PINA YA 74
Binang Pina ya Mmuso!
1. Pina ena e tlotlisa Jehova.
E monate, ke pina ya tlholo.
E re thusa hore re be le tshepo.
Pina ena e bua ka Mmuso.
(KHORASE)
‘Rapelang Jah, mo roriseng.
Mora wa hae ke Morena.
Re ithuteng pina ena ya Mmuso.
Re rorise Jehova Modimo.’
2. Re tsebisa batho ka pina ena
Hore jwale Jesu o s’a busa.
Ho hlahile tjhaba se halalelang
Seo Jehova a se hauhetseng.
(KHORASE)
‘Rapelang Jah, mo roriseng.
Mora wa hae ke Morena.
Re ithuteng pina ena ya Mmuso.
Re rorise Jehova Modimo.’
3. Pina ena ya Mmuso e bonolo.
E’a thabisa, e fana ka tshepo.
Ba bangata ba ithutile yona
Mme ba mema ba bang ho e bina:
(KHORASE)
‘Rapelang Jah, mo roriseng.
Mora wa hae ke Morena.
Re ithuteng pina ena ya Mmuso.
Re rorise Jehova Modimo.’
(Sheba le Pes. 95:6; 1 Pet. 2:9, 10; Tshen. 12:10.)