KGAOLO YA 12
“Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
Pauluse le Barnabase ba bontsha hore ba ikokobeditse, ba a mamella ebile ba sebete
E Thehilwe ho Diketso 14:1-28
1, 2. Ho etsahalang ha Pauluse le Barnabase ba le Listra?
HO TLETSE pherekano Listra. Monna ya tswetsweng a holofetse o tlolela hodimo ka thabo ka mora hore batho ba babedi bao a sa ba tsebeng ba mo phekole. Batho ba hlolletswe, mme moprista e mong o tlisetsa banna bana ba babedi meqhaka. Bongata bo dumela hore ke medimo. Dipoho di a kurutla ebile di a kgonya ha moprista eo wa Zeuse a lokisetsa ho di hlaba. Pauluse le Barnabase ba hana ho etsetswa dintho tsena. Ba hahola diaparo tsa bona, ba tlolela hara bongata, ba kopa hore ba se ke ba rapelwa, mme ba tlameha ho sebetsa ka thata ho kgodisa bongata hore bo se ke ba ba rapela.
2 Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke ya Pisidia le Ikoniamo, ba hanyetsang Bakreste. Ka mashano ba kenya batho ba Listra moya o mobe. Bongata bo neng bo batla ho rapela Pauluse jwale bo se bo mo bokanela mme bo mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a akgeha. Ha bo se bo kgotsofetse, bo mo hulela ka ntle ho motse, bo nahana hore o shwele.
3. Re tla hlahloba dipotso dife kgaolong ee?
3 Pherekano ee e bakilwe keng? Kajeno baboledi ba ditaba tse monate ba ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Barnabase, Pauluse le baahi ba Listra ba kgeloswang jwalo ka metsi a foro? Ke jwang baholo ba Bakreste ba ka latelang mohlala wa Barnabase le Pauluse, e leng banna ba tshepahalang ba ileng ba mamella tshebeletsong ya bona, mme “ba bua ka sebete hobane Jehova a ba file matla”?—Dik. 14:3.
‘Batho ba Bangata . . . e Ile ya Eba Barutuwa’ (Diketso 14:1-7)
4, 5. Ke hobaneng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba ya Ikoniamo, mme ho ile ha etsahalang moo?
4 Matsatsi a seng makae pejana, Pauluse le Barnabase ba ile ba lelekwa motseng wa Roma wa Antioke ya Pisidia ka mora hore Bajuda ba ba hanyetsang ba tsose moferefere. Le ha ho le jwalo, ho ena le hore ba nyahamiswe ke baahi ba se nang thahasello ba motse oo, banna bana ba babedi ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona.” (Dik. 13:50-52; Mat. 10:14) Pauluse le Barnabase ba ile ba itsamaela ka kgotso mme ba tlohela bahanyetsi bao matsohong a Modimo. (Dik. 18:5, 6; 20:26) Baromuwa bana ba babedi ba ile ba tswela pele ho bolela ditaba tse monate ba thabile. Ba ile ba tsamaya leeto la dikhilomithara tse ka bang 150 ba lebile leboyabotjhabela, mme ba fihla sehlabeng se nonneng se dipakeng tsa dithaba tsa Taurus le Sultan.
5 Qalong, Pauluse le Barnabase ba ile ba emisa Ikoniamo, moo batho ba neng ba tshwareletse setsong sa Bagerike, e leng o mong wa metse ya bohlokwa ka ho fetisisa profinseng ya Roma ya Galatia.a Bajuda ba hlaheletseng le basokolohi ba bangata bao e seng Bajuda ba ne ba dula motseng ona. Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa seo ba neng ba tlwaetse ho se etsa, yaba ba kena ka tlung ya thapelo mme ba qala ho bolela ditaba tse monate. (Dik. 13:5, 14) Ba ile ba “ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ya eba barutuwa.”—Dik. 14:1.
6. Ke hobaneng ha Pauluse le Barnabase e ne e le mesuwe e atlehang, mme re ka ba etsisa jwang?
6 Ke hobaneng ha mokgwa oo Pauluse le Barnabase ba ileng ba bua ka wona o ile wa atleha? Pauluse o ne a tseba Mangolo haholo. O ne a kgona ho qotsa ditaba tsa histori, tsa boprofeta le tsa Molao wa Moshe e le hore a tiise hore Jesu ke Mesia ya tshepisitsweng. (Dik. 13:15-31; 26:22, 23) Barnabase o ne a bua ka tsela e bontshang hore o tsotella batho. (Dik. 4:36, 37; 9:27; 11:23, 24) Ha ho le ya mong ho bona ya neng a tshepile tsebo ya hae empa ba ne ba bua “ka sebete hobane Jehova a ba file matla.” O ka etsisa baromuwa bao jwang mosebetsing wa ho bolela ditaba tse monate? Ka ho etsa dintho tse latelang: Tseba Lentswe la Modimo hantle. Kgetha Mangolo a ka ipiletsang haholo ho batho ba o mametseng. Tshedisa batho bao o ba bolellang ditaba tse monate ka ho ba thusa moo ba hlokang thuso teng. Ka mehla o thehe seo o se rutang Lentsweng la Jehova, eseng bohlaleng ba hao.
7. (a) Ditaba tse monate di ba le diphello dife? (b) Haeba ditho tsa lelapa di o hanyetsa ka lebaka la ho mamela ditaba tse monate, keng seo o lokelang ho se hopola?
7 Le ha ho le jwalo, hase batho bohle ba Ikoniamo ba neng ba thabela ho utlwa ditaba tsa Pauluse le Barnabase. Ha Luka a tswela pele o re: “Bajuda ba sa dumelang ba hlohlelletsa batho ba ditjhaba hore ba hloye Pauluse le Barnabase.” Pauluse le Barnabase ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala hore ba dule mme ba sireletse ditaba tse monate, mme ba ile ba “qeta nako e telele ba bua ka sebete.” Ka lebaka leo, “batho ba motse ba ile ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang ba dumellana le Pauluse le Barnabase.” (Dik. 14:2-4) Kajeno batho ba etsa se tshwanang ha ba utlwa ditaba tse monate. Ditaba tsena di kopanya ba bang mme di arola ba bang. (Mat. 10:34-36) Haeba ditho tsa lelapa di o hanyetsa ka lebaka la ho mamela ditaba tse monate, hopola hore hangata kganyetso e bakwa ke ditaba tsa bo bare kapa diketselletso. Boitshwaro ba hao bo botle bo ka shanofatsa taba eo ya bo bare mme ba qetella bo fetotse dipelo tsa ba o hanyetsang.—1 Pet. 2:12; 3:1, 2.
8. Ke hobaneng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba tloha Ikoniamo, mme re ithutang mohlaleng wa bona?
8 Ka mora nako e itseng, batho ba Ikoniamo ba neng ba hanyetsa ba ile ba loha mano a ho tlepetsa Pauluse le Barnabase ka majwe. Ha baromuwa bana ba babedi ba bolellwa sena ba ile ba etsa qeto ya ho bolela ditaba tse monate sebakeng se seng. (Dik. 14:5-7) Kajeno baboledi ba Mmuso ba etsa se tshwanang. Ha batho ba re hlaba ka mantswe, re bua ka sebete. (Bafil. 1:7; 1 Pet. 3:13-15) Empa ha ho bonahala hore ba tla re hlasela ka mabifi, re qoba ho beha bophelo ba rona kapa ba barapedimmoho le rona kotsing ho sa hlokahale.—Diprov. 22:3.
“Le Tle ho Modimo ya Phelang” (Diketso 14:8-19)
9, 10. Listra e ne e le hokae, mme keng seo re se tsebang ka baahi ba yona?
9 Pauluse le Barnabase ba ile ba ya Listra, e leng kolone ya Roma e bohole ba dikhilomithara tse 30 ka borwabophirimela ho Ikoniamo. Listra e ile ya boloka maqhama a matla le Antioke ya Pisidia empa, ho fapana le yona, e ne e se na Bajuda ba hlaheletseng. Le hoja ho ka etsahala hore ebe baahi ba moo ba ne ba bua Segerike, puo ya bona e ne e le Selikaonia. Pauluse le Barnabase ba ile ba qala ho bolela ditaba tse monate dibakeng tsa setjhaba hobane mohlomong motse oo o ne o se na ntlo ya thapelo. Ha Petrose a le Jerusalema o ne a ile a fodisa monna ya tswetsweng a holofetse. Pauluse yena o ile a fodisa monna e mong Listra ya neng a tswetswe a holofetse. (Dik. 14:8-10) Ka lebaka la mohlolo oo Petrose a neng a o entse, batho ba bangata e ile ya eba badumedi. (Dik. 3:1-10) Mohlolo oo Pauluse a ileng a o etsa o ile wa ba le diphello tse fapaneng haholo le tseo.
10 Jwalo ka ha ho hlalositswe qalong ya kgaolo ena, ha monna ya holofetseng a tlolela hodimo mme a qala ho tsamaya, letshwele la batho ba Listra ba rapelang medimo ya bohetene le ile la etsa qeto e fosahetseng. Le ile la re Barnabase ke Zeuse, e leng modimo o ka sehloohong, mme la re Pauluse ke Hermese, mora wa Zeuse le mmuelli wa medimo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Listra le Borapedi ba Zeuse le Hermese.”) Le ha ho le jwalo, Barnabase le Pauluse ba ne ba ikemiseditse ho hlakisetsa letshwele hore ba bua le ho etsa dintho ka matla a Jehova, Modimo a le mong feela wa nnete, eseng ka matla a medimo ya bohetene.—Dik. 14:11-14.
‘Le tlohele dintho tsena tse se nang thuso le tle ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo le lefatshe.’—Diketso 14:15
11-13. (a) Pauluse le Barnabase ba ile ba reng ho baahi ba Listra? (b) Re ka ithutang dipolelong tsa Pauluse le Barnabase?
11 Ho sa tsotellehe pherekano eo, Pauluse le Barnabase ba ile ba nna ba leka ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho finyella dipelo tsa batho ba neng ba ba mametse. Ho tloha ha sena se etsahala, Luka o ile a bolela tsela e atlehang ya ho bolella bahetene ditaba tse monate. Hlokomela hore na Pauluse le Barnabase ba ile ba finyella dipelo tsa batho ba neng ba ba mametse jwang. Ba ile ba re: “Ke hobaneng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tshwanang le ya lona. Re le bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo e le hore le tlohele dintho tsena tse se nang thuso le tle ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona. Nakong e fetileng o ile a dumella ditjhaba tsohle ho etsa dintho tseo di di batlang. Empa o ile a ipaka hore na ke Modimo ya jwang ka ho etsa dintho tse ntle, a le fa dipula le tjhai ka nako ya tsona, a le fa dijo hore le je ho fihlela le kgotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”—Dik. 14:15-17.
12 Re ka ithutang mantsweng aa a susumetsang motho ho nahana ka ho teba? Taba ya pele, Pauluse le Barnabase ba ne ba sa nke hore ba phahametse batho ba ba mametseng. Ha ba a ka ba iketsa seo ba seng sona. Ho ena le hoo, ka boikokobetso ba ile ba dumela hore ba na le mefokolo e tshwanang le ya bahetene ba neng ba ba mametse. Ke nnete hore Pauluse le Barnabase ba ne ba fumane moya o halalelang mme ba lokolotswe dithutong tsa bohata. Ba ne ba boetse ba hlohonolofaditswe ka tshepo ya ho busa le Kreste. Empa ba ile ba hlokomela hore baahi ba Listra ba ne ba ka amohela dimpho tseo ka hore ba mamele Kreste.
13 Re ikutlwa jwang ka batho bao re ba pakelang? Na re ba nka e le batho ba tshwanang le rona? Ha re thusa ba bang ho ithuta dinnete tsa Lentswe la Modimo, na re etsisa Pauluse le Barnabase ka ho qoba ho ipatlela thoriso? Charles Taze Russell, mosuwe ya ikgethang ya ileng a etella pele mosebetsing wa ho bolela ditaba tse monate ho elella qetellong ya lekgolo la bo19 la dilemo le qalong ya lekgolo la bo20 la dilemo, o ile a beha mohlala tabeng ena. O itse: “Ha re batle tlotla, tlhompho, bakeng sa rona kapa dingolwa tsa rona; kapa le ha e le hona ho bitswa Moruti kapa Rabi.” Boikokobetso ba Morabo rona Russell bo ne bo tshwana le ba Pauluse le Barnabase. Ka ho tshwanang, morero wa rona wa ho bolela ditaba tse monate ha se ho ipatlela thoriso empa ke ho thusa batho ho tla ho “Modimo ya phelang.”
14-16. Ke ntho efe ya bobedi le ya boraro eo re ka ithutang yona ho seo Pauluse le Barnabase ba ileng ba se bolella baahi ba Listra?
14 Hlokomela ntho ya bobedi eo re ka ithutang yona tabeng ena. Pauluse le Barnabase ba ne ba ikamahanya le maemo. Ho fapana le Bajuda le basokolohi ba Ikoniamo, baahi ba Listra ba ne ba se na tsebo e kaalo ya Mangolo kapa ya ditshebedisano tsa Modimo le setjhaba sa Iseraele kapa ba se na yona ho hang. Le ha ho le jwalo, ba mametseng Pauluse le Barnabase e ne e le balemi. Boemo ba lehodimo ba Listra bo ne bo itekanetse mme masimo a teng a nonne. Batho bao ba ne ba ka bona bopaki bo bongata ba makgabane a Mmopi a ka bonwang dinthong tse kang dinako tsa selemo tseo ho tsona ho bang le tjhai, mme baromuwa bana ba ile ba sebedisa dintho tsena e le hore ba ba susumelletse ho nahana.—Bar. 1:19, 20.
15 Na le rona re ka ikamahanya le maemo jwalo ka bona? Le hoja molemi a ka jala peo ya mofuta o le mong masimong a hae a mmalwa, o lokela ho sebedisa mekgwa e sa tshwaneng ya ho lokisa mobu. E ka nna yaba mobu o mong o se o ntse o le bonolo mme o loketse peo. Mobu o mong o ka nna wa hloka hore o lokiswe ka ho eketsehileng. Ka ho tshwanang, re lema peo e tshwanang ka dinako tsohle—e leng molaetsa wa Mmuso o fumanwang Lentsweng la Modimo. Le ha ho le jwalo, haeba re tshwana le Pauluse le Barnabase, re tla leka ho lemoha maemo le bodumedi ba batho bao re ba pakelang. Jwale re tla etsa hore tsebo ena e susumetse tsela eo re bolelang molaetsa wa Mmuso ka yona.—Luka 8:11, 15.
16 Ho na le ntho ya boraro eo re ka ithutang yona tlalehong e amanang le Pauluse, Barnabase, le baahi ba Listra. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, ka dinako tse ding peo eo re e jalang e a tloswa kapa e wela mobung o majwe. (Mat. 13:18-21) Haeba seo se etsahala, o se ke wa nyahama. Jwalo ka ha Pauluse a ile a hopotsa barutuwa ba Roma ha morao, “e mong le e mong wa rona [ho akarelletsa le motho e mong le e mong eo re buisanang le yena ka Lentswe la Modimo] o tla ikarabella ho Modimo.”—Bar. 14:12.
‘Ba ba Siya Matsohong a Jehova’ (Diketso 14:20-28)
17. Ka mora hore Pauluse le Barnabase ba tlohe Derbe, ba ile ba ya hokae, hona hobaneng?
17 Ka mora hore Balikaonia ba hulele Pauluse ka ntle ho Listra mme ba mo siye moo ba nahana hore o shwele, barutuwa ba ile ba mo bokanela yaba o a tsoha mme o robaletsa motseng. Letsatsing le latelang, Pauluse le Barnabase ba ile ba kena leetong la bona la dikhilomithara tse 100 ho ya Derbe. Re ka inahanela feela hore na e bile leeto le boima hakaakang ho Pauluse, ka ha o ne a ile a tlepetswa ka majwe dihora tse seng kae pejana. Ho ntse ho le jwalo, yena le Barnabase ba ile ba mamella mme ha ba fihla Derbe ba “thusa batho ba bangata hore e be barutuwa.” Jwale, ho ena le ho kgaoletsa ha ba kgutlela kabelong ya bona Antioke ya Siria, “ba kgutlela Listra, Ikoniamo le Antioke [ya Pisidia].” Ka sepheo sefe? E le ho matlafatsa “barutuwa, ba ba kgothaletsa ho dula ba tiile tumelong.” (Dik. 14:20-22) Banna bao ba babedi ba ile ba beha mohlala o motle hakaakang! Ba ile ba itella phutheho. Balebedi ba potoloho le baromuwa ba mehleng ena ba entse se tshwanang.
18. Baholo ba kgethwa jwang?
18 Ho phaella ho matlafatseng barutuwa ka mantswe a bona le mohlala, Pauluse le Barnabase ba ile ba kgetha “baholo diphuthehong tsohle.” Le hoja Pauluse le Barnabase ba ne ba ‘rometswe ke moya o halalelang’ leetong lena la boromuwa, ba ile ba nna ba rapela le ho itima dijo ha “ba siya baholo bao matsohong a Jehova.” (Dik. 13:1-4; 14:23) Ho etswa se tshwanang kajeno. Pele ho buellwa hore morabo rona a kgethwe, sehlopha sa baholo ba phutheho se a rapela ebe se hlahloba hore na o a tshwaneleha ho latela Mangolo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9; Jak. 3:17, 18; 1 Pet. 5:2, 3) Ha a kgethwe ho latela nako eo a e qetileng e le Mokreste. Ho ena le hoo, dipuo tsa morabo rona, boitshwaro le botumo di bontsha hore na moya o halalelang o sebetsa hakae bophelong ba hae. Ha a etsa dintho tseo Mangolo a reng balebedi ba lokela ho di etsa, seo se tla etsa hore a tshwanelehe ho ba modisa wa mohlape. (Bagal. 5:22, 23) Molebedi ba potoloho ke yena ya nang le boikarabelo ba ho kgetha baholo.—Bapisa le 1 Timothea 5:22.
19. Baholo ba a tseba hore ba na le boikarabelo bofe, mme ba etsisa Pauluse le Barnabase jwang?
19 Baholo ba a tseba hore ba ikarabella ho Modimo bakeng sa tsela eo ba tshwarang phutheho ka yona. (Baheb. 13:17) Jwalo ka Pauluse le Barnabase, baholo ba etella pele mosebetsing wa ho bolela ditaba tse monate. Ba matlafatsa barutuwammoho le bona ka mantswe. Ba ikemiseditse ho itella phutheho.—Bafil. 2:3, 4.
20. Re rua molemo jwang ha re bala ditlaleho tse mabapi le mosebetsi oo bara ba bo rona ba o etsang ka botshepehi?
20 Ha Pauluse le Barnabase ba qetella ba kgutletse kabelong ya bona ya boromuwa Antioke ya Siria, ba ile ba tlaleha “dintho tse ngata tseo Modimo a neng a ba sebedisitse ho di etsa le hore Modimo o buletse batho ba ditjhaba monyako e le hore le bona ba ka dumela.” (Dik. 14:27) Ha re bala ka mosebetsi oo bara ba bo rona ba Bakreste ba o etsang ka botshepehi mme re bona ka moo Jehova a ba hlohonolofatsang ka teng mosebetsing wa bona, re tla kgothalla ho tswela pele ho ‘bua ka sebete hobane Jehova a re file matla.’
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ikoniamo—Motse wa Bafrigia.”