba le motho ofe kapa ofe ya bolelang hore “ho tla tla morena kapa mmuso o motjha, haholoholo oo ho thweng o tla ketola kapa o ahlole moemphera ya busang.” Mohlomong dira tsa Pauluse di ile tsa sotha molaetsa wa hae tsa re o kgahlanong le taelo eo. Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Bo Sesare Bao Ditaba Tsa Buka ya Diketso di Etsahetseng Pusong ya Bona.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share