LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • sjj pina 159
  • Rorisang Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Rorisang Jehova
  • Binelang Jehova le Thabile
  • Dintlha tse Ding
  • Binang Pina ya Mmuso!
    Binelang Jehova le Thabile
  • Binang Pina ea ’Muso!
    Binelang Jehova
  • Pina e Ntjha
    Binelang Jehova le Thabile
  • Pina e Ncha
    Binelang Jehova
Tse Ding
Binelang Jehova le Thabile
sjj pina 159

PINA YA 159

Rorisang Jehova

(Pesaleme ya 96:8)

  1. 1. Jehova Ntate wa rona,

    Re tla o leboha jwang?

    O re file dintho tsohle,

    Wa re bontsha rato la hao.

    Ha re sheba lehodimo,

    Re nahana ka wena

    Modimo ya Matla Ohle,

    Ya re hlohonolofatsang.

    (KHORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re o binela pina.

    O tshwanelwa ke thoriso Ntate.

    O Modimo wa rona.

    Re tla rorisa wena.

  2. 2. Re inehetse ho wena.

    Re tla o sebeletsa,

    Re tsebise batho bohle

    Mesebetsi yohle ya hao.

    Ntate o re file tlotla

    Ya ho bitswa ka wena.

    Re tla nne re o rorise

    Ka dipelo tse thabileng.

    (KHORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re o binela pina.

    O tshwanelwa ke thoriso Ntate.

    O Modimo wa rona.

    Re tla rorisa wena.

  3. 3. Ha re bona dinaledi,

    Mawatle le dithaba,

    Re hopola rato la hao,

    Re bona bohlale ba hao.

    Ha re sheba popo ya hao,

    Re bona matla a hao.

    E etsa hore re thabe,

    Re rorise bitso la hao.

    (KHORASE)

    Re rorisa bitso la hao Ntate,

    Re o binela pina.

    O tshwanelwa ke thoriso Ntate.

    O Modimo wa rona.

    Re tla rorisa wena.

(Sheba le Ps. 96:1-10; 148:3, 7.)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share