KAROLO YA BOHLANO
‘Ke Tla Dula Hara Setjhaba’—Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
NTLHAKGOLO: Karolo ena e tlo bua ka dikarolo tsa pono ya tempele le hore na di re rutang ka borapedi ba nnete
Jehova o ile a etsa hore moprofeta Ezekiele le moapostola Johanne ba bone dipono tse nang le dintho tse tshwanang. Dintho tse hlahang diponong tseo di re ruta dintho tsa bohlokwa tse re thusang hore re rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang hona jwale ebile di re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng ha Mmuso wa Modimo o se o busa.