SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38
PINA YA 120 Eba Bonolo Jwalo ka Kreste
Hlompha Batho ba Bang
“Ho hlomphuwa ho molemo ho feta silevera le kgauta.”—DIPROV. 22:1.
NTLHAKGOLO
Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha re lokela ho hlompha batho ba bang, le hore na re ka etsa seo jwang le ha re le tlasa maemo a thata.
1. Ke hobaneng ha batho ba thaba ha ba hlomphuwa? (Diproverbia 22:1)
NA O a thaba ha batho ba bang ba o hlompha? Ha ho potang hore o a thaba. Motho e mong le e mong o hloka ho hlomphuwa. Re a thaba ha re hlomphuwa. Ke ka hoo Bibele e reng “ho hlomphuwa ho molemo ho feta silevera le kgauta.”—Bala Diproverbia 22:1.
2, 3. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho se bonolo hore re hlomphe batho ba bang, hona re tlo ithuta eng sehloohong see?
2 Ka dinako tse ding, ha ho bonolo hore re hlomphe batho ba bang. Lebaka ke hobane re bona mefokolo ya batho bao re phelang hara bona. Hape re phela nakong eo batho ba bangata ba sa hlompheng. Empa rona re lokela ho fapana le bona. Hobaneng? Hobane Jehova o batla hore re hlomphe “batho ba mefuta yohle.”—1 Pet. 2:17.
3 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na ho bolela eng ho hlompha batho ba bang le hore na re ka hlompha (1) ba lelapa, (2) Bakrestemmoho le (3) batho bao eseng Dipaki jwang. Ka ho kgetheha re tlo ithuta hore na re ka bontsha jwang hore re hlompha batho le tlasa maemo a thata.
HO BOLELA ENG HO HLOMPHA BATHO BA BANG?
4. Ho bolela eng ho hlompha batho ba bang?
4 O ka re tlhompho ke eng? Tlhompho e amana le tsela eo re shebang le ho tshwara motho ka yona. Ha re hlokomela hore motho o na le makgabane a itseng, o finyelletse dintho tse itseng kapa o na le maemo kapa bolaodi bo itseng, re ka mo tshwara ka tsela e bontshang hore re a mo hlompha. Hape ha re hlompha batho ba bang, re ba tshwara ka tsela e tla etsa hore ba ikutlwe e le ba bohlokwa, ba ananelwa ebile ba hlompheha. Ke ha bohlokwa hore re hlomphe batho ho tswa pelong.—Mat. 15:8.
5. Ke eng e ka re susumetsang hore re hlomphe batho?
5 Jehova o batla hore re hlomphe batho ba bang. Ha e le hantle, o re re hlomphe “balaodi ba phahameng.” (Bar. 13:1, 7) Empa batho ba bang ba ka nna ba re: “Ke thabela ho hlompha batho haeba feela ba etsa dintho tse ntle.” Na lebaka lee le a utlwahala? Tjhe. Jwalo ka bahlanka ba Jehova, re a tseba hore ha re a lokela ho hlompha batho ka lebaka la dintho tseo ba di etsang kapa tseo ba sa di etseng. Re ba hlompha hobane re rata Jehova mme re batla ho mo thabisa.—Josh. 4:14; 1 Pet. 3:15.
6. Na ho a kgoneha hore o hlomphe motho ya sa o hlompheng? Hlalosa. (Sheba setshwantsho.)
6 Batho ba bang ba ka nna ba ipotsa, ‘Na ho a kgoneha hore o hlomphe motho ya sa o hlompheng?’ E. Nahana ka mehlala ena. Morena Saule o ile a tlotlolla mora wa hae Jonathane ka pela batho ba bang. (1 Sam. 20:30-34) Le ha ho le jwalo, Jonathane o ile a hlompha le ho tshehetsa ntate wa hae ntweng ho fihlela letsatsing leo Saule a ileng a shwa ka lona. (Ex. 20:12; 2 Sam. 1:23) Moprista ya Phahameng Eli o ile a qosa Anna ka hore o tahilwe. (1 Sam. 1:12-14) Ho ntse ho le jwalo, Anna o ile a bua le Eli ka tlhompho, le hoja ho ne ho tsebahala Iseraele hore Eli o hlolehile ho phetha boikarabelo ba hae jwalo ka ntate le moprista ya phahameng. (1 Sam. 1:15-18; 2:22-24) Banna ba Athene le bona ba ile ba rohaka moapostola Pauluse, ba re ke ‘lehlanya le buang haholo.’ (Dik. 17:18) Ho sa tsotellehe sena, Pauluse o ile a bua le bona ka tlhompho. (Dik. 17:22) Mehlala ena ke bopaki ba hore haeba re rata Jehova haholo mme re mo hlompha hoo re tshabang ho mo utlwisa bohloko, re ka susumelletseha ho hlompha batho ba bang, eseng feela ha ho le bonolo empa le tlasa maemo a thata. A re hlahlobeng hore na ke bomang bao re lokelang ho ba hlompha le hore na hobaneng.
Jonathane o ile a tswela pele a sireletsa le ho tshehetsa ntate wa hae jwalo ka morena le hoja ntate wa hae a ileng a mo tlotlolla (Sheba serapa sa 6)
HLOMPHA BA LELAPA
7. Ke eng e ka nnang ya etsa hore ho be thata hore re hlomphe ba lelapa?
7 Bothata. Re qeta nako e ngata re ena le ba lelapa la rona. Ka hoo, re tseba matla le mefokolo ya bona. Ba ka nna ba eba le bokudi bo etsang hore ho be thata hore re ba hlokomele, kapa ba be le bothata ba ho tshwenyeha haholo. Ba bang ba ka nna ba bua le ho etsa dintho tse re utlwisang bohloko. Ba bang bona ha ba hlomphane, mme seo se ka etsa hore ho se ke ha eba le kgotso le thabo ka lapeng. Ka nnete sena se etsa hore ho se ke ha eba le momahano ka lapeng. Jwalo ka lefu la masapo le ka sitisang dikarolo tse ding tsa mmele ho sebetsa hantle, ho se hlomphe ba bang ka lapeng ho ka sitisa lelapa hore le sebedisane hantle. Ho fapana le lefu la masapo leo re se nang matla a ho le fodisa, re ka kgaotsa ho se hlomphane, e leng ntho e tla etsa hore re utlwane ka lapeng.
8. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re hlomphe ba lelapa? (1 Timothea 5:4, 8)
8 Ke hobaneng ha o lokela ho hlompha ba lelapa? (Bala 1 Timothea 5:4, 8.) Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea, o ile a bua ka hore na ditho tsa lelapa di ka hlokomela ditlhoko tsa ditho tse ding tsa lelapa jwang. A boela a hlalosa hore lebaka la rona le ka sehloohong la ho hlompha ba lelapa, e lokela ho ba hobane re “rata Modimo,” eseng hobane re tlamehile. Ho “rata Modimo” ho bolela ho sebeletsa Modimo ka botshepehi. Jehova o thehile lelapa. (Baef. 3:14, 15) Ka hoo, haeba re hlompha ba lelapa re tla be re bontsha hore re hlompha Jehova, e leng Mothehi wa lelapa. Ka nnete lena ke lebaka le matla la ho hlompha ba lelapa.
9. Monna le mosadi ba ka hlomphana jwang? (Sheba ditshwantsho.)
9 O ka hlompha ba lelapa jwang? Monna ya hlomphang mosadi wa hae, o mo tshwara ka tlhompho ha ba le bang le ha ba le hara batho mme o etsa hore a ikutlwe e le wa bohlokwa. (Diprov. 31:28; 1 Pet. 3:7) Ha ho mohla a mo otlang, a mo tlotlollang kapa hona ho etsa hore a ikutlwe e se wa bohlokwa. Morabo rona Ariel,a ya dulang Argentina, o re: “Ka dinako tse ding, mosadi wa ka o na le ho bua dintho tse nkutlwisang bohloko ka lebaka la bokudi ba hae. Ha sena se etsahala, ke a ikgopotsa hore dintho tseo a di buang ha di tswe pelong. Ke ye ke hopole lengolo la 1 Bakorinthe 13:5, le nthusang hore ke bue le yena ka tlhompho, ho ena le ho bua le yena ka tsela e mo nyenyefatsang.” (Diprov. 19:11) Mosadi ya hlomphang monna wa hae, o bua hantle ka yena ho batho ba bang. (Baef. 5:33) O qoba ho mo soma, ho bua le yena ka tsela e phoqang le ho mo bitsa ka mabitso a nyefolang, mme o a hlokomela hore boitshwaro bo jwalo bo ka senya lenyalo la bona. (Diprov. 14:1) Moradi wa bo rona ya dulang Italy eo monna wa hae a nang le bothata ba ho tshwenyeha o re: “Ka dinako tse ding ke ne ke utlwa eka monna wa ka o tshwenyeha ho feta tekano. Nakong e fetileng ha ke ne ke bua le yena, mantswe a ka le tsela eo ke shebahalang ka yona mahlong, di ne di bontsha hore ha ke mo hlomphe. Empa ke hlokometse hore ha ke qeta nako le batho ba buang ka tsela e hlomphang, ke susumelletseha ho hlompha monna wa ka.”
Ha re hlompha ba lelapa la rona, re bontsha hore re hlompha Hlooho ya malapa ohle, e leng Jehova (Sheba serapa sa 9)
10. Bana ba ka hlompha batswadi ba bona jwang?
10 Bana, mamelang melao eo batswadi ba lona ba le behetseng yona ka lapeng. (Baef. 6:1-3) Bua le batswadi ba hao ka tlhompho. (Ex. 21:17) Ha batswadi ba hao ba ntse ba hola, ba tla hloka thuso ya hao haholwanyane. Etsa sohle seo o ka se kgonang ho ba hlokomela. Nahana ka mohlala wa María, eo ntate wa hae eseng Paki ya Jehova. Ha ntate wa hae a kula, o ile a etsa hore ho be thata hore María a mo hlokomele hobane o ne a mo tshwara ka tsela e seng mosa. María o re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke hlomphe ntate wa ka ke be ke kgone ho bontsha hore ke a mo hlompha. Ke ile ka hlokomela hore ha Jehova a re ke hlomphe batswadi ba ka, o tla mpha matla a hore ke etse jwalo. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka lemoha hore ntate wa ka ha a lokela ho fetoha e le hore nka mo hlompha.” Ha re hlompha ba lelapa ho sa tsotellehe mefokolo ya bona, re bontsha hore re hlompha tokisetso ya Jehova ya lelapa.
HLOMPHA BAKRESTEMMOHO
11. Ke hobaneng ha ho ka ba thata ho hlompha barapedimmoho le rona?
11 Bothata. Bakrestemmoho ba phela ka melao ya Bibele, empa ka dinako tse ding ba ka re tshwara ka tsela e seng mosa, ba bua dintho tse fosahetseng ka rona kapa hona ho re tena. Haeba morapedimmoho ‘a re kgopisa,’ re ka thatafallwa ke ho mo hlompha. (Bakol. 3:13) Empa ke eng e ka re thusang hore re tswele pele ho mo hlompha?
12. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re hlomphe Bakrestemmoho le rona? (2 Petrose 2:9-12)
12 Ke hobaneng ha o lokela ho hlompha Bakrestemmoho? (Bala 2 Petrose 2:9-12.) Lengolong la hae la bobedi, Petrose o ile a re ba bang ka phuthehong ba ile ba bua hampe ka “bao Modimo a ba phahamisitseng,” e leng baholo. Mangeloi a tshepahalang a boneng ha seo se etsahala, a ile a etsang? Ka ha “a hlompha Jehova,” ha a ka a bua hampe ka batho bao ba neng ba etsa dintho tse fosahetseng. Ako nahane feela, mangeloi a phethahetseng a ile a etsa bonnete ba hore ha a bue hampe ka banna bao ba ikgohomosang. Ho ena le hoo, a ile a tlohella dintho matsohong a Jehova e le hore Jehova a ahlole banna bao le ho ba fa kotlo. (Bar. 14:10-12; bapisa le Juda 9.) Re ka ithutang mohlaleng wa mangeloi? Haeba re lokela ho hlompha batho ba re hanyetsang, hakaakang ka Bakrestemmoho le rona. Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ‘ho ba ba pele’ ba ho hlompha Bakrestemmoho le rona. (Bar. 12:10) Ha re etsa jwalo, re bontsha hore re hlompha Jehova.
13, 14. Re ka hlompha batho ba bang ka phuthehong jwang? Fana ka mehlala. (Sheba ditshwantsho.)
13 O ka hlompha Bakrestemmoho jwang? Baholo, rutang ka tsela e lerato. (Filem. 8, 9) Haeba le hloka ho kgalemela ba bang, ebang mosa mme le se ke la ba kgalemela le halefile. Baradi ba bo rona, le ka thusa ba bang ka phuthehong hore ba hlomphane ka hore le se ke la bua hampe ka batho ba bang, la seba kapa hona ho etselletsa. (Tite 2:3-5) Kaofela ha rona re ka bontsha hore re hlompha baholo ka ho sebedisana le bona hantle le ho bontsha hore re ananela mosebetsi o boima oo ba o etsang wa ho kganna diboka, ho etella pele mosebetsing wa boboledi le ho thusa batho ba etsang “ntho e fosahetseng.”—Bagal. 6:1; 1 Tim. 5:17.
14 Moradi wa bo rona Rocío o ile a thatafallwa ke ho hlompha moholo ya mo fileng keletso. Hobaneng? O re: “Ke ile ka utlwa eka ha a bua le nna ka tsela e mosa. Ha ke fihla hae, ke ile ka bua hampe ka yena. Le hoja ke ne ke leka ho pata tsela eo ke ikutlwang ka yona, ka pelong ke ne ke belaella boikemisetso ba hae mme ha ke a ka ka mamela keletso ya hae.” Moradi wa bo rona Rocío o ile a thuswa ke eng? O re: “Mmalong wa ka wa Bibele, ke ile ka bala lengolo la 1 Bathesalonika 5:12, 13. Ha ke hlokomela hore ke ne ke sa hlomphe morabo rona, letswalo la ka le ile la qala ho ntshetshetha. Ke ile ka rapela Jehova yaba ke etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona ka taba ena, mme seo se ile sa nthusa hore ke fetole boikutlo ba ka. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore bothata e ne e se morabo rona, empa ke ne ke ikgohomosa. Hona jwale ke a utlwisisa hore boikokobetso bo amana le bokgoni ba ho hlompha batho ba bang. Ke nnete hore ke ntse ke hloka ho ntlafatsa empa ha ke ntse ke leka ho hlompha batho ba bang, ke a tseba hore ke thabisa Jehova mme seo se etsa hore ke be le kgotso.”
Kaofela ha rona re bontsha hore re hlompha baholo ka hore re sebedisane ha mmoho le bona le ho ananela mosebetsi o boima oo ba o etsang (Sheba serapa sa 13 le 14)
HLOMPHA BATHO BAO ESENG DIPAKI TSA JEHOVA
15. Ke hobaneng ha re ka thatafallwa ke ho hlompha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova?
15 Bothata. Hangata tshimong re kopana le batho ba bontshang hore ha ba thabele nnete ya Bibele. (Baef. 4:18) Ba bang ba hana ho mamela molaetsa wa rona ka lebaka la dintho tseo ba ileng ba di rutwa ha ba ntse ba hola. Maemong a mang re ka lokela ho mamella bahiri ba rona kapa matitjhere a rona ao ho leng thata ho a kgahlisa. Hape re ka lokela ho mamella bana bao re kenang sekolo le bona kapa basebetsimmoho bao ho leng thata ho sebedisana le bona. Ha nako e ntse e ya, re ka qetella re se re sa ba hlomphe mme ra hloleha ho ba tshwara ka tsela eo re neng re ka thabela ho tshwarwa ka yona.
16. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re hlomphe batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova? (1 Petrose 2:12; 3:15)
16 Ke hobaneng ha o lokela ho hlompha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova? Hopola hore Jehova o ela hloko tsela eo re tshwarang batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova ka yona. Moapostola Petrose o ile a hopotsa Bakreste hore boitshwaro ba bona bo botle bo ka susumetsa ba bang hore “ba rorise Modimo.” Ka lebaka leo, o ile a ba eletsa hore ha ba emela tumelo ya bona, ba etse jwalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (Bala 1 Petrose 2:12; 3:15.) Ho sa tsotellehe hore na Bakreste ba lokela ho hlalosa seo ba se dumelang ka pela baahlodi kapa ho motho le ha e le ofe, ba lokela ho tshwara batho bao eseng Dipaki ka tsela eo ba neng ba ka ba tshwara ka yona haeba Modimo a ne a le pela bona. Ha e le hantle, Jehova o bona seo re se etsang ebile o utlwa seo re se buang le hore na re se bua jwang. Lena ke lebaka le matla le re susumelletsang hore re hlomphe batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova.
17. Re ka bontsha jwang hore re hlompha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova?
17 O ka hlompha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova jwang? Ha re le tshimong, ha re batle ho etsa hore batho ba sa tsebeng Lentswe la Modimo ba ikutlwe eka re ba kgella fatshe. Ho ena le hoo, re batla ho ba nka ba re phahametse ebile e le ba bohlokwa ho Modimo. (Hag. 2:7; Bafil. 2:3) Haeba motho a bua hampe ka seo o se dumelang, o se ke wa iphetetsa ka ho mo fetola ditsheho kapa ho mo phoqa. (1 Pet. 2:23) Haeba o buile ntho eo o ikwahlaelang yona, ke ha bohlokwa hore o kope tshwarelo hanghang. O ka bontsha jwang hore o hlompha batho bao o sebetsang le bona? Eba motho ya sebetsang ka thata mme o leke ho sheba makgabane a batho bao o sebetsang le bona le bao o ba sebeletsang. (Tite 2:9, 10) Ha o le motho ya sebetsang ka thata, ya sebetsang ka pelo yohle le ya buang nnete, ha se ka mehla o ka thabisang batho kaofela empa kgodiseha hore o thabisa Modimo.—Bakol. 3:22, 23.
18. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re hlomphe batho ba bang?
18 Re na le mabaka a mangata a ho hlompha le ho bontsha batho ba bang tlhompho. Re se re ithutile hore ha re hlompha ba malapa a rona, re hlompha Jehova jwalo ka Hlooho. Ka ho tshwanang, ha re hlompha bara le baradi ba bo rona, re bontsha hore re hlompha Ntate wa rona ya lehodimong. Hape ha re hlompha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova, re etsa hore ho be bonolo hore ba rorise le ho hlompha Jehova Modimo. Le hoja ba bang ba sa re hlomphe, ke ha bohlokwa hore rona re ba hlomphe. Hobaneng? Hobane Jehova o tla re hlohonolofatsa. O re fa tshepiso ena: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.”—1 Sam. 2:30.
PINA YA 129 Re Tla Dula re Mameletse
a Mabitso a mang a fetotswe.