LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 15 maq. 117-123
  • “A Matlafatsa Diphutheho”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “A Matlafatsa Diphutheho”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “A re Etele Barutuwa” (Diketso 15:36)
  • “Ba Ile ba Halefelana Haholo” (Diketso 15:​37-41)
  • “O ne a Buuwa Hantle” (Diketso 16:​1-3)
  • “Diphutheho Tsa Nna Tsa Matlafala Tumelong” (Diketso 16:​4, 5)
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Bara ba bo Rona ba Batjha, Etsisang Mareka le Timothea
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • “Ho Tlala Thabo le Moya o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Pauluse le Timothea
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 15 maq. 117-123

KGAOLO YA 15

“A Matlafatsa Diphutheho”

Basebeletsi ba tsamayang ba tiisa diphutheho tumelong

E Thehilwe ho Diketso 15:​36–16:5

1-3. (a) Pauluse o se a tsamaya le mang, mme mohlankana eo ke motho wa mofuta ofe? (b) Re tla ithutang kgaolong ee?

HA BA ntse ba tsamaya sebakeng se matsutlatsutla ba tloha motseng o mong ba ya ho o mong, moapostola Pauluse o sheba mohlankana ya tsamayang le yena a nahana ka bokamoso ba hae. Lebitso la hae ke Timothea. Ka ha Timothea ke motjha ya matjato, mohlomong o dilemo di ka bang 20. Moo ba yang teng ke hole haholo le habo. Ha letsatsi le ntse le phahama, ba ntse ba eba hole le Listra le Ikoniamo. Keng se larileng ka pele? Pauluse o a tseba, hobane o nka leeto lena ka lekgetlo la bobedi e le moromuwa. O a tseba hore ho tla hlaha mathata a mangata. Na mohlankana eo o tla kgona ho a mamella?

2 Pauluse o tshepa Timothea, mohlomong ho feta ka moo mohlankana enwa ya ikokobeditseng a itshepang ka teng. Se ileng sa etsahala nakong e fetileng se entse hore Pauluse a kgodisehe haholwanyane ho feta le ha e le neng pele hore ho hlokahala ho be le motho ya nepahetseng ya sebetsang le yena mosebetsing wa ho tsamaya. Pauluse o a tseba hore mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa wa ho etela diphutheho le ho di matlafatsa, o tla hloka hore basebeletsi ba tsamayang ba be sebete, mme ba be ntsweleng. Ke hobaneng ha Pauluse a ne a ka ikutlwa ka tsela ee? Lebaka le leng e ka ba qabang e bileng teng pejana e ileng ya etsa hore Pauluse le Barnabase ba arohane.

3 Kgaolong ena re tla ithuta haholwanyane ka tsela e molemohadi ya ho lokisa diqabang. Re tla boela re hlokomele hore na ke hobaneng ha Pauluse a ile a kgetha Timothea hore a tsamaye le yena, mme re utlwisise boikarabelo ba bohlokwa ba balebedi ba potoloho.

“A re Etele Barutuwa” (Diketso 15:36)

4. Morero wa Pauluse e ne e le ho etsang leetong la hae la bobedi e le moromuwa?

4 Kgaolong e etellang ena pele, re bone ka moo bara ba bo rona ba bane e leng Pauluse, Barnabase, Judase le Silase ba ileng ba matlafatsa phutheho ya Antioke ka teng ha ba e tsebisa qeto ya sehlopha se busang e mabapi le lebollo. Pauluse o ile a etsang ka mora moo? O ile a buisana le Barnabase ka ditokisetso tse ntjha tsa ho tsamaya, a re: “A re etele barutuwa ba metseng yohle eo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Jehova ho yona ho bona hore na ba ya jwang.” (Dik. 15:​36) Pauluse o ne a sa re ba tjhakele Bakreste bana ba sa tswa sokoloha. Buka ya Diketso e hlalosa morero o feletseng wa leeto la Pauluse la bobedi e le moromuwa. Wa pele ke hore o ne a tla tswela pele ho fetisa ditaelo tsa sehlopha se busang. (Dik. 16:4) Wa bobedi ke hore jwalo ka molebedi ya tsamayang, o ne a ikemiseditse ho matlafatsa diphutheho moyeng e le hore di tiye tumelong. (Bar. 1:​11, 12) Mokgatlo o hlophisitsweng wa kajeno wa Dipaki Tsa Jehova o latela mohlala wa baapostola jwang?

5. Sehlopha se Busang sa kajeno se sebedisa mekgwa efe ho tataisa diphutheho le ho di kgothatsa?

5 Kajeno Kreste o tsamaisa phutheho ya hae ka Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Ka mangolo, dingolwa tse hlahang Inthaneteng le tse hatisitsweng, diboka le metjha e meng ya puisano, banna bana ba tlotsitsweng ba tshepahalang ba tataisa le ho kgothatsa diphutheho tsohle lefatsheng ka bophara. Sehlopha se Busang se leka ho tseba se etsahalang phuthehong e nngwe le e nngwe. Se sebedisa balebedi ba tsamayang bakeng sa ho phetha morero ona. Sehlopha se Busang ke sona se kgethileng baholo ba tshwanelehang ba dikete lefatsheng ka bophara hore e be balebedi ba potoloho.

6, 7. Boikarabelo bo bong ba balebedi ba potoloho ke bofe?

6 Balebedi ba tsamayang ba kajeno ba amehile haholo ka ho hlokomela ditho tsohle tsa diphutheho tseo ba di etelang le ho di kgothatsa ka Bibele. Jwang? Ka ho latela mohlala o behilweng ke Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba kang Pauluse. O ile a eletsa molebedi mmoho le yena a re: “Ke o laela hore o bolele lentswe mme o etse jwalo ka tjheseho ha ho le monate le ha ho le thata. O kgalemele, o lemose hape o eletse. O etse dintho tseo ka mamello yohle le jwalo ka motho ya tsebang ho ruta hantle. . . . O etse mosebetsi wa moevangedi.”​—2 Tim. 4:​2, 5.

7 Tumellanong le mantswe ao, molebedi wa potoloho ha mmoho le mosadi wa hae haeba a nyetse o sebetsa le bahweletsi ba phutheho dikarolong tse sa tshwaneng tsa tshebeletso ya tshimo. Baboledi bao ba tsamayang ba tjhesehela tshebeletso ebile ke matitjhere a nang le tsebo e leng ditshobotsi tse kgothatsang mohlape. (Bar. 12:​11; 2 Tim. 2:​15) Balebedi ba potoloho ba tsebahala ka lerato le boitelo ba bona. Ba itella ba bang, ba tsamaya le ha boemo ba lehodimo bo le bobe esita le dibakeng tse kotsi. (Bafil. 2:​3, 4) Hape balebedi ba potoloho ba kgothatsa, ba ruta ebile ba eletsa phutheho ka nngwe ka dipuo tse thehilweng Bibeleng. Ditho tsohle tsa phutheho di rua molemo ka ho nahanisisa ka boitshwaro ba basebeletsi bana ba tsamayang le ka ho etsisa tumelo ya bona.​—Baheb. 13:7.

“Ba Ile ba Halefelana Haholo” (Diketso 15:​37-41)

8. Barnabase o ile a reng ha Pauluse a re ba tsamaye mmoho?

8 Barnabase o ile a dumela ha Pauluse a re ba “etele barutuwa.” (Dik. 15:​36) Ba ne ba ile ba etela diphutheho ha mmoho mme ba se ba tseba dibaka tseo ba di etelang le batho ba teng. (Dik. 13:2–14:​28) Ka hoo e ka nna yaba ho ne ho le molemo hore ba tsamaye ha mmoho kabelong ena. Empa ho ile ha hlaha bothata. Diketso 15:​37 e re: “Barnabase o ne a ikemiseditse ho tsamaya le Johanne ya bitswang Mareka.” Barnabase o ne a sa etse tlhahiso feela. O ne a “ikemiseditse” ho tsamaya le motswala wa hae Mareka leetong lena la boromuwa.

9. Ke hobaneng ha Pauluse a sa ka a dumellana le Barnabase?

9 Pauluse o ile a hana. Hobaneng? Bibele e re: “Empa Pauluse o ne a sa batle hore ba tsamaye le [Mareka] hobane ha ba le Pamfilia o ile a ba siya yaba ha a ye mosebetsing le bona.” (Dik. 15:​38) Mareka o ne a tsamaile le Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele e le baromuwa empa ha a ka a kgona ho tswela pele ka leeto le bona. (Dik. 12:​25; 13:​13) Qalong ya leeto, ha ba le Pamfilia, Mareka o ile a tlohela kabelo ya hae mme a kgutlela hae Jerusalema. Bibele ha e bolele hore na o ne a kgutlelang empa ho ka etsahala hore ebe moapostola Pauluse o ne a nka seo e le ho hloka boikarabelo. E ka nna yaba Pauluse o ne a ipotsa hore na ba ka tshepa Mareka.

10. Qabang ya Pauluse le Barnabase e ile ya fella ka eng?

10 Ho ntse ho le jwalo, Barnabase o ne a ikemiseditse hore ba tla tsamaya le Mareka ho bata kapa ho tjhesa. Pauluse le yena o ne a lomahantse meno hore ba ke ke ba tsamaya le yena. Diketso 15:​39 e re: “Ba ile ba halefelana haholo hoo ba ileng ba arohana.” Barnabase a ya sehlekehlekeng sa ha habo sa Saeprase a tsamaya le Mareka. Pauluse a tswela pele leetong la hae. Bibele e re: “Pauluse yena a kgetha Silase. Ka hoo, bana ba bo rona ba rapela Jehova hore a be mosa ho Pauluse. Ka mora moo a tsamaya.” (Dik. 15:​40) Ka bobedi ba ile ba tsamaya ba ‘feta le Siria le Silisia ba ntse ba matlafatsa diphutheho.’​—Dik. 15:41.

11. Ho hlokahala hore re be le makgabane afe e le hore re se ke ra qabanela ruri le batho ba re kgopisitseng?

11 Taba ena e ka nna ya re hopotsa ka moo re sa phethahalang ka teng. Pauluse le Barnabase ba ne ba kgethilwe e le baemedi ba kgethehileng ba sehlopha se busang. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse e ile ya eba setho sa sehlopha seo. Ho ntse ho le jwalo, ketsahalong ena, Pauluse le Barnabase ba ile ba laolwa ke ho se phethahale. Na ba ile ba dumella boemo boo bo ba qabanyetse ruri? Le hoja Pauluse le Barnabase e ne e le batho ba sa phethahalang, ba ne ba ikokobeditse ba bile ba ena le kelello ya Kreste. Ha ho na pelaelo hore ha nako e ntse e ya ba ile ba bontsha hore ke bara ba motho ba Bakreste, mme ba tshwarelana. (Baef. 4:​1-3) Ha morao, Pauluse le Mareka ba ile ba sebetsa ha mmoho dikabelong tse ding tsa puso ya Modimo.a​—Bakol. 4:10.

12. Balebedi ba kajeno ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase ka ho bonahatsa makgabane afe?

12 Hore ebe Barnabase le Pauluse ba ile ba halefelana haholo lekgetlong lena le le leng ha ho bolele hore e ne e le mokgwa wa bona. Barnabase o ne a ena le botumo ba hore ke motho ya lerato le ya fanang ka seatla se bulehileng, ke ka lebaka leo baapostola ba neng ba sa mo bitse ka lebitso la hae la Josefa, ho ena le hoo ba mo rehile Barnabase, e bolelang “Mora wa Matshediso.” (Dik. 4:​36) Pauluse le yena o ne a tsebahala e le motho ya lerato le ya bonolo. (1 Bathes. 2:​7, 8) Kajeno balebedi bohle ba Bakreste, ho akarelletsa le balebedi ba potoloho ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase mme ka mehla ba lwanele ho ikokobetsa le ho tshwara baholo ba bang ha mmoho le mohlape wohle ka lerato.​—1 Pet. 5:​2, 3.

“O ne a Buuwa Hantle” (Diketso 16:​1-3)

13, 14. (a) Timothea e ne e le mang, mme e ka nna yaba Pauluse o kopane le yena hokae? (b) Ke eng se ileng sa etsa hore Pauluse a kgahlwe ke Timothea? (c) Timothea o ile a fuwa kabelo efe?

13 Leetong la bobedi la Pauluse e le moromuwa o ile a ya profinseng ya Roma ya Galatia, moo ho neng ho thehilwe diphutheho tse mmalwa. Qetellong o ile “a ya Derbe, ha a tloha moo a fetela Listra.” Bibele e re: “Ho ne ho ena le morutuwa e mong moo ya bitswang Timothea. Mme wa hae e ne e le Mojuda ebile e le morutuwa, ntate wa hae yena e le Mogerike.”​—Dik. 16:1.b

14 Mohlomong Pauluse o ne a kopane le ba lelapa labo Timothea ha a eya sebakeng seo ka lekgetlo la pele hoo e ka bang ka 47 C.E. Ha a kgutlela sebakeng seo dilemong tse ka bang pedi kapa tse tharo ha morao, Pauluse o ile a kgahlwa ke Timothea. Hobaneng? Hobane Timothea o ne a “buuwa hantle ke barutuwa.” Hase bara ba bo rona ba motseng wa habo feela ba neng ba mo rata empa o ne a tumme hantle le diphuthehong tse ding. Bibele e re bara ba bo rona ba Listra le ba Ikoniamo, e leng dibaka tse bohole ba dikhilomithara tse ka bang 30, ba ne ba mo bua hantle. (Dik. 16:2) Ka tataiso ya moya o halalelang, baholo ba ile ba fa Timothea boikarabelo ba bohlokwa ba ho thusa Pauluse le Silase e le mosebeletsi ya tsamayang.​—Dik. 16:3.

15, 16. Ho tlile jwang hore Timothea a be le botumo bo botle hakaalo?

15 Ho tlile jwang hore Timothea a be le botumo bo botle hakaalo a sa le monyenyane? Na ke ka lebaka la bohlale ba hae, tsela eo a shebahalang ka yona kapa bokgoni ba hae? Hangata batho ba kgahlwa ke dintho tse jwalo. Le moprofeta Samuele o kile a susumetswa ke tsela eo motho e mong a neng a shebahala ka yona. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a re ho yena: “Modimo ha a shebe dintho ka tsela eo motho a di shebang ka yona. Motho o bona se bonwang ke mahlo feela empa Jehova o bona se ka pelong.” (1 Sam. 16:7) Timothea o ile a ba le botumo bo botle ho Bakreste ba habo ka lebaka la makgabane a hae eseng ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka yona.

16 Ka mora dilemo tse ngata moapostola Pauluse o ile a bua ka dintho tse ntle tseo Timothea a neng a tsebahala ka tsona. Pauluse o ile a bua ka boikutlo bo botle ba Timothea, lerato le boitelo ba hae le mafolofolo a hae dikabelong tsa puso ya Modimo. (Bafil. 2:​20-22) Timothea o ne a boetse a tumme ka hore o na le tumelo “e se nang boikaketsi.”​—2 Tim. 1:5.

17. Kajeno batjha ba ka etsisa Timothea jwang?

17 Kajeno batjha ba bangata ba etsisa Timothea ka ho leka ho ba le ditshobotsi tse kgahlisang Modimo. Ka lebaka leo ba iketsetsa botumo bo botle ho Jehova le batho ba hae ba sa le banyenyane. (Diprov. 22:1; 1 Tim. 4:​15) Ba bonahatsa tumelo e se nang boikaketsi, ha ba batle ho phela bophelo ba ho ikgakanya. (Pes. 26:4) Ka lebaka leo, batjha ba bangata ba ka etsisa Timothea ka ho phetha karolo ya bohlokwa ka phuthehong. Ruri ba kgothatsa batho bohle ba ratang Jehova ha e eba bahweletsi ba ditaba tse monate mme ka mora nako e itseng ba inehela ho Jehova mme ba kolobetswa.

“Diphutheho Tsa Nna Tsa Matlafala Tumelong” (Diketso 16:​4, 5)

18. (a) Ka ha Pauluse le Timothea e ne e le basebeletsi ba tsamayang, ba ile ba phetha mesebetsi efe e kgethehileng? (b) Diphutheho di ile tsa hlohonolofatswa jwang?

18 Pauluse le Timothea ba ile ba sebetsa ha mmoho ka dilemo tse ngata. Ka ha e ne e le basebeletsi ba tsamayang, ba ile ba rongwa ke sehlopha se busang hore ba phethe mesebetsi e fapaneng. Bibele e re: “Ha ba ntse ba ya le metse, ba ne ba bolella diphutheho hore na baapostola le baholo ba Jerusalema ba entse diqeto dife e le hore le bona ba ka etsa dintho tumellanong le diqeto tseo.” (Dik. 16:4) Ho hlakile hore diphutheho di ile tsa latela tataiso e tswang ho baapostola le baholo ba Jerusalema. Ka lebaka la boikokobetso bo jwalo, “diphutheho [di ile] tsa nna tsa matlafala tumelong mme tsa hola letsatsi le letsatsi.”​—Dik. 16:5.

19, 20. Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho ikokobelletsa “ba . . . etellang pele”?

19 Ka ho tshwanang, kajeno Dipaki Tsa Jehova di rua molemo ha di ikokobelletsa tataiso ya “ba . . . etellang pele” hara tsona. (Baheb. 13:​17) Ka ha boemo ba lefatshe lena bo a fetoha, ke habohlokwa hore Bakreste ba se ke ba fetwa ke dijo tsa moya tseo “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” a fanang ka tsona. (Mat. 24:​45; 1 Bakor. 7:​29-31) Ho etsa jwalo ho ka re thusa hore re se ke ra wa tumelong mme re ipoloke re se na letheba lefatsheng.​—Jak. 1:27.

20 Ke nnete hore balebedi ba Bakreste ba kajeno, ho akarelletsa le Sehlopha se Busang ha ba a phethahala jwalo ka ha Pauluse, Barnabase, Mareka le baholo ba bang ba batlotsuwa ba lekgolong la pele la dilemo le bona ba ne ba sa phethahala. (Bar. 5:​12; Jak. 3:2) Empa, ka ha Sehlopha se Busang se latela ka hloko Lentswe la Modimo mme se latela mohlala wa baapostola, se bontsha hore se a tshepahala. (2 Tim. 1:​13, 14) Ka lebaka leo, diphutheho di a matlafala mme di tiiswa tumelong.

TIMOTHEA O ILE A SEBETSA KA THATA “HO BOLELA DITABA TSE MONATE”

Moapostola Pauluse o ne a nka Timothea e le mothusi wa bohlokwa haholo. Ka mora hore banna bana ba babedi ba sebetse ha mmoho ka dilemo tse ka bang 11, Pauluse o ile a ngola tjena ka Timothea: “Ha ke na motho e mong ya tshwanang le yena ya ka le hlokomelang ka dintho tseo le di hlokang. . . . Le a tseba hore yena o bontshitse hore ha a jwalo. Jwalo ka ha ngwana a sebetsa le ntate wa hae, o ile a sebetsa le nna ka thata ho bolela ditaba tse monate dibakeng tse ngata.” (Bafil. 2:​20, 22) Timothea o ile a sebetsa ka thata hore a ntshetse pele mosebetsi wa boboledi, ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a mo rata haholo, mme o re behetse mohlala o motle.

Timothea.

Ho bonahala eka Timothea o holetse Listra mme ntate wa hae e ne e le Mogerike, mme wa hae e le Mojuda. Ho tloha boseeng, Timothea o ile a rutwa Mangolo ke mme wa hae Eunise le nkgono wa hae Loise. (Dik. 16:​1, 3; 2 Tim. 1:5; 3:​14, 15) Mohlomong bona le Timothea e ile ya eba Bakreste ha Pauluse a etetse motseng wa ha bo Timothea ka lekgetlo la pele.

Ha Pauluse a kgutla ka mora dilemo tse seng kae, mohlomong Timothea o ne a habile dilemo tse 20 kapa a sa tswa di feta, mme a se a ntse a “buuwa hantle ke barutuwa ba Listra le Ikoniamo.” (Dik. 16:2) Moya wa Modimo o ne o susumeditse “baprofeta” mabapi le mohlankana enwa, mme tumellanong le bona, Pauluse le baholo ba phutheho ya habo ba ile ba buella Timothea hore a etse tshebeletso e kgethehileng. (1 Tim. 1:​18; 4:​14; 2 Tim. 1:6) O ne a lokela ho tsamaya le Pauluse maetong a boromuwa. Timothea o ne a lokela ho siya lelapa labo, mme o ile a tlameha ho dumela hore a bolotswe e le hore Bajuda bao a neng a tla ba etela ba se ke ba belaela.​—Dik. 16:3.

Timothea o ile a tsamaya haholo. O ile a sebetsa le Pauluse le Silase ha a le Filipi, mme ha a le Berea teng a sebetsa le Silase, yaba o sebetsa a le mong ha a le Thesalonika. Ha Timothea a boela a kopana le Pauluse Korinthe, o ile a tlisa ditaba tse monate tse mabapi le lerato le botshepehi boo Bathesalonika ba ileng ba bo bontsha ho sa tsotellehe matshwenyeho. (Dik. 16:6–17:​14; 1 Bathes. 3:​2-6) Ha Pauluse a utlwa ditaba tse tshwenyang mabapi le Bakorinthe, o ne a le Efese mme a nahana ho romela Timothea Korinthe. (1 Bakor. 4:​17) Ha morao Pauluse o ile a romela Timothea le Erastase Macedonia ba tloha Efese. Empa ha Pauluse a ngolla Baroma, Timothea o ne a kgutletse ho yena Korinthe. (Dik. 19:​22; Bar. 16:​21) Maeto ana ke a mang ao Timothea a ileng a a nka ka lebaka la ditaba tse monate.

Kgothatso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea e bontsha hore o ne a batla a le leqe ho sebedisa matla ao a a fuweng. O ile a re ho yena: “O se ke wa dumella mang kapa mang ho o kgella fatshe hobane o le motjha.” (1 Tim. 4:​12) Empa Pauluse o ne a le sebete ho romela Timothea phuthehong e dikgathatso, a mo file ditaelo tsena: “Kgalemela ba bang moo hore ba se ke ba ruta dithuto disele.” (1 Tim. 1:3) Hape Pauluse o ile a fa Timothea matla a ho kgetha balebedi le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong.​—1 Tim. 5:22.

Makgabane a Timothea a ile a etsa hore Pauluse a mo rate haholo. Mangolo a bontsha hore mohlankana enwa o ne a sebetsa haufi le yena, a tshepahala mme Pauluse a mo nka e le mora wa hae. Pauluse o ile a ngola hore o hopola meokgo ya Timothea, o hlolohetswe ho mo bona, mme o a mo rapella. Ka ha Pauluse o ne a tshwana le ntate ya amehileng, o ile a boela a eletsa Timothea ‘hobane a kula hangata’ mohlomong o ne a ena le bothata ba mala.​—1 Tim. 5:​23; 2 Tim. 1:​3, 4.

Nakong eo Pauluse a neng a le teronkong Roma ka lekgetlo la pele, Timothea o ne a mo tsheheditse. Bonyane ka nako e itseng, Timothea le yena o ile a ba ditlamong tsa teronko. (Filem. 1; Baheb. 13:​23) Ho hlakile hore banna bana ba babedi ba ne ba utlwana haholo hobane ha Pauluse a lemoha hore o se a tla shwa, o ile a romeletsa ho Timothea a re: “Etsa sohle se matleng a hao hore o tle ho nna kapele.” (2 Tim. 4:​6-9) Mangolo ha a bontshe hore na Timothea o ile a fihla ka nako hore a boele a bone morupedi enwa wa hae.

MAREKA O FUWA BOIKARABELO BO EKETSEHILENG

Kosepele ya Mareka e re ba ileng ba tshwara Jesu ba ile ba boela ba leka ho tshwara le “mohlankana e mong” ya ileng a pholoha mme “a baleha a le feela.” (Mar. 14:​51, 52) Ka ha Mareka, ya boetseng a bitswang Johanne Mareka, ke yena feela ya tlalehang taba ena, ho ka etsahala hore ebe mohlankana eo ke yena Mareka. Haeba ho jwalo, bonyane Mareka o kile a ba le Jesu.

Mareka o mametse ka hloko ha motho e moholo a ntse a bua.

Ka mora dilemo tse ka bang 11, nakong eo Heroda Agripa a neng a hlorisa Bakreste, “ba bangata” ba tswang phuthehong ya Jerusalema ba ile ba bokana lapeng ha Maria, mme wa Mareka, e le hore ba rapele. Moapostola Petrose o ile a ya lelapeng lena ha a lokollwa teronkong ka mohlolo. (Dik. 12:​12) Ka lebaka lena, ho ka etsahala hore ebe Mareka o holetse ntlong eo ha morao e ileng ya sebediswa bakeng sa diboka tsa Bakreste. Ho bonahala hore o ne a tseba barutuwa ba Jesu ba pele hantle, mme ba ile ba mo behela mohlala o motle.

Mareka o ile a sebetsa ha mmoho le balebedi ba bangata ba diphutheho tsa pele tsa Bakreste. Kabelo ya hae ya pele e kgethehileng, ho ya ka moo re tsebang ka teng e bile ho sebetsa le motswala wa hae Barnabase le moapostola Pauluse kabelong ya bona ya Antioke ya Siria. (Dik. 12:​25) Ha Barnabase le Pauluse ba kena leetong la bona la pele e le baromuwa, Mareka o ile a tsamaya le bona, ba qala Saeprase ba ntano ya Asia Minor. Ha ba tloha moo, Mareka a kgutlela Jerusalema ka lebaka le sa bolelwang. (Dik. 13:​4, 13) Ka mora hore Barnabase le Pauluse ba qabane ka lebaka la Mareka, jwalo ka ha ho hlalositswe ho Diketso kgaolo ya 15, Mareka le Barnabase ba ile ba tswela pele ka tshebeletso ya bona ya boromuwa Saeprase.​—Dik. 15:​36-39.

E tlameha ebe ka 60 kapa 61 C.E., ba ne ba lebetse ho hang ka qabang eo ha Mareka a se a boetse a sebetsa le Pauluse, kgetlong lena ba le Roma. Pauluse, eo e neng e le motshwaruwa motseng oo, o ile a ngolla phutheho ya Kolose lengolo a re: “Aristakase ya tshwerweng le nna o a le dumedisa, le Mareka motswala wa Barnabase o a le dumedisa (Mareka ke yena eo ke ileng ka le laela hore le mo amohele ha a ka tla ho lona).” (Bakol. 4:​10) Ka hoo Pauluse o ne a nahana ho romela Johanne Mareka e le moemedi wa hae Kolose a tloha Roma.

Nengneng pakeng tsa 62 le 64 C.E., Mareka o ile a sebetsa le moapostola Petrose Babilona. Jwalo ka ha ho boletswe Kgaolong ya 10 bukeng ena, ba ile ba atamelana haholo, hobane Petrose o ile a re mohlankana enwa ke “Mareka mora wa ka.”​—1 Pet. 5:13.

Qetellong, hoo e ka bang ka 65 C.E., ha moapostola Pauluse a le teronkong ka lekgetlo la bobedi Roma, o ile a ngolla mosebetsimmoho le yena Timothea, ya neng a le Efese a re: “O tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing wa Modimo.” (2 Tim. 4:​11) Ha ho pelaelo hore Mareka o ile a amohela memo eo hanghang mme a tloha Efese a kgutlela Roma. Ha se feela Barnabase, Pauluse le Petrose ba neng ba mo rata hakana!

Tokelo ya Mareka e fetang tsohle ke ha Jehova a mo susumetsa hore a ngole Kosepele. Ho latela neano, boholo ba ditaba tseo Mareka a di ngotseng o di fumane ho moapostola Petrose. Ho bonahala hore bopaki bo tshehetsa taba ena, hobane seo Mareka a se ngotseng se kenyelleditse ditaba tse ka tsejwang ke batho ba di boneng ka mahlo, ba kang Petrose. Le ha ho le jwalo, ho bonahala eka Mareka o ngotse Kosepele ya hae a le Roma, eseng Babilona ha a ena le Petrose. Mareka o sebedisa dipolelo tse ngata tsa Selatine mme o fetolela mantswe a Seheberu ao ho neng ho tla ba thata hore batho bao e seng Bajuda ba a utlwisise, ka hona ho bonahala eka o ne a hlile a ngolla Baditjhaba.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Mareka o Fuwa Boikarabelo bo Eketsehileng”.

b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Timothea o ile a Sebetsa ka Thata ‘ho Bolela Ditaba Tse Monate’”.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share