PINA YA 134
Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo
1. Ha batho e ba batswadi,
Ba fumana lefa la bohlokwa.
Ka mehla ba hopole hore
Ba le filwe ke Jehova.
Ke yena ya ba tataisang
Hore ba dule ba mo mamela.
Hape o fane ka bophelo
Mme ke Modimo ya lerato.
(KHORASE)
Ke letlotlo le halalelang,
Ke letlotlo la bohlokwa.
Le ba rute, ba tla atleha.
Ba tla hlohonolofatswa.
2. Le boloke mantswe ohle
A Jehova dipelong tsa lona.
Le a rute bana ba lona.
Le ba filwe, ke letlotlo.
Le ba rute ha le le tseleng,
Ha le tsoha le ha le robala.
E se eka ba ka mamela
Mme ba dule ba tshepahala.
(KHORASE)
Ke letlotlo le halalelang,
Ke letlotlo la bohlokwa.
Le ba rute, ba tla atleha.
Ba tla hlohonolofatswa.
(Sheba le Deut. 6:6, 7; Baef. 6:4; 1 Tim. 4:16.)