LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lvs kgao. 4 maq. 45-59
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Hlompha Bolaodi?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Hlompha Bolaodi?
  • Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA HO LE THATA HAKAALE HO MAMELA BOLAODI?
  • KE HOBANENG HA RE LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI BA JEHOVA?
  • DITHO TSA LELAPA DI LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI
  • DITHO TSA PHUTHEHO DI LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI
  • HLOMPHA BA BOHOLONG PUSONG
  • Hlompha Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe?
    Fadimehang!—2024
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Bibele e re Rutang?
  • Baholo ba ka Sebedisa Matla ao Modimo a ba Fileng ona Jwang ka Phuthehong?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
lvs kgao. 4 maq. 45-59
Ntate o kgalemela bana ba hae ka tsela e lerato

KGAOLO YA 4

Ke Hobaneng Ha O Lokela Ho Hlompha Bolaodi?

“Hlomphang batho ba mefuta yohle, le be le lerato bakeng sa mokgatlo ohle wa barababo rona, le tshabe Modimo, le be le tlhompho bakeng sa morena.”—1 PETROSE 2:17.

1, 2. (a) Re lokela ho latela tataiso ya mang? (b) Re tlo tshohla dipotso dife kgaolong ena?

HA O ne o sa le ngwana, mohlomong ho kile ha etsahala hore batswadi ba hao ba re o etse ntho eitseng o sa batle. Ka ha o ne o rata batswadi ba hao, o ne o sa batle ho ba swabisa. Empa ho ka etsahala hore ebe ka dinako tse ding o ne o sa batle ho ba mamela.

2 Kaofela ha rona re a tseba hore Ntate wa rona Jehova o a re rata. O a re hlokomela mme o etsa bonnete ba hore re ba le ntho e nngwe le nngwe e le hore re thabele bophelo. O re fa tataiso eo re e hlokang e le hore re atlehe. Ebile ka nako tse ding o sebedisa batho ho re fa tataiso. Ka lebaka leo, re lokela ho hlompha bolaodi ba hae. (Liproverbia 24:21) Empa ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho le thata hakaale ho amohela taelo? Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re latele tataiso? Hona re ka bontsha jwang hore re hlompha bolaodi?—Sheba Ntlha ya 9 e hlahang qetellong ya buka.

KE HOBANENG HA HO LE THATA HAKAALE HO MAMELA BOLAODI?

3, 4. Ho tlile jwang hore batho e be ba sa phethahalang? Ke hobaneng ha ho le thata hakaale ho amohela tataiso kapa taelo e tswang ho batho ba bang?

3 Re le batho re na le mokgwa o mobe wa ho se mamele. Haesale sena se etsahala ho tloha tshimolohong, ha Adama le Eva ba etsa sebe. Le hoja ba ne ba bopilwe ba phethahetse, ba ile ba fetohela bolaodi ba Modimo. Ho tloha ka nako eo, batho bohle ba hlaha ba futsitse sebe ba bile ba sa phethahala. Taba ya hore ebe ha re a phethahala, e etsa hore ho be thata ho amohela tataiso kapa taelo e tswang ho Jehova le ho batho ba bang. Lebaka le leng hape ke hore esita le bona batho bao Jehova a ba sebedisang ho re fa tataiso, ba ntse ba sa phethahala.—Genese 2:15-17; 3:1-7; Pesaleme ya 51:5; Baroma 5:12.

4 Ka ha ha re a phethahala, sena se etsa hore ka dinako tse ding re ikgohomose. Jwale boikgohomoso le bona bo etsa hore ho be thata ho amohela tataiso kapa taelo eo re e fuwang. Ka mohlala, Jehova o ile a kgetha Moshe hore a tataise Baiseraele. Ka mora moo, monna ya bitswang Kora, ya neng a sebeleditse Jehova ka dilemolemo, o ile a qala ho ikgohomosa mme a tella Moshe. Le hoja Moshe a ne a tataisa bahlanka ba Modimo, ha a ka a ikgohomosa hohang. Ha e le hantle, o hlaloswa e le monna ya neng a ikokobeditse ka ho fetisisa mehleng eo ya hae. Empa Kora yena o ne a sa ikemisetsa ho amohela tataiso ya Moshe. O ile a ba a susumetsa bongata hore bo mo tshehetse mme bo fetohele Moshe. Jwale ho ile ha etsahalang ka Kora le baetsana bao ba hae? Ba ile ba bolawa. (Numere 12:3; 16:1-3, 31-35) Bibele e na le mehlala e mengata e re rutang hore boikgohomoso bo kotsi.—2 Likronike 26:16-21; Sheba Ntlha ya 10 e hlahang qetellong ya buka.

5. Ke jwang batho ba bang ba ileng ba sebedisa matla a bona hampe?

5 E ka nna yaba o tlwaelane le mantswe ana a reng: “Matla a na le ho mathela motho hloohong.” Ho a bonahala hore ho theosa le histori, haesale batho ba sebedisa matla a bona hampe. (Bala Moeklesia 8:9.) Nka ka mohlala, ha Jehova a tla kgetha Saule hore e be morena wa Iseraele, e ne e le monna ya lokileng le ya ikokobeditseng. Empa o ile a dumella boikgohomoso le mona ho hola pelong ya hae mme sena sa etsa hore a hlorise Davida. (1 Samuele 9:20, 21; 10:20-22; 18:7-11) Hamorao, Davida e ile ya ba morena ya molemo ka ho fetisisa ya kileng a ba teng Iseraele. Ho ntse ho le jwalo, esita le yena Davida, o ile a sebedisa matla a hae hampe. O ile a etsa bofebe le mosadi wa Uria, e leng Bathe-sheba. A leka ho pata sebe seo sa hae ka ho loha leano la hore Uria a bolawe ntweng.—2 Samuele 11:1-17.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI BA JEHOVA?

6, 7. (a) Ho rata Jehova ho tla re susumelletsa ho etsang? (b) Keng e ka re thusang hore re mamele Jehova esita le maemong ao ho leng thata ho etsa jwalo?

6 Re hlompha tataiso e tswang ho Jehova hobane re mo rata. Ka ha re mo rata ho feta ntho le ha e le efe le ho feta motho le ha e le ofe, re batla ho mo thabisa. (Bala Liproverbia 27:11; Mareka 12:29, 30.) Haesale ho tloha ka banyalani ba pele serapeng sa Edene, Satane a ntse a batla hore batho ba fetohele bolaodi ba Jehova. Ha e le hantle o batla hore re nke hore Jehova ha a na tokelo ya ho re bolella hore na re etseng. Empa re a tseba hore o bua leshano. Re dumellana le mantswe a reng: “Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle.”—Tšenolo 4:11.

7 Ha o ne o sa le ngwana, e ka nna yaba ho ne hothwe o mamele batswadi ba hao esita le ha o ne o sa batle. Ka tsela e tshwanang, jwalo ka ha re le bahlanka ba Jehova, ho ka nna ha ba le dinako tseo ho tsona ho seng bonolo ho mamela. Empa ka ha re rata Jehova, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho mo mamela. Jesu ke mohlala o motle wa sena. O ile a mamela Jehova esita le maemong ao ho neng ho se bonolo ho etsa jwalo. Ke ka lebaka leo a ileng a re ho Ntate wa hae: “Ho ke ho etsahale thato ya hao, eseng ya ka.”—Luka 22:42; Sheba Ntlha ya 11 e hlahang qetellong ya buka.

8. Jehova o re tataisa ka ditsela dife tse ding? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng: “Mamela Keletso.”)

8 Mehleng ena Jehova o re tataisa ka ditsela tse sa tshwaneng. Ka mohlala, o re file Bibele. O boetse hape o re file le baholo ba phutheho. Ka hona, re tla be re hlompha bolaodi ba Jehova haeba re mamela tataiso e tswang ho batho bao a ba sebedisang. Sena se bolela ho re ha re hana thuso ya bona, ha e le hantle re hana thuso ya Jehova. Ha Baiseraele ba ne ba hana ho mamela Moshe, Jehova o ile a nka taba eo ka botebo. O ile a nka ho tshwana le ha ba hana ho mo mamela.—Numere 14:26, 27; Sheba Ntlha ya 12 e hlahang qetellong ya buka.

MAMELA KELETSO

NAKO le nako motho e mong a ka nna a re fa keletso eitseng e thehilweng melaomotheong ya Bibele. Mabaka ana a latelang a mararo, a bontsha hore na hangata ke hobaneng ha ho se bonolo feela tjee ho amohela keletso.—Liproverbia 19:20.

  • Hangata ha re fuwa keletso re ye re utlwe eka ha e re ame kapa ha e sebetse ho rona. Mohlomong ke hobane re nahana hore motho ya re eletsang ha a utlwisise maemo a rona. (Baheberu 12:5) Empa o lokela ho ipotsa hore na ha e le hantle ke hobaneng ha motho eo a o file keletso. (Liproverbia 19:3) Hang ha o se o utlwisisa lebaka, jwale ho ka nna ha ba bonolo ho e amohela.—Bala Liproverbia 4:13.

  • Hangata ha re rate tsela eo re fuweng keletso ka yona. Re lokela ho hopola nnete ya hore ke motho ya phethahetseng feela ya ka re fang keletso ka tsela e phethahetseng. (Baroma 3:23; Jakobo 3:2) Ka hona, ho e na le hore o lebise tlhokomelo tseleng eo motho e mong a o fileng keletso ka yona, nahanisisa ka seo a se buileng le hore na o ka se sebedisa jwang.

  • Hangata re nahana hore ha re hloke keletso ka lebaka la dilemo kapa tsebo eo re nang le yona. Mehleng ya Baiseraele, esita le morena o ne a amohela keletso e tswang ho baprofeta, baprista le batho ba bang ba neng ba le tlasa puso ya hae. (2 Samuele 12:1-13; 2 Likronike 26:16-20) Ha re ikokobetsa mme re amohela keletso e thehilweng Bibeleng, re tla ba metswalle e haufi ya Jehova.—Tite 3:2.

Hopola hore keletso e tswang Bibeleng ke mpho e tswang ho Jehova, hobane o a re rata ebile o re batlela se molemo. Ka hona, etsa sohle se matleng a hao ho amohela keletso le ho e sebedisa.—Baheberu 12:6-11.

9. Lerato le ka re susumelletsa jwang hore re latele tataiso eo re e fuwang?

9 Haeba re hlompha bolaodi, seo se bontsha hantle hore re rata bara le baradibabo rona. Ako nahane ka sena. Hangata ha ho na le koduwa ya tlhaho, sehlopha sa ba ditshebeletso tsa tshohanyetso, se sebedisana haufiufi e le ho pholosa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ka teng. E le hore sehlopha sena se sebetse hantle, ho lokela ho be le mohlophisi ya tla etsa bonnete ba hore dintho di tsamaya hantle mme bohle ba tla lokela ho latela tataiso ya hae. Empa ho thweng haeba e mong a iphapanyetsa tataiso kapa taelo e fanwang, ebe o etsa se batlwang ke yena? Esita le haeba a na le mabaka a utlwahalang, ho se mamele taelo e fanwang ho ka bakela ditho tsa sehlopha sa hae mathata, mohlomong di ka ba tsa lemala hampe. Ka tsela e tshwanang, haeba re iphapanyetsa taelo e tswang ho Jehova le ho batho bao a ba fileng bolaodi, seo se ka lematsa ba bang. Empa ha re mamela Jehova, re bontsha hore re rata bara le baradibabo rona ebile re hlompha tokisetso ya Jehova ya bolaodi.—1 Bakorinthe 12:14, 25, 26.

10, 11. Re tlo tshohla eng hona jwale?

10 Sohle seo Jehova a reng re se etse se molemong wa rona. Ka hona, ha re hlompha bolaodi ka lapeng, ka phuthehong le ha re sebedisana le ba boholong pusong, bohle ba tla fumana molemo ka tsela eitseng.—Deuteronoma 5:16; Baroma 13:4; Baefese 6:2, 3; Baheberu 13:17.

11 Ho utlwisisa lebaka leo Jehova a batlang re mamele ba bang ka lona, ho tla re thusa hore re ba mamele. A re ke re tshohleng ka ho eketsehileng ka moo re ka hlomphang bolaodi ka teng dikarolong tse tharo tsa bophelo ba rona.

DITHO TSA LELAPA DI LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI

12. Monna a ka bontsha ka ditsela dife hore o hlompha bolaodi?

12 Jehova o entse lelapa mme o file ditho tsohle tsa lelapa boikarabelo. Ka hoo, haeba e mong le e mong ka lapeng a utlwisisa seo Jehova a se lebelletseng ho yena, tokisetso ena ya lelapa e tla sebetsa hantle mme lelapa lohle le tla rua molemo. (1 Bakorinthe 14:33) Jehova o entse monna hore e be hlooho ya lelapa. Sena se bolela hore o lebelletse hore a le hlokomele a be a tataise mosadi le bana ba hae ka lerato. Ka hoo, monna o tla ikarabella ho Jehova ka tsela eo a tshwarang lelapa la hae ka yona. Monna wa Mokreste o mosa, o lerato ebile o tshwara lelapa la hae ka tsela eo Jesu a tshwarang phutheho ka yona. Jwale ha monna a etsa sena, o tla be a bontsha hore ruri o hlompha bolaodi ba Jehova.—Baefese 5:23; Sheba Ntlha ya 13 e hlahang qetellong ya buka.

Ntate o balla bana ba hae buka ya Ithute ho Mosuoe e Moholo

Ntate wa Mokreste o etsisa Jesu ka hore a hlokomele lelapa la hae

13. Mosadi a ka bontsha ka ditsela dife hore o hlompha bolaodi?

13 Mosadi wa Mokreste le yena o na le boikarabelo ba bohlokwa le bo hlomphehang. O tshehetsa monna wa hae ha a ntse a sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa. O boetse o mo thusa ka boikarabelo ba bona ba ho kwetlisa bana. Tsela e nngwe eo a rutang bana ba hae hore ba hlomphe ka yona, ke ka ho ba behela mohlala. (Liproverbia 1:8) O hlompha monna wa hae ebile o ikokobelletsa diqeto tsa hae. Esita le ha a sa dumellane le yena ka taba eitseng, o ntsha maikutlo a hae ka mosa le ka tlhompho. Ke nnete hore maemong ao mosadi wa Paki ya Jehova a nyetsweng ke monna eo e seng Paki, ho ka ba le diteko tse ikgethang. Empa ha a itlwaeditse ho tshwara monna wa hae ka lerato le ka tlhompho, mohlomong ka le leng la matsatsi le yena o tla kgahlwa ke ho ithuta ka Jehova le ho mo rapela.—Bala 1 Petrose 3:1.

14. Bana ba ka bontsha ka ditsela dife hore ba hlompha bolaodi?

14 Jehova o nka bana e le ba bohlokwa, ka hoo, ba hloka ho sireletswa le ho tataiswa. Ba thabisa batswadi ba bona ha ba mamela. (Liproverbia 10:1) Malapeng a mangata, bana ba hodiswa ke motswadi a le mong feela. Sena se ka etsa hore ho be boima ho motswadi le ho bana. Empa haeba bana ba mamela ba bile ba tshehetsa motswadi enwa wa bona, bophelo ba lelapa bo tla ntlafala. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho na lelapa le phethahetseng. Le ha ho le jwalo, malapa ohle a ka thaba haeba ditho tsa lelapa di latela tataiso ya Jehova. Qetellong, sena se tlotlisa Jehova Moqapi wa malapa ohle.—Baefese 3:14, 15.

DITHO TSA PHUTHEHO DI LOKELA HO HLOMPHA BOLAODI

15. Re ka bontsha ka ditsela dife hore re hlompha bolaodi ka phuthehong?

15 Jehova o re tataisa ka phutheho ya Bokreste mme o file Jesu bolaodi bohle hodima yona. (Bakolose 1:13) Jesu o file “lekgoba le tshepahalang le le masene” boikarabelo ba ho hlokomela batho ba Modimo lefatsheng lohle. (Matheu 24:45-47) Kajeno, “lekgoba le tshepahalang le le masene” ke Sehlopha se Busang. Sehlopha se Busang se re fa seo re se hlokang ka nako e loketseng ho re thusa hore re dule re le matla tumelong. Baholo, bahlanka ba sebeletsang le balebedi ba potoloho, ba tshehetsa diphutheho lefatsheng lohle ka tataiso e tswang ho Sehlopha se Busang. Bara bana babo rona ba na le boikarabelo ba ho re hlokomela. Ba tla ikarabella ho Jehova ka tsela eo ba phethang boikarabelo bona ka yona. Ka hona, ha re hlompha banna bana, re hlompha Jehova.—Bala 1 Bathesalonika 5:12; Baheberu 13:17; Sheba Ntlha ya 14 e hlahang qetellong ya buka.

16. Ke hobaneng ha re ka re baholo le bahlanka ba sebeletsang ba kgethwa ka moya o halalelang?

16 Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba thusa phutheho hore e dule e tshepahala ebile e momahane. Ke nnete hore ha ba a phethahala jwalo ka rona. Ebe jwale ba kgethwa jwang? Ba lokela ho finyella ditshwaneleho tse itseng tse boletsweng ka Bibeleng. (1 Timothea 3:1-7, 12; Tite 1:5-9) Jehova o sebedisitse moya wa hae o halaleng ho thusa bangodi ba Bibele hore ba hlalose ditshwaneleho tsena. Baholo ba rapela Jehova hore a ba tataise ka moya o halalelang ha ba buisana ka hore na ke mang ya tshwanelehelang ho kgethwa e le moholo kapa mohlanka ya sebeletsang. Ka hoo, ho hlakile hore phutheho e tataiswa ke Jesu le Jehova. (Liketso 20:28) Banna bana ba kgethetsweng ho re tshehetsa le ho re hlokomela, ke dimpho tse tswang ho Modimo.—Baefese 4:8.

17. Moradiwabo rona a ka etsang maemong a mang ho bontsha hore o hlompha bolaodi?

17 Ka dinako tse ding, ho ka etsahala o fumane hore baholo le bahlanka ba sebeletsang ha ba yo bakeng sa ho phetha dikabelo tse itseng ka phuthehong. Morabo rona ya kolobeditsweng a ka thusetsa, empa le teng haeba a le siyo, moradiwabo rona a ka phetha kabelo eo. Maemong a jwalo, moradiwabo rona o lokela ho rwala ho hong ho kwahela hlooho ya hae, mohlomong a ka rwala tuku kapa katiba. (1 Bakorinthe 11:3-10) Ha a etsa jwalo, o tla be a bontsha hore o hlompha tokisetso ya Jehova ya bolaodi ka lapeng le ka phuthehong.—Sheba Ntlha ya 15 e hlahang qetellong ya buka.

HLOMPHA BA BOHOLONG PUSONG

18, 19. (a) Re ithutang lengolong la Baroma 13:1-7? (b) Re ka bontsha tlhompho jwang ho ba boholong pusong?

18 Kajeno Jehova o dumelletse mebuso ho ba le bolaodi bo itseng, ka hoo re lokela ho e hlompha. E hlophisa dinaha le ditjhaba e le hore dintho di tsamaye hantle le ho fana ka ditshebeletso tse hlokahalang setjhabeng. Bakreste ba mamela taelo e ho Baroma 13:1-7. (E bale.) Re hlompha “balaodi ba phahameng” mme re boloka melao ya naha kapa ya sebaka seo re phelang ho sona. Melao ena e ka ama malapa a rona, dikgwebo le dintho tseo re nang le tsona. Ka mohlala, re patala lekgetho mme re fana ka boitsebiso bo hlokahalang mmusong. Empa re lokela ho etsang ha mmuso o re re etse ntho e kgahlanong le molao wa Modimo? Moapostola Petrose o itse: “Re tla mamela Modimo e le mmusi ho e na le batho.”—Liketso 5:28, 29.

19 Kamehla ha re sebedisana le ba boholong pusong jwalo ka baahlodi kapa mapolesa, re tlameha ho bontsha tlhompho. Batjha ba Bakreste ba lokela ho hlompha matitjhere a bona le basebeletsi ba bang ba sekolo. Ha re le mosebetsing, re lokela ho hlompha bahiri ba rona esita le haeba basebetsi ba bang bona ba sa ba hlomphe. Ha re etsa jwalo, re etsisa moapostola Pauluse ya neng a hlompha balaodi le hoja ka dinako tse ding ho ne ho le thata ho etsa jwalo. (Liketso 26:2, 25) Esita le ha ba bang ba re tshwara hampe, re dula re ba hlompha.—Bala Baroma 12:17, 18; 1 Petrose 3:15.

20, 21. Ke melemo efe e tliswang ke ho hlompha ba bang?

20 Lefatsheng lohle batho ba ntse ba fellwa ke tlhompho. Empa bahlanka ba Jehova bona ha ba jwalo. Re ikemiseditse ho dula re hlompha batho bohle. Re latela tataiso ya moapostola Petrose e reng: “Hlomphang batho ba mefuta yohle.” (1 Petrose 2:17) Batho ba a bona ha re ba hlompha. Jesu o itse: “Lesedi la lona le ke le kganye ka pela batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ya lona e metle mme ba tlotlisa Ntata lona.”—Matheu 5:16.

21 Ha re bontsha tlhompho ka lapeng, ka phuthehong le dikarolong tsohle tsa bophelo, seo se tla etsa hore ba bang ba batle ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova. Ha re hlompha ba bang, re hlompha Jehova. Sena se thabisa Jehova ebile se bontsha hore re a mo rata.

MELAOMOTHEO YA BIBELE

1 JEHOVA O SEBEDISA BATHO BA BANG HO RE TATAISA

“Hlomphang batho ba mefuta yohle, . . . le tshabe Modimo.” —1 Petrose 2:17

Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho latela tataiso?

  • Numere 16:1-3; Moeklesia 8:9; Baroma 5:12

    Batho bao Jehova a ba sebedisang ho re tataisa, ba ntse ba sa phethahala jwalo ka rona.

  • Luka 22:42

    Jesu ke mohlala o motle wa ho mamela. O ne a mamela Jehova ka dinako tsohle.

  • Liproverbia 27:11; Mareka 12:29, 30

    Lerato leo re ratang Jehova ka lona, le re susumelletsa hore re hlomphe tokisetso ya hae. Ho na le hlooho ya lelapa ka lapeng. Sekolong ho na le matitjhere. Athe ha e le ka phuthehong teng, ho na le baholo.

2 TOKISETSO YA LELAPA E TSWA HO JEHOVA

“Ke kgumamela Ntate, eo lelapa le leng le le leng . . . le bitswang ka yena.”—Baefese 3:14, 15

Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re hlomphe tokisetso ya lelapa?

  • Liproverbia 10:1

    Jehova o entse lelapa hore e be sebaka se sireletsehileng seo bana ba ka holelang ho sona mme setho se seng le se seng sa lelapa se thabele lerato le mofuthu.

  • Liproverbia 1:8; 1 Bakorinthe 11:3; Baefese 6:1-3; 1 Petrose 3:1

    Lelapa kaofela le fumana molemo haeba e mong le e mong ka lapeng a hlompha boikarabelo ba hae.

3 JEHOVA O FILE JESU BOLAODI HODIMA DIPHUTHEHO

“Kreste . . . [ke] hlooho ya phutheho.” —Baefese 5:23

Ke hobaneng ha re lokela ho tsamaisana le tokisetso ya phutheho?

  • Matheu 24:45-47

    Jesu o sebedisa “lekgoba le tshepahalang le le masene” ho hlokomela bahlanka ba Modimo lefatsheng.

  • 1 Bathesalonika 5:12; Baheberu 13:17

    Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba thusa phutheho hore e be matla. Re tla be re bontsha hore re hlompha bolaodi ba Jehova ka ho sebedisana hantle le bara bana babo rona.

  • Liketso 20:28

    Bohle re fumana molemo ha re tshehetsa phutheho ka ho felletseng. Ha e le hantle ke tokisetso ya Jehova ya borapedi.

4 JEHOVA O DUMELLETSE MEBUSO HORE E BE LE BOLAODI BO ITSENG

“Ha ho na bolaodi haese ka Modimo; balaodi ba leng teng ba behilwe ke Modimo maemong a bona a lekanyeditsweng.” —Baroma 13:1

Re ka bontsha jwang hore re hlompha mebuso?

  • Matheu 5:16; 1 Petrose 3:15

    Re bontsha hore re a hlompha ka seo re se buang le seo re se etsang. Sena se tlotlisa Jehova.

  • Liketso 26:2, 25; Baroma 12:17, 18

    Bakreste ba hlompha melao ya naha eo ba dulang ho yona. Ba dula ba e hlompha esita le ha ba tshwarwa hampe.

  • Baroma 13:1-4

    Melaomotheo ya Bibele e ka o thusa hore o hlomphe ba nang le bolaodi.

  • Matheu 22:37-39; 26:52; Johanne 18:36; Liketso 5:27-29; Baheberu 10:24, 25

    Ha ba boholong pusong ba re o etse ntho e kgahlanong le melao ya Jehova, o lokela ho ikgethela hore na ke mang eo o tla mo mamela.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share