LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 April maq. 26-31
  • Bara ba bo Rona ba Batjha, Etsisang Mareka le Timothea

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bara ba bo Rona ba Batjha, Etsisang Mareka le Timothea
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • ETSISA MAREKA KA HORE O IKEMISETSE HO SEBELETSA
  • ETSISA TIMOTHEA KA HORE O AMEHE KA BATHO BA BANG
  • KELETSO YA PAULUSE E KA O TSWELA MOLEMO
  • HO SEBELETSA BA BANG HO TLISA DITLHOHONOLOFATSO
  • “A Matlafatsa Diphutheho”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Hopola Hore Jehova “ke Modimo ya Phelang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 April maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 18

PINA YA 65 Hatelang Pele!

Bara ba bo Rona ba Batjha, Etsisang Mareka le Timothea

“O tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing wa Modimo.”—2 TIM. 4:11.

NTLHAKGOLO

Ka moo mohlala wa Mareka le Timothea o ka thusang bara ba bo rona ba batjha ka teng bakeng sa ho sebeletsa Jehova le Bakrestemmoho le bona haholwanyane.

1, 2. Ke eng e neng e ka nna ya sitisa Mareka le Timothea ho sebeletsa Bakrestemmoho le bona haholwanyane?

BARA ba bo rona ba batjha, na le batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng le hore le thuse ba bang diphuthehong tsa ha bo lona? Ha ho pelaelo hore le batla ho etsa jwalo. Ho thabisa hakaakang ho bona bara ba bo rona ba batjha ba ikemiseditse ho sebeletsa Bakrestemmoho le bona. (Pes. 110:3) Ka dinako tse ding ho ka nna ha eba thata ho etsa jwalo. Na o utlwa o tshoswa ke ho eketsa tshebeletso ya hao hobane o sa tsebe hore na bophelo ba hao bo tla fetoha jwang? Na o kile wa hloleha ho amohela boikarabelo bo itseng hobane o utlwa o sa itshepe hore o tla bo kgona? Haeba ho jwalo, ha se wena wa pele wa ho ikutlwa ka tsela eo.

2 Mareka le Timothea ba ile ba kopana le mathata a tshwanang. Ba ne ba sa tsebe hore na bophelo ba bona bo tla ba jwang ebile ba ikgalala empa ha ba a ka ba dumella seo ho ba sitisa ho sebeletsa Bakrestemmoho le bona. Ho ka etsahala hore Mareka o ne a itulela ha monate le mme wa hae habo ha moapostola Pauluse le Barnabase ba ne ba mo mema ho tsamaya le bona leetong la bona la pele la boromuwa. (Dik. 12:​12, 13, 25) Ho ntse ho le jwalo, Mareka o ile a siya maemo ao a neng a a tlwaetse e le hore a ka eketsa tshebeletso ya hae. O ile a qala pele ka ho fallela Antioke. Ha morao o ile a tsamaya le Pauluse le Barnabase ho ya dibakeng tse hole. (Dik. 13:​1-5) Ka tsela e tshwanang, ho ka etsahala hore ebe Timothea le yena o ne a ntse a dula le batswadi ba hae ha Pauluse a mo kopa hore a tsamaye le yena ho ya bolela ditaba tse monate. Ka ha Timothea o ne a le motjha a bile a se na phihlelo, o ne a ka nna a ba leqe ho tsamaya le Pauluse ka lebaka la ho se itshepe. (Bapisa 1 Bakorinthe 16:​10, 11 le 1 Timothea 4:12.) Le ha ho le jwalo, o ile a amohela memo ya Pauluse mme ha morao a thabela ditlhohonolofatso tse ngata.—Dik. 16:​3-5.

3. (a) Re tseba jwang hore Pauluse o ne a ananela Mareka le Timothea? (2 Timothea 4:​6, 9, 11) (Sheba setshwantsho.) (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

3 Mareka le Timothea ba ile ba fumana phihlelo le ho ithuta ho jara boikarabelo bo boima ba phutheho ba sa le batjha. Pauluse o ne a ananela bahlankana bana hoo a ileng a ba kopa hore ba tle ho yena ha a hlokomela hore o se a le haufi le ho shwa. (Bala 2 Timothea 4:​6, 9, 11.) Ke makgabane afe a ileng a etsa hore Pauluse a rate Mareka le Timothea? Bara ba bo rona ba batjha ba ka ba etsisa jwang, hona ba ka rua molemo jwang keletsong ya Pauluse e lerato?

Ditshwantsho: 1. Mareka o ngwathela Pauluse le Barnabase dijo le ho ba fa se nowang. 2. Timothea o bala lengolo ka pela baholo ba mametseng ka hloko.

Mareka le Timothea ba ile ba ratwa ke Pauluse ka ha ba ile ba jara boikarabelo ba sa le batjha (Sheba serapa sa 3)b


ETSISA MAREKA KA HORE O IKEMISETSE HO SEBELETSA

4, 5. Mareka o ile a bontsha jwang hore o ne a ikemiseditse ho sebeletsa ba bang?

4 Ho sebeletsa ba bang ho bolela ho sebetsa ka thata ho ba thusa le ho tswela pele ho etsa jwalo le ha ho se bonolo. Mareka o behile mohlala o motle tabeng ena. Ho ka etsahala hore Mareka o ne a utlwile bohloko a bile a swetsehile ha Pauluse a ne a sa batle ho tsamaya le yena leetong la bobedi la boromuwa. (Dik. 15:​37, 38) Empa seo ha se a ka sa nyahamisa Mareka ho sebeletsa Bakrestemmoho le yena.

5 Mareka o ile a amohela kabelo e nngwe mme a sebetsa le motswala wa hae Barnabase. Dilemo tse ka bang 11 ha morao, Mareka e ne e le e mong wa ba ileng ba tshehetsa Pauluse ha a ne a le teronkong ka lekgetlo la pele Roma. (Filem. 23, 24) Ha e le hantle, Pauluse o ile a ananela tshehetso ya Mareka haholo hoo a ileng a mo hlalosa e le ya ileng a mo ‘tshedisa haholo.’—Bakol. 4:​10, 11.

6. Mareka o ile a rua molemo jwang ka ho ba le setswalle se haufi le Bakreste ba nang le tumelo e matla? (Sheba naletsana.)

6 Mareka o ile a rua molemo ka ho ba le kamano e haufi le Bakrestemmoho le yena ba nang le tumelo e matla. Ka mora hore Mareka a qete nako e itseng le Pauluse Roma, o ile a yo sebetsa le moapostola Petrose Babilona. Ba ile ba eba le setswalle se haufi hoo Petrose a ileng a mo bitsa “Mareka mora wa ka.” (1 Pet. 5:13) Ha ba ntse ba sebetsa mmoho, ho ka etsahala hore ebe Petrose o ile a bolella motswalle enwa wa hae dintho tse ngata ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae tseo ha morao Mareka a ileng a di ngola ka hara Kosepele e bitswang ka yena.a

7. Morabo rona e motjha ya bitswang Seung-Woo o ile a etsisa mohlala wa Mareka jwang? (Sheba setshwantsho.)

7 Mareka o ile a dula a phathahane tshebeletsong a bile a dula a ena le Bakreste ba nang le tumelo e matla. O ka mo etsisa jwang? Haeba ha o eso ka o tshwaneleha ho fumana boikarabelo bo itseng ka phuthehong, o se ke wa fela pelo mme o batle ditsela tse ding tseo o ka sebeletsang Jehova le phutheho ka tsona. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Seung-Woo eo hona jwale a sebeletsang e le moholo. Ha e sa le motjha, o ne a ipapisa le bara ba bo rona ba bang ba batjha. Ba bang ba bona ba ile ba fuwa boikarabelo ka phuthehong pele ho yena. Seung-Woo o ne a utlwa eka ha a bonwe mme qetellong o ile a bua le baholo ka taba ena. Moholo e mong o ile a mo kgothalletsa hore a etse sohle seo a ka se kgonang ho sebeletsa ba bang le haeba batho ba sa bone dintho tse ntle tseo a ntseng a di etsa. Keletso eo e ile ya susumelletsa Seung-Woo hore a iketse ya fumanehang ho thusa ba hodileng le ho felehetsa batho ba bang ho ya dibokeng. Ha a hetla morao o re: “Ke ile ka utlwisisa hore na ho bolelang ho sebeletsa batho ba bang ka pelo yohle. Ke ile ka latswa thabo e tliswang ke ho thusa batho ba bang.”

Morabo rona e motjha o sebedisa koloi ya hae ho isa morabo rona ya hodileng dibokeng.

Bara ba bo rona ba batjha ba rua molemo jwang ha ba qeta nako e ngata ba ena le bara ba bo rona ba hodileng tsebong? (Sheba serapa sa 7)


ETSISA TIMOTHEA KA HORE O AMEHE KA BATHO BA BANG

8. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a kgetha Timothea hore a tsamaye le yena? (Bafilipi 2:​19-22)

8 Pauluse o ne a hloka ho tsamaya le bara ba bo rona ba sebete ha a kgutlela ditoropong tseo a ileng a hloriswa ho tsona. O ile a qala ka ho kgetha Silase ya neng a ena le phihlelo hore a tsamaye le yena. (Dik. 15:​22, 40) Ha morao Pauluse o ile a kgetha Timothea hore a tsamaye le yena. Ke eng e neng e ikgetha ka Timothea? Lebaka le leng ke hore o ne a ena le botumo bo botle. (Dik. 16:​1, 2) O ne a boetse a hlokomela batho ka dintho tseo ba di hlokang.—Bala Bafilipi 2:​19-22.

9. Timothea o ile a bontsha jwang hore o ne a tsotella Bakrestemmoho le yena e le ka nnete?

9 Timothea o ile a bontsha hore o tsotella batho ba bang haholo ho tloha ha a ne a qala tshebeletso ya hae le Pauluse. Ka hoo, ha Pauluse a ne a tloha Berea a siya Timothea, o ne a tseba hore Timothea o tla kgothatsa batho bao e sa tswa ba Bakreste moo. (Dik. 17:​13, 14) Ha ho pelaelo hore ka nako eo, Timothea o ile a ithuta dintho tse ngata haholo ho Silase eo le yena a neng a ntse a dula Berea. Le ha ho le jwalo, ha morao Pauluse o ile a romela Timothea phuthehong ya Thesalonika a le mong hore a kgothatse Bakreste ba dulang moo. (1 Bathes. 3:2) Ka mora dilemo tse ka bang 15, Timothea o ile a ithuta ho ‘lla le ba neng ba lla’ ho ba bontsha hore o ba utlwela bohloko. (Bar. 12:15; 2 Tim. 1:4) Bara ba bo rona ba batjha ba ka etsisa Timothea jwang?

10. Ke jwang Morabo rona Woo Jae a ileng a ithuta ho bontsha hore o tsotella batho ba bang haholwanyane?

10 Nahana ka mohlala wa Morabo rona Woo Jae, ya ileng a ithuta ho bontsha hore o tsotella batho ba bang haholwanyane. Ha e sa le motjha, o ne a thatafallwa ke ho bua le bara le baradi ba bo rona ba baholo ho yena. Ha a le dibokeng, o ne a ba dumedisa feela ebe wa iphetela. Moholo e mong o ile a mo eletsa hore a ke a qoqe le Bakrestemmoho le yena mme a ba bolelle dintho tseo a di ananelang ka bona. Moholo eo o ile a boela a mo kgothalletsa hore a nahane ka dintho tseo batho ba bang ba ka nnang ba di thahasella. Woo Jae o ile a sebedisa keletso ena ha a qoqa le batho ba bang. Kajeno, Woo Jae eo e seng e le moholo o re: “Hona jwale ke se ke utlwa ho le bonolo ho ba le moqoqo o monate le bara le baradi ba bo rona ba dilemo tse sa tshwaneng. Ho a nthabisa ho tseba hore ke se ke utlwisisa haholwanyane dintho tseo batho ba bang ba amehileng ka tsona. Haesale sena se ntswela molemo haholo ha ke ntse ke thusa bara le baradi ba bo rona.”

11. Bara ba bo rona ba batjha ba ka thuswa ke eng hore ba bontshe thahasello ho ba bang ka phuthehong? (Sheba setshwantsho.)

11 Ka ho tshwanang, lona bara ba bo rona ba batjha, le ka ithuta ho bontsha thahasello ho batho ba bang. Ha le le dibokeng, buang le batho bohle ho akarelletsa ba baholo le ba banyane ho lona. Ba botse hore na ba ntse ba ya jwang mme o ba mamele. Ha nako e ntse e ya, o tla tseba hore na o tla ba thusa jwang. Mohlomong o tla hlokomela hore banyalani ba hodileng ba hloka thuso ka ho sebedisa app ya JW Library®. Kapa o ka hlokomela hore ba hloka motho eo ba tsamayang le yena ho ya tshimong. Na o ka ba thusa ka disebediswa tsa bona tsa elektronike kapa wa lokisetsa ho sebetsa le bona tshimong? Ha o thusa bara le baradi ba bo rona, o tla behela ba bang ka phuthehong mohlala o motle.

Morabo rona e motjha o sebetsa le morabo rona ya hodileng ka ntlo le ntlo. Morabo rona e motjha o tshwere tablet e bontshang video ha Morabo rona ya hodileng a ntse a bua le monga ntlo.

Bara ba bo rona ba batjha ba ka thusa phutheho ka ditsela tse ngata (Sheba serapa sa 11)


KELETSO YA PAULUSE E KA O TSWELA MOLEMO

12. Bara ba bo rona ba batjha ba ka rua molemo jwang keletsong eo Pauluse a ileng a e fa Timothea?

12 Pauluse o ile a fa Timothea keletso e neng e tla mo thusa hore a atlehe bophelong ba hae le tshebeletsong ya hae. (1 Tim. 1:18; 2 Tim. 4:5) Le lona bara ba bo rona ba batjha, le ka rua molemo keletsong ya Pauluse e lerato. Jwang? Ka hore le bale mangolo a mabedi ao Pauluse a ileng a a ngolla Timothea jwalo ka ha eka a ngolletswe lona mme le bone hore na le ka sebedisa keletso efe bophelong ba lona. Nahanang ka mehlala e seng mekae e latelang.

13. Ke eng e tla re thusa hore re tshepahalle Jehova le ho etsa dintho tse mo thabisang?

13 “Ikwetlise ka sepheo sa ho sebeletsa Modimo ka botshepehi.” (1 Tim. 4:7b) Ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ho bolelang? Ke ha motho a tshepahalla Jehova a bile a etsa dintho tse mo thabisang. Ka ha ha re a hlaha re ena le makgabane ana, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be le ona. Re ka etsa seo jwang? Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “Ikwetlise” hangata le ne le sebediswa ho hlalosa kwetliso e matla ya dimathi tse neng di itokisetsa tlhodisano. Dimathi tsena di ne di lokela ho ba le boitshwaro tseleng eo di phelang ka yona mme di tsepamise dikelello tsa tsona moputsong. Le rona re lokela ho ba le boitshwaro tseleng eo re phelang ka yona e le hore re etse dintho tse tla re thusa ho atamela haufi le Jehova.

14. Morero wa rona e lokela ho ba ofe ha re bala Bibele? Etsa Mohlala.

14 Ha o ntse o itlwaetsa ho bala Bibele, hopola hore morero ke hore o atamele haufi le Jehova. Ka mohlala, o ka ithuta eng tseleng eo Jesu a ileng a bua le monna e motjha ya ruileng ka yona? (Mar. 10:​17-22) Monna eo o ne a dumela hore Jesu e ne e le Mesia empa o ne a haellwa ke tumelo e le hore e be molatedi wa hae. Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ne “a utlwa a mo rata.” Na tsela eo Jesu a ileng a bua le monna enwa e motjha ka yona ha e o ame maikutlo? Ho hlakile hore Jesu o ne a batla hore monna enwa a etse qeto e nepahetseng. Jesu o ne a bontsha hore na Jehova o ikutlwa jwang ka monna enwa e motjha. (Joh. 14:9) Ha o ntse o nahana ka tlaleho ena o shebile le maemo a hao, ipotse, ‘Ke lokela ho etsang e le hore nka atamela haufi le Jehova ke be ke sebeletse batho ba bang haholwanyane?’

15. Ke hobaneng ha morabo rona e motjha a lokela ho ameha ka hore na o beha mohlala o jwang? Etsa mohlala. (1 Timothea 4:​12, 13)

15 “O behele ba tshepahalang mohlala.” (Bala 1 Timothea 4:​12, 13.) Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea hore a ntlafatse bokgoni ba hae ba ho bala le ho ngola, le hore a boele a be le makgabane a kang lerato, tumelo le ho hlweka boitshwarong. Hobaneng? Hobane hangata batho ba ithuta mohlaleng wa hao o motle ho feta dinthong tseo o di buang. A re re mohlomong o abetswe ho fana ka puo e buang ka tshebeletso. O tla kgona ho fana ka puo ena ka kgodiseho haeba le wena o etsa sohle seo o ka se kgonang tshebeletsong. Mohlala wa hao o tla etsa hore batho ba mamele seo o se rutang.—1 Tim. 3:13.

16. (a) Ke ditsela dife tse hlano tseo bara ba bo rona ba batjha ba ka behang mohlala ka tsona? (b) Morabo rona e motjha a ka beha mohlala jwang tseleng eo ‘a buang ka yona’?

16 Ho 1 Timothea 4:​12, Pauluse o bontsha ditsela tse hlano tseo mora wa bo rona e motjha a ka behang mohlala ka tsona. Na o ka ithuta ka dintho tseo ha o ntse o etsa thuto ya botho? Ka mohlala, a re re o batla ho beha mohlala o motle tseleng eo “o buang ka yona.” Nahana ka hore na o ka reng e le hore o khothatse ba bang. Na kgafetsa o ka bolella batswadi ba hao hore o ananela dintho tseo ba o etsetsang tsona? Ka mora diboka, na o ka bolella mora kapa moradi wa bo rona hore na o ratile eng kabelong eo a neng a e etsa? O ka nna wa boela wa leka ho araba ka mantswe a hao ha o le dibokeng. Ha o leka ka matla ho beha mohlala tseleng eo o buang ka yona, o tla be o bontsha hore o hola hantle moyeng.—1 Tim. 4:15.

17. Morabo rona e motjha a ka thuswa ke eng hore a finyelle dipakane tsa hae tsa moya? (2 Timothea 2:22)

17 “O balehe ditakatso tsa botjha empa o lwanele ho etsa dintho tse lokileng.” (Bala 2 Timothea 2:22.) Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea hore a lwantshe ditakatso tse neng di ka mo sitisa hore a finyelle dipakane tsa hae tsa moya kapa tse ka etsang hore a senye setswalle sa hae le Jehova. O ka nna wa boela wa hlokomela hore dintho tse ding, le hoja ho se phoso ho di etsa, di ka nna tsa o siela nako e nyenyane ya ho etsa dintho tsa moya. Ka mohlala, nahana ka hore na o qeta nako e kae dipapading, o shebile Inthanete kapa o bapala divideo game. Na o ka sebedisa e nngwe ya nako eo ho sebeletsa Jehova le ba bang haholwanyane? Mohlomong o ka ithaopela ho thusa ho hlokomela Holo ya Mmuso kapa ho tshehetsa lenaneo la sebaka sa heno la ho paka ka diteroli. Ha o etsa dintho tse tshwanang le tsena, o tla kopana le metswalle e tla o thusa hore o ipehele dipakane tse eketsehileng tshebeletsong le hore o di finyelle.

HO SEBELETSA BA BANG HO TLISA DITLHOHONOLOFATSO

18. Ke hobaneng ha re ka re Mareka le Timothea ba phetse bophelo bo kgotsofatsang le bo thabisang?

18 Mareka le Timothea ba ile ba itella ho sebeletsa batho ba bang mme ba phetse bophelo bo kgotsofatsang le bo thabisang. (Dik. 20:35) Mareka o tsamaile dibaka tse fapaneng e le hore a sebeletse barapedimmoho le yena. O ile a boela a ngola tlaleho e thahasellisang haholo ya bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae. Timothea o ile a thusa Pauluse ho theha diphutheho le ho matlafatsa Bakreste. Ho hlakile hore Jehova o ne a thabiswa ke moya wa boitelo o ileng wa bontshwa ke Mareka le Timothea.

19. Ke hobaneng ha bara ba bo rona ba batjha ba lokela ho sebedisa keletso eo Pauluse a e fileng Timothea mme phello e tla ba efe?

19 Lerato leo Pauluse a neng a ena le lona ho Timothea, re ka le bona ka ho hlaka mangolong ao a a ngolletseng motswalle eo wa hae ya motjha dilemong. Mangolo ana a buduletsweng a bontsha ka moo Jehova a le ratang ka teng lona bara ba bo rona ba batjha. O batla hore le atlehe. Ka hoo, etsang sohle seo le ka se kgonang ho sebedisa keletso ena ya Pauluse e lerato mme le hodise takatso ya lona ya ho sebeletsa batho ba bang haholwanyane. Haeba le etsa jwalo, le tla thaba hona jwale mme le be ‘le tshepo e matla ya hore le tla fumana bophelo ba sebele’ nakong e tlang.—1 Tim. 6:​18, 19.

O KA RENG?

  • O ithutile eng mohlaleng wa Mareka?

  • O ka etsisa Timothea jwang tseleng eo a neng a sebedisana le batho ba bang ka yona?

  • Ke keletso efe ya Pauluse e ka thusang morabo rona e motjha ho hola moyeng?

PINA YA 80 “Latswang Mme le Bone Hore Jehova o Molemo”

a Ka ha Petrose e ne e le motho ya nkang dintho ka botebo ebile a kgona ho ntsha maikutlo, ho a hlaka hore ha a ka a bolella Mareka feela ka dintho tseo Jesu a ileng a di etsa empa o ile a boela a mo bolella ka hore na Jesu o ne a ikutlwa jwang maemong a fapaneng. Ho ka etsahala hore ebe ke lona lebaka le neng le etsa hore hangata ha Mareka a ngola a hlalose maikutlo a Jesu le diketso tsa hae.—Mar. 3:5; 7:34; 8:12.

b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Mareka o thusa Pauluse le Barnabase ka ditlhoko tsa bona ha ba le leetong la bona la boromuwa. Timothea o ithaopela ho etela phutheho hore a yo matlafatsa le ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share