KAROLO YA BORARO
“Ke Tla . . . le Bokella”—Jehova o Tshepisitse ho Tsosolosa Borapedi ba Nnete
NTLHAKGOLO: Boprofeta ba Ezekiele bo a bontsha hore na borapedi ba nnete bo tla tsosoloswa jwang
Baiseraele ba arohane ka lebaka la bokwenehi. Ba kgola ditholwana tsa diphoso tsa bona hobane ba ile ba tlohela borapedi ba nnete le ho senya Modimo lebitso. Nakong eo ba feletsweng ke tshepo, Jehova o fa Ezekiele boprofeta bo etsang hore ba be le tshepo. Jehova o kgothatsa Baiseraele ba botlamuweng le batho bohle ba lakatsang hore borapedi ba nnete bo boele bo be teng ka ho sebedisa ditshwantshiso tsa boprofeta le dipono.