PINA YA 22
Mmuso o se o Hlonngwe
1. Jehova o teng ka mehla
Le ka ho sa feleng.
O kgethile Mora wa hae,
Ke yena Morena.
Jwale Mmuso o s’o hlonngwe.
O tla busa fatshe lohle.
(KHORASE)
Mmopi o tlisitse
Poloko ka matla a hae.
Mmuso o s’o hlonngwe.
Re rapella hore o tle.
2. Re’a tseba hore Satane
O s’a tlo fediswa.
Re dule re nahana ka
Lefatshe le letjha.
Jwale Mmuso o s’o hlonngwe.
O tla busa fatshe lohle.
(KHORASE)
Mmopi o tlisitse
Poloko ka matla a hae.
Mmuso o s’o hlonngwe.
Re rapella hore o tle.
3. Lona mangeloi le thabe
Le be le nyakalle.
Sera sa lona Satane
Se dihetswe tlase.
Jwale Mmuso o s’o hlonngwe.
O tla busa fatshe lohle.
(KHORASE)
Mmopi o tlisitse
Poloko ka matla a hae.
Mmuso o s’o hlonngwe.
Re rapella hore o tle.
(Sheba le Dan. 2:34, 35; 2 Bakor. 4:18.)