THUTO YA 100
Pauluse le Timothea
Timothea e ne e le mohlankana wa phuthehong ya Listra. Ntate wa hae e ne e le Mogerike, mme wa hae e le Mojuda. Mme wa hae Eunise le nkgono wa hae Loise ba ile ba mo ruta ka Jehova ho tloha a sa le monyenyane.
Ha Pauluse a kgutlela Listra, o ile a hlokomela hore Timothea o rata batho ebile o ikemiseditse ho ba thusa. Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tsamaye le yena. Ka mora nako, Pauluse o ile a thusa Timothea ho ba titjhere e hlwahlwa ya ditaba tse monate.
Moya o halalelang o ile wa thusa Pauluse le Timothea hohle moo ba neng ba ya teng. Bosiung bo bong, Pauluse o ile a bona monna e mong torong a mo jwetsa hore a ye Macedonia a yo ba thusa. Jwale Pauluse, Timothea, Silase le Luka ba ya Macedonia ba yo ruta batho ditaba tse monate le ho theha diphutheho.
Ha ba le Macedonia toropong ya Thesalonika, banna le basadi ba bangata e ile ya ba Bakreste. Empa Bajuda ba bang ba ile ba kwatela Pauluse le metswalle ya hae. Ba susumelletsa batho hore ba ba ise lekgotleng la motse, ba hweletsa ba re: ‘Banna bana ke dira tsa mmuso wa Roma!’ Pauluse le Timothea ba ile ba baleha Berea hobane batho ba ne ba batla ho ba bolaya.
Batho ba Berea ba ile ba thabela ho ithuta ditaba tse monate mme Bagerike le Bajuda ya eba barutuwa ba Jesu. Empa Bajuda ba bang ba tswang Thesalonika ba qala merusu yaba Pauluse o balehela Athene. Timothea le Silase ba ile ba sala Berea mme ba kgothatsa barutuwa ba bang. Ka mora nako e seng kae, Pauluse a romela Timothea hore a kgutlele Thesalonika a yo kgothatsa barutuwa ba hloriswang. Ha morao, Pauluse a romela Timothea ho tjhakela batho ba diphuthehong tse ding hore a ba kgothatse.
Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘Ba batlang ho sebeletsa Jehova ba tla hloriswa.’ Timothea le yena o ile a hloriswa a ba a kena teronkong ka lebaka la tumelo ya hae. Feela o ile a thabela monyetla wa ho bontsha hore o tshepahalla Jehova.
Pauluse a jwetsa Bafilipi a re: ‘Ke romela Timothea ho lona. O tla le ruta hore na morutuwa wa Jesu o lokela ho phela jwang le hore na le lokela ho bolela Lentswe la Modimo jwang.’ Pauluse o ne a tshepa Timothea. Ba ile ba sebetsa e le metswalle ka dilemo tse ngata.
“Ha ke na motho e mong ya tshwanang le yena ya ka le hlokomelang ka dintho tseo le di hlokang. Ba bang kaofela ba nahana ka dintho tse ka tswelang bona molemo feela eseng tseo Jesu Kreste a di batlang.”—Bafilipi 2:20, 21