PINA YA 42
Thapelo ya Mohlanka wa Modimo
Printed Edition
1. O Modimo wa rona, Jehova.
Bitso la hao le ke le halaletswe.
Ke wena Ntate ya Phahameng.
Re rapella hore Mmuso o tle,
O re hlo’nolofatse,
Re dule re thabile.
2. Re’a leboha, Modimo wa rona.
O re file ntho tse ngata haholo.
O re fa tsebo le bohlale.
Mohlodi wa bophelo ke wena.
E se eka re ka nna
Ra o rorisa, Ntate.
3. Fatsheng lena re na le mathata.
Re imetswe, re hloka ho tshediswa.
Re thuse hle, re be le tshepo.
Ke wena feela eo re mo tshepang.
Re fe matla hle, Ntate,
Re nne re tshepahale.
(Sheba le Pes. 36:9; 50:14; Joh. 16:33; Jak. 1:5.)