Selelekela sa Karolo ya 12
Jesu o ne a ruta batho ka Mmuso wa Modimo. A boela a ba ruta hore ba rapelle hore lebitso la Modimo le halaletswe, Mmuso wa hae o tle le hore thato ya hae e etsahale lefatsheng. Haeba o motswadi, hlalosetsa ngwana seo thapelo ena e se bolelang ho rona. Jesu ha a ka a dumella hore Satane a mo sitise ho tshepahala. Jesu o ile a qala ka ho kgetha baapostola ba hae hore e be marena Mmusong wa Modimo. Hlokomela ka moo Jesu a neng a tjhesehela borapedi ba nnete ka teng. Jesu o ne a fodisa batho ba kulang, a fepa ba lapileng a bile a tsosa bafu hobane a rata ho thusa batho. Dintho tsena di ne di bontsha seo Mmuso wa Modimo o tla se etsetsa batho nakong e tlang.