PINA YA 40
Modimo wa Hao ke Mang?
Printed Edition
1. Modimo’a hao ke mang,
Eo o tla mo mamela?
Ke eo o tla mo kgumamela
Le eo o mo sebeletsang.
O ke ke wa hlompha
Marena a mabedi
Mme wa a rata ka ho lekana
Ka pelo yohle ya hao.
2. Modimo’a hao ke mang,
Eo o tla mo mamela?
Ke wena ya tla ikgethela,
Hobane wa nnete o mong.
Na o tla mamela
Babusi ba lefatshe
Kapa o tla mamela Modimo,
O etse thato ya hae?
3. Modimo’a ka ke mang?
Ke mamela Jehova.
Ke Ntate wa ka ya lerato.
Ke tla phetha kano tsa ka.
O fane ka Mora,
O ile a mpholosa.
Ke tla sebeletsa yena feela
Bophelo bohle ba ka.
(Sheba le Josh. 24:15; Pes. 116:14, 18; 2 Tim. 2:19.)