Selelekela sa Karolo ya 11
Karolong ena re tlo ithuta ka Mangolo a Segerike a Bakreste. Jesu o hlahetse lelapeng le futsanehileng le neng le dula motsaneng o monyenyane. O ne a sebetsa le ntate wa hae wa mmetli wa mapolanka. Jesu ke yena ya neng a tla pholosa batho. Jehova o mo kgethile hore e be Morena wa Mmuso wa lehodimo. Thusa ngwana wa hao hore a lemohe ka moo Jehova a ileng a kgetha ka hloko ka teng lelapa leo Jesu a neng a tla holela ho lona. Buisanang ka moo Jehova a ileng a sireletsa Jesu ka teng hore a se ke a bolawa ke Heroda le hore ha ho letho le ka sitisang morero wa Jehova ho phethahala. Mo bontshe ka moo Jehova a ileng a sebedisa Johanne ka teng hore a lokisetse Jesu tsela. Mo thuse ho lemoha hore esita le ha Jesu a sa le monyenyane, o ile a bontsha hore o rata tataiso e bohlale ya Jehova.