LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 11 maq. 85-92
  • “Ho Tlala Thabo le Moya o Halalelang”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Ho Tlala Thabo le Moya o Halalelang”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ‘Nkgetheleng . . . ba ka Etsang Mosebetsi’ (Diketso 13:​1-12)
  • ‘Mantswe a Kgothatsang’ (Diketso 13:​13-43)
  • “Re Tla Phatlalatsa Ditaba Tsena ho Batho ba Ditjhaba” (Diketso 13:​44-52)
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Barnabase le Pauluse ba Etsa Barutuwa Dibakeng Tse Hole
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “A Matlafatsa Diphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 11 maq. 85-92

KGAOLO YA 11

“Ba Tlala Moya o Halalelang le . . . Thabo”

Seo Pauluse a ileng a se etsa ha a kopana le batho ba tletseng bora, ba sa amoheleng molaetsa wa hae

E Thehilwe ho Diketso 13:​1-52

1, 2. Ke eng e ikgethang ka leeto leo Barnabase le Saule ba itokisetsang lona, mme mosebetsi wa bona o tla thusa jwang hore Diketso 1:8 e phethahale?

KE THABO feela letsatsing lena phuthehong ya Antioke. Moya o halalelang o kgethile Barnabase le Saule hara baprofeta ba bangata le matitjhere hore ba ise ditaba tse monate dibakeng tse hole.a (Dik. 13:​1, 2) Ke nnete hore ho nnile ha sebediswa banna ba tshwanelehang. Le ha ho le jwalo, nakong e fetileng baromuwa ba ne ba ya dibakeng tseo Bokreste bo seng bo ntse bo amohetswe. (Dik. 8:​14; 11:​22) Lekgetlong lena, Barnabase le Saule​—ha mmoho le Johanne Mareka, eo e neng e tla ba mohlanka​—ba tla romelwa dinaheng tseo ho tsona batho ba bangata ba eso utlwe ditaba tse monate.

2 Dilemo tse ka bang 14 pele ho mona, Jesu o ile a re ho balatedi ba hae: “Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) Ho kgethwa ha Barnabase le Saule hore e be baromuwa ho tla thusa hore boprofeta bona ba Jesu bo phethahale!b

‘Nkgetheleng . . . ba ka Etsang Mosebetsi’ (Diketso 13:​1-12)

3. Ke hobaneng ha maeto a malelele a ne a le boima lekgolong la pele la dilemo?

3 Kajeno, dikoloi le difofane di thusa batho ho ya dibakeng tse hole ka hora e le nngwe kapa tse pedi feela. Ho ne ho se jwalo lekgolong la pele la dilemo C.E. Nakong eo, haholoholo batho ba ne ba tsamaya ka maoto, hangata ba tsamaya ditseleng tse mpe. Leeto la letsatsi lohle, mohlomong la dikhilomithara tse 30 feela, le ne le le boima!c Ka hoo, ha ho pelaelo hore le hoja Barnabase le Saule ba ne ba labalabela ho qala mosebetsi wa bona, ka sebele ba ne ba hlokomela hore ho tla hlokahala ba ikitlaetse ba be ba itele haholo.​—Mat. 16:24.

HO TSAMAYA KA MAOTO

Mehleng ya boholoholo, ho tsamaya ka maoto ho ne ho nka nako e telele, ho kgathatsa mme mohlomong ho bile ho tura ho feta ho tsamaya ka sekepe. Le ha ho le jwalo, ho na le dibaka tse ngata tseo motho a neng a ke ke a fihla ho tsona ntle le ha a tsamaya ka maoto.

Motho o ne a ka tsamaya dikhilomithara tse 30 ka letsatsi, a otlwa ke letsatsi, pula, motjheso le serame​—mme a be kotsing ya ho kgaoletswa ke mashodu. Moapostola Pauluse o ile a re o ne a le ‘maetong hangata, a tobana le dikotsi dinokeng, dikotsi tsa mashodu.’​—2 Bakor. 11:26.

Mmusong wa Roma ho ne ho ena le ditsela tse ngata tse katilweng. Ditseleng tse kgolo, batsamai ba ne ba fumana matlo a baeti ao ho ka nkang letsatsi ho tloha ho e nngwe ho ya ho e nngwe. Pele motho a fihla matlong ana a baeti o ne a feta matlong ao a ka fapohelang ho wona ho reka dintho tseo a di hlokang. Bangodi ba bang ba mehleng eo ba re matlo a baeti le ao ho fapohelwang ho wona a ne a le ditshila, a phethesela, a tjhesa a bile a tletse matsetse. E ne e le dibaka tse hlabisang dihlong, tse ratwang ke dikweta. Beng ba matlo a baeti hangata ba ne ba utswetsa batsamai mme ba bile ba hweba ka matekatse.

Ha ho pelaelo hore Bakreste ba ne ba qoba dibaka tse jwalo ka hohle ka moo ba ka kgonang. Le ha ho le jwalo, haeba ba etela dinaheng tseo ba se nang beng ka bona kapa metswalle, mohlomong ba ne ba tlameha ho ya dibakeng tse jwalo.

4. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa hore Barnabase le Saule ba kgethwe, hona badumedimmoho ba ile ba itshwara jwang ha ba kgethwa? (b) Re ka tshehetsa ba fuwang mesebetsi e itseng jwang ka hara phutheho?

4 Empa ke hobaneng ha ka ho kgetheha moya o halalelang o ile wa laela hore Barnabase le Saule ba kgethwe ho “etsa mosebetsi”? (Dik. 13:2) Bibele ha e bolele lebaka la seo. Seo re se tsebang ke hore moya o halalelang o ile wa laela hore banna bana ba kgethwe. Ha ho se bontshang hore baprofeta ba Antioke le mesuwe ya teng ba ile ba hanyetsa qeto ena. Ho ena le hoo, ba ile ba tshehetsa kgetho ena ka ho felletseng. A ko inahanele ka moo e tlamehang ebe Barnabase le Saule ba ile ba ikutlwa ka teng ha bara babo bona ba Bakreste, ba sa ba honohele, ho ena le hoo, ba “itima dijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho yaba ba a ba tlohela hore ba tsamaye.” (Dik. 13:3) Le rona re lokela ho tshehetsa ba fuwang mesebetsi e itseng ka phuthehong ya Bakreste, ho akarelletsa banna ba kgethetsweng hore e be balebedi ba phutheho. Ho ena le ho ba shwela mona, re lokela ho ‘ba nahanela le ho ba rata haholo ka lebaka la mosebetsi wa bona.’​—1 Bathes. 5:13.

5. Hlalosa hore na ho paka sehlekehlekeng sa Saeprase ho ne ho akarelletsa eng.

5 Ka mora hore Barnabase le Saule ba ye Seleusia ka maoto, e leng boemakepe bo haufi le Antioke, ba ile ba palama sekepe se lebang sehlekehlekeng sa Saeprase bohole ba dikhilomithara tse ka bang 200.d Ka ha Barnabase o ne a tswaletswe Saeprase, mohlomong o ne a thahasella ho tlisetsa batho ba habo ditaba tse monate. Ha banna bana ba fihla Salamise, e leng motse o lebopong le ka botjhabela ho sehlekehleke sena, e ile yaba ha ba sa senya nako. Hanghang “ba phatlalatsa lentswe la Modimo ka matlung a Bajuda a thapelo.”e (Dik. 13:5)) Barnabase le Saule ba ile ba hahlaula Saeprase yohle, mohlomong ba paka metseng ya bohlokwa eo ba neng ba feta ho yona. Ho itshetlehile ka tsela eo ba neng ba tsamaya ka yona, ho ka etsahala hore baromuwa bana ba ile ba tsamaya dikhilomithara tse ka bang 160!

MATLONG A BAJUDA A THAPELO

Sebaka seo Bajuda ba neng ba kopana ho sona se ne se bitswa synagoge. Ho dumelwa hore disynagoge di qadile ha Bajuda ba le botlamuweng Babilona ka dilemo tse 70 kapa kapele ka mora moo. Disynagoge e ne e le dibaka tseo ho tsona batho ba rutwang, ba rapelang, ba balang Mangolo mme ba kgothatswang moyeng. Lekgolong la pele la dilemo C.E., motse o mong le o mong Palestina o ne o ena le synagoge. Metse e meholo e ne e ena le tse fetang e le nngwe, mme Jerusalema e ne e ena le tse ngata.

Le ha ho le jwalo, ka mora hore Bajuda ba kgutle botlamuweng Babilona, ha se bohle ba ileng ba kgutlela Palestina. Ba bangata ba ile ba ya dinaheng tse ding ka mabaka a kgwebo. Hoo e ka bang lekgolong la bohlano la dilemo B.C.E., Bajuda ba ne ba dula diprofinseng tse 127 tsa Mmuso wa Persia. (Esth. 1:1; 3:8) Ha morao, Bajuda ba ile ba dula metseng ya Mediterranean. Bajuda bana ba hasaneng ba ile ba haha disynagoge hohle moo ba dulang teng.

Disynagogeng tsena ho ne ho balwa Molao o bile o hlaloswa ka Sabatha e nngwe le e nngwe. Ba balang ba ne ba balla sethaleng se phahameng se potapotilweng ke ditulo ka mahlakoreng a mararo. Monna e mong le e mong wa Mojuda ya inehetseng o ne a ka bala, a ruta a ba a kgothatsa.

6, 7. (a) Sergiase Pauluse e ne e le mang, mme ke hobaneng ha Bare-Jesu a ile a leka ho mo thibela ho mamela ditaba tse monate? (b) Saule o ile a etsang ho thibela kganyetso ya Bare-Jesu?

6 Saeprase ya lekgolong la pele la dilemo e ne e tletse borapedi ba bohata. Sena se ile sa totobala le ho feta ha Barnabase le Saule ba fihla motseng wa Pafose o lebopong le ka bophirimela sehlekehlekeng sena. Ha ba fihla moo, ba ile ba kopana le “monna wa Mojuda ya bitswang Bare-Jesu. Monna eo e ne e le moloi ebile e le moprofeta wa bohata. O ne a sebeletsa mmusi wa setereke ya bohlale ya bitswang Sergiase Pauluse.”f Lekgolong la pele la dilemo, Baroma ba bangata ba hlalefileng​—esita le monna “ya bohlale” jwalo ka Sergiase Pauluse​—hangata ba ne ba ya ho moloi kapa senohe sa dinaledi ho ya batla thuso pele ba etsa diqeto tsa bohlokwa. Le ha ho le jwalo, Sergiase Pauluse o ile a kgahlwa ke molaetsa wa Mmuso mme “a labalabela ho utlwa lentswe la Modimo.” Bare-Jesu, ya neng a boetse a rehilwe Elimase, e bolelang “Moloi” ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa, ha a ka a thabela sena.​—Dik. 13:​6-8.

7 Bare-Jesu o ne a hanyetsa molaetsa wa Mmuso. Ha e le hantle, tsela feela eo a neng a ka boloka boemo ba hae bo phahameng ba ho ba moeletsi wa Sergiase Pauluse e ne e le ‘ho mo kgelosa tumelong.’ (Dik. 13:8) Empa Saule ha a ka a shebella feela a sa etse letho ha leselamose la lekgotla le batla ho thibela Sergiase Pauluse ho mamela. Ebe Saule o ile a etsa jwang? Bibele e re: “Saule, eo hape a bitswang Pauluse, a tlala moya o halalelang yaba o tonela Bare-Jesu mahlo o re: ‘Wena ngwana Diabolose, o motho ya kgopo ebile o molotsana ya feteletseng. O sera sa dintho tsohle tse lokileng. Hantlentle o tla kgaotsa neng ho sotha ditsela tsa Jehova tse lokileng? Jwale bona he! Jehova o tlo o otla o foufale mme o ke ke wa bona kganya ya letsatsi ka nakwana.’ Hanghang a bona ka mahlong ho eba mohodi o teteaneng ho ba ho fifala yaba o potapota a ntse a batla motho ya ka mo tshwarang ka letsoho ho mo tataisa.”g Phello ya mohlolo oo e bile e fe? “Mmusi wa setereke a bona dintho tsena tse etsahetseng yaba e eba molatedi wa Jesu ka ha o ne a hloletswe ke dintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova.”​—Dik. 13:​9-12.

Morabo rona o phetlile Bibele o emela nnete ka pela moahlodi wa lekgotla.

Jwalo ka Pauluse, re emela nnete ka sebete le ha re hanyetswa

8. Ke jwang re ka bang sebete jwalo ka Pauluse kajeno?

8 Pauluse o ne a sa tshabe Bare-Jesu. Le rona ha re a lokela ho tshoha ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ya batho ba thahasellang molaetsa wa Mmuso. Ho hlakile hore dipolelo tsa rona di lokela hore ‘e be tse mosa ka mehla, tse nokilweng ka letswai.’ (Bakol. 4:6) Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tshaba kganyetso hoo re ka qobang ho bolella batho ba thahasellang ditaba tse monate. Hape ha re a lokela ho ba leqe ho pepesa diphoso tsa bodumedi ba bohata, boo jwalo ka Bare-Jesu bo tswelang pele “ho sotha ditsela tsa Jehova tse lokileng.” (Dik. 13:​10) Jwalo ka Pauluse, e se eka ka sebete re ka phatlalatsa nnete mme re ipiletse ho ba dipelo di ntle. Mme le hoja ho ke ke ha totobala hore Modimo o re tsheheditse jwalo ka ha ho ile ha totobala ho Pauluse, re ka kgodiseha hore Jehova o tla sebedisa moya wa hae o halalelang ho hulela ba tshwanelehang nneteng.​—Joh. 6:44.

‘Mantswe a Kgothatsang’ (Diketso 13:​13-43)

9. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala ofe?

9 Ho hlakile hore ho ile ha eba le phetoho ha banna bao ba tloha Pafose mme ba kena sekepeng ba leba Perga, e lebopong la Asia Minor, e leng leeto la dikhilomithara tse ka bang 250 ka sekepe. Ha Diketso 13:​13 e bua ka bona e re ke “Pauluse le batho ba nang le yena.” Mantswe ana a fana ka maikutlo a hore Pauluse e ne e se e le yena ya eteletseng sehlopha sena pele. Le ha ho le jwalo, ha ho na bopaki ba hore Barnabase o ile a honohela Pauluse. Ho ena le hoo, banna bana ba babedi ba ile ba tswela pele ba sebetsa ha mmoho ho phetha thato ya Modimo. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala o motle. Ho ena le ho lwanela maemo, Bakreste ba hopola mantswe a Jesu a reng: “Kaofela le bana ba motho.” O ile a eketsa ka ho re: “Mang kapa mang ya iphahamisang o tla kokobetswa empa mang kapa mang ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”​—Mat. 23:​8, 12.

10. Hlalosa leeto la ho tloha Perga ho ya Antioke e Pisidia.

10 Ha ba fihla Perga, Johanne Mareka o ile a siya Pauluse le Barnabase yaba o kgutlela Jerusalema. Ha ho hlaloswe lebaka le entseng hore a tsamaye ka tshohanyetso. Pauluse le Barnabase ba ile ba tswela pele, yaba ho tloha Perga ba leba Antioke e Pisidia, e leng motse o profinseng ya Galatia. Leeto lena le ne le le boima hobane Antioke e Pisidia e ka hodimo ho bophahamo ba lewatle ka dimithara tse ka bang 1 100. Ditsela tsa teng tse mpe tse dithabeng di ne di boetse di tsebahala ka hore di tletse dinokwane. Ho ileng ha mpefatsa ditaba le ho feta ke hore mohlomong Pauluse o ile a qala ho kula ha ba le mona.h

11, 12. Ha Pauluse a bua ka tlung ya thapelo ya Antioke e Pisidia, o ile a etsa jwang hore bamamedi ba hae ba thahaselle seo a tla ba bolella sona?

11 Ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia, ba ile ba kena ka tlung ya thapelo ka Sabatha. Bibele e re: “Ka mora hore batho ba ballwe Molao le dibuka tsa Baprofeta, balaodi ba okamelang ntlo ya thapelo ba re ho Pauluse le Barnabase: ‘Bana beso, haeba ho ena le mantswe ao le ka kgothatsang batho bana ka wona, a bueng.’” (Dik. 13:​15) Pauluse o ile a ema mme a bua.

12 Pauluse o ile a qala ka ho re ho bamamedi ba hae: “Baiseraele le lona bohle ba hlomphang Modimo, mamelang.” (Dik. 13:​16) Pauluse o ne a mametswe ke Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. O ile a etsa jwang hore batho baa ba thahaselle ho mo mamela, ka ha ba ne ba sa tsebe karolo eo Jesu a e phethang morerong wa Modimo? Tabeng ya pele, Pauluse o ile a bua hakgutshwanyane ka pale ya setjhaba sa Bajuda. O ile a hlalosa ka moo Jehova a ileng a “ba etsa setjhaba se matla ha e ntse e le bajaki naheng ya Egepeta” le ka moo ka mora hore ba lokollwe, Modimo a ileng “a ba mamella ka dilemo tse ka bang 40 ha ba le lefeelleng.” Pauluse o ile a boela a pheta ka moo Baiseraele ba ileng ba rua Naha e Tshepisitsweng le ka moo Jehova a ileng ‘a fa baholoholo ba bona naha eo e le lefa.’ (Dik. 13:​17-19) Ho nnile ha bolelwa hore mohlomong Pauluse o ile a bua ka mokgwa o sa tobang ka ditemana tse ding Mangolong tse ileng tsa ballwa hodimo nakwana pele ho moo tshebeletsong ya Sabatha. Haeba ho jwalo, ona ke mohlala o mong o bontshang hore Pauluse o ne a kgona ho ba “dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle.”​—1 Bakor. 9:22.

13. Re ka etsa jwang hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova?

13 Le rona re lokela ho leka ho etsa hore batho bao re ba pakelang ba thahaselle molaetsa wa rona. Ka mohlala, ho tseba bodumedi ba motho ho ka re thusa hore re kgethe ho bua ka ditaba tseo a tla di thahasella. Hape, re ka qotsa ditemana tsa Bibele tseo motho eo a di tsebang. Ho ka ba molemo haeba motho eo a ipalla Bibeleng ya hae. Batla ditsela tsa ho etsa hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova.

14. (a) Pauluse o ile a reng ha a bolela ditaba tse monate mabapi le Jesu, mme o ile a fana ka temoso efe? (b) Letshwele le mo mametseng le ile la etsang?

14 Ka mora moo Pauluse o ile a bua ka moo lelokong la marena a Iseraele ho ileng ha hlaha “Jesu e le mopholosi,” ya neng a eteletswe pele ke Johanne Mokolobetsi. Yaba Pauluse o hlalosa ka moo Jesu a ileng a bolawa a ba a tsoswa bafung. (Dik. 13:​20-37) Pauluse o ile a re: “Bana beso, re a le tsebisa hore ka yena le ka tshwarelwa dibe . . . Hape ka yena, Modimo a ka fumana bohle ba nang le tumelo ba se molato.” Ka mora moo a lemosa bamamedi ba hae, a re: “Itlhokomeleng hore ntho ena e boletsweng dibukeng tsa Baprofeta e se ke ya le etsahalla, ‘lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ya lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kgolwa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena le ha motho e mong a ka le phetela yona ka ho hlaka.’” Seo batho bao ba ileng ba se etsa ha ba qeta ho utlwa mantswe a Pauluse se a hlolla. Bibele e re: “Batho ba ba kopa hore ba tle ba bue ka ditaba tsena ka Sabatha e latelang.” Ho feta moo, ha seboka sa ntlo ya thapelo se qhalana, “batho ba bangata ba Bajuda ba tsamaya le Pauluse le Barnabase ba ena le basokolohi ba sebeletsang Modimo.”​—Dik. 13:​38-43.

“Re Tla Phatlalatsa Ditaba Tsena ho Batho ba Ditjhaba” (Diketso 13:​44-52)

15. Ho ile ha etsahala jwang ka Sabatha e hlahlamang ha Pauluse a qeta ho bua?

15 Ka Sabatha e hlahlamang, “hoo e batlang e le motse wohle” o ile wa bokana ho tla mamela Pauluse. Sena ha se a ka sa thabisa Bajuda ba bang, ba ileng “ba tlala mona yaba ba hanyetsa dintho tseo Pauluse a ntseng a di bua mme ba mo nyefola.” Yena le Barnabase ba ile ba bua le bona ka sebete, ba re: “Ke lona ba pele ba ho bolellwa lentswe la Modimo mme ho ne ho lokela ho ba jwalo. Ka ha le le qhelela thoko, le bontsha hantle hore ha le tshwanelwe ke bophelo bo sa feleng. Ka hoo, re tla phatlalatsa ditaba tsena ho batho ba ditjhaba tse ding, Jehova o re laetse tjena: ‘Ke le kgethile hore le be lesedi la ditjhaba e le hore le ka ba poloko ho ya fihla dikgutlong tsa lefatshe.’”​—Dik. 13:​44-47; Esa. 49:6.

Pauluse le Barnabase ba lahlelwa ka ntle ho Pisidia ya Antioke ke bahanyetsi ba halefileng.

“Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso . . . Barutuwa ba nna ba tlala moya o halalelang le dipelo tsa bona tsa tlala thabo.”​—Diketso 13:​50-52

16. Bajuda ba ile ba etsang ha ba utlwa mantswe a baromuwa a ba hlabang, mme Pauluse le Barnabase ba ile ba etsang ha ba hanyetswa?

16 Baditjhaba ba neng ba mametse ba ile ba thaba, mme “bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumetsa hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng ya eba badumedi.” (Dik. 13:​48) Lentswe la Jehova le ile la phatlalatswa naheng yohle ka potlako. Bajuda bona ha ba a ka ba thaba. Ha e le hantle, baromuwa bana ba ile ba ba bolella hore le hoja e le bona ba boleletsweng lentswe la Modimo pele, ba ile ba kgetha ho lahla Mesia ka hoo ba ne ba letetswe ke kotlo. Bajuda ba ile ba hlohlelletsa basadi ba nang le botumo bo botle le banna ba ka sehloohong ba motse, ba “tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso yaba ba ba ntshetsa ka ntle ho meedi ya bona.” Pauluse le Barnabase ba ile ba etsang? Ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona yaba ba ya Ikoniamo.” Na ketso ye e ile ya etsa hore Bokreste bo fele Antioke e Pisidia? Le hanyenyane! Barutuwa ba ileng ba sala moo ba ile “ba nna ba tlala moya o halalelang le dipelo tsa bona tsa tlala thabo.”​—Dik. 13:​50-52.

17-19. Re ka etsisa mohlala o motle wa Pauluse le Barnabase ka ditsela dife, mme ke hobaneng ha ho etsa jwalo ho tla re thabisa?

17 Seo banna bana ba tshepahalang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetswa se re ruta taba ya bohlokwa. Re ke ke ra kgaotsa ho bolela ditaba tse monate, esita le ha batho ba hlaheletseng lefatsheng lena ba ka leka ho re thibela ho phatlalatsa molaetsa wa rona. Hape, hlokomela hore ha batho ba Antioke ba sa batle ho amohela molaetsa wa Pauluse le Barnabase, ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona”​—e leng ketso e neng e sa bontshe hore ba halefile; e ne e mpa e bontsha hore ha ba na molato ka se tla hlahela batho bao. Baromuwa bana ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba qobella batho hore ba amohele molaetsa wa bona. Empa seo ba neng ba ka se etsa ke ho tswela pele ba bolela ditaba tse monate. Ba ile ba fela ba etsa jwalo ha ba fetela Ikoniamo!

18 Ho ile ha etsahalang ka barutuwa ba Antioke? Ha ho pelaelo hore ba ne ba le sebakeng se tletseng bora. Empa thabo ya bona e ne e sa itshetleha ka hore batho ba amohele ditaba tse monate. Jesu o itse: “Ho thaba ba mamelang lentswe la Modimo mme ba le boloka.” (Luka 11:​28) Ke sona seo barutuwa ba Antioke e Pisidia ba neng ba ikemiseditse ho se etsa.

19 Jwalo ka Pauluse le Barnabase, e se eka ka mehla re ka hopola hore boikarabelo ba rona ke ho bolela ditaba tse monate. Batho ke bona ba tla iketsetsa qeto ya ho amohela molaetsa wa rona kapa ho o hana. Haeba ho bonahala batho bao re ba bolellang ditaba tse monate ba sa di amohele, re ka ithuta thuto ya bohlokwa ho barutuwa ba lekgolong la pele la dilemo. Haeba re ananela nnete mme re dumella moya o halalelang hore o re tataise, le rona re ka thaba le ha re hanyetswa.​—Bagal. 5:​18, 22.

BARNABASE​—“MORA WA MATSHEDISO”

Josefa, Molevi ya tswaletsweng Saeprase e ne e le setho se hlaheletseng phuthehong ya pele ya Jerusalema. Baapostola ba ile ba mo reha lebitso le leng le bontshang hore na ke motho wa mofuta ofe​—ba re ke Barnabase, e bolelang “Mora wa Matshediso.” (Dik. 4:​36) Ha Barnabase a bona badumedimmoho ba hloka, o ne a potlakela ho ba thusa.

Barnabase o fana ka mekotla e mmedi ya tjhelete e le monehelo.

Ka Pentekonta ya 33 C.E., ho ile ha kolobetswa barutuwa ba batjha ba 3 000. Ho ka etsahala hore bongata ba bona ba ne ba tlile moketeng Jerusalema mme ba sa ikemisetsa ho qeta nako e telele hakaalo. Phutheho e ne e hloka seo e ka thusang letshwele lena ka sona. Ka hoo, Barnabase o ile a rekisa karolo ya naha ya hae mme ka seatla se bulehileng a fa baapostola tjhelete eo e le monehelo.​—Dik. 4:​32-37.

Ka ha Barnabase e ne e le molebedi wa Mokreste ya hodileng moyeng, o ne a tjhesehela ho thusa ba bang. Ke yena ya ileng a thusa Saule wa Tarsase ha a sa tswa sokoloha ha barutuwa ba bang kaofela ba ne ba mo tshaba hobane o ne a tumme ka hore ke mohlorisi. (Dik. 9:​26, 27) Barnabase o ile a ikokobetsa ha Pauluse a kgalemela yena le Petrose ka matla mabapi le ka moo Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba ba lokelang ho tshwarana ka teng. (Bagal. 2:​9, 11-14) Mehlala ena e seng mekae e bontsha hore ka sebele Barnabase o ile a phelela lebitso la hae la “Mora wa Matshediso.”

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Barnabase​—‘Mora wa Matshediso.’”

b Ka nako ena, ho se ho ntse ho ena le diphutheho ho ya fihla Antioke ya Siria​—dikhilomithara tse ka bang 550 ka leboya ho Jerusalema.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ho Tsamaya ka Maoto..”

d Lekgolong la pele la dilemo, sekepe se ne se ka tsamaya dikhilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi haeba moya o dumela. Ha maemo a le mabe, leeto le jwalo le ne le ka nka nako e teletsana.

e Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Matlung a Bajuda a Thapelo.”

f Saeprase e ne e buswa ke Ntlo ya Senate ya Roma. Sehlekehleke sena se ne se buswa ke molaodi ya ka sehloohong eo e neng e le motsamaisi wa profinse.

g Ho tloha mona Saule o se a bitswa Pauluse. Ba bang ba re o ile a ipitsa ka lebitso lena la Seroma ho tlotla Sergiase Pauluse. Le ha ho le jwalo, taba ya hore ha a ka a lahla lebitso la Pauluse esita le ha a se a tlohile Saeprase e bontsha hore ho na le lebaka le fapaneng le leo. Pauluse ‘moapostola ya ronngweng ho ditjhaba,’ o ile a etsa qeto ya hore ho tloha ka nako eo a sebedise lebitso la hae la Seroma. Hape mohlomong o ile a sebedisa lebitso la Pauluse hobane ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitswa ka Segerike, le ne le tshwana le lentswe la Segerike le nang le moelelo o mobe.​—Bar. 11:13.

h Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le ngotswe dilemo tse mmalwa ka mora mona. Lengolong leo, Pauluse o itse: “Ho kula ho ile ha mpha monyetla wa hore ke qale ho le bolella ditaba tse monate.”​—Bagal. 4:13.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share