Selelekela sa Karolo ya 6
Ha Baiseraele ba fihla Naheng e Tshepisitsweng, tabernakele e ile ya eba yona sebaka sa borapedi. Baprista ba ne ba ruta Molao mme baahlodi ba tataisa setjhaba. Karolong ena re tlo bona ka moo diqeto tseo re di etsang di amang batho ba bang ka teng. Moiseraele ka mong o ne a ikarabella ho Jehova le ho ba habo. Re tlo bona ka moo Debora, Naomi, Joshua, Anna, moradi wa Jafeta le Samuele ba ileng ba susumetsa batho ba bang ka teng. Esita le batho ba bang bao e neng e se Baiseraele ba kang Rahaba, Ruthe, Jaele le Bagibione ba ile ba kgetha ho tshehetsa Baiseraele hobane ba tseba hore Modimo o na le bona.