LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g24 No. 1 maq. 4-6
  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?
  • Fadimehang!—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA HO HLOMPHA BATHO BA BANG HO LE BOHLOKWA?
  • O KA BONTSHA JWANG HORE O HLOMPHA BATHO BA BANG?
  • DIPAKI TSA JEHOVA DI BONTSHA JWANG HORE DI HLOMPHA BATHO BA BANG?
  • Hlompha Batho ba Bang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe?
    Fadimehang!—2024
  • Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang
    Dihlooho Tse Ding
  • Ke Hobaneng ha o Lokela ho Hlompha Bolaodi?
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Tse Ding
Fadimehang!—2024
g24 No. 1 maq. 4-6
Monna e mong restjhurenteng o omanya motho ya ba tliseditseng dijo le hoja a leka ho kopa tshwarelo mme o etsa hore batho ba dutseng le yena tafoleng ba ikutlwe ba sa phutholoha.

Ke Hobaneng ha Batho ba se ba sa Hlomphe ba Bang?

KE HOBANENG HA HO HLOMPHA BATHO BA BANG HO LE BOHLOKWA?

Ho hlompha batho ba bang ho etsa hore dintho di se ke tsa tswa taolong ha ho eba le diqabang.

  • Maele a Bibele a re: “Karabo e bonolo e leleka kgalefo empa lentswe le hlabang le fehla bohale.” (Diproverbia 15:1) Ho se hlomphe batho ba bang ka seo re se buang le seo re se etsang, ho tshwana le ha eka re tshela parafine mollong mme seo se ba le diphello tse bohloko.

  • Jesu o ile a re: “Motho o bua ntho e tletseng ka pelong ya hae.” (Matheu 12:34) Ho hlompholla batho ba bang ka seo re se buang, ho ka bontsha hore na ehlile re ikutlwa jwang ka batho ba morabe, setso, botjhaba kapa ba phelang ka tsela e sa tshwaneng le eo rona re phelang ka yona.

    Phuputsong e nngwe e sa tswa etswa morao tjena ho batho ba fetang 32 000 dinaheng tse 28, ba etsang diphesente tse 65 ba boletse hore batho ha ba sa na mekgwa ebile ha ba sa hlomphana mehleng ena.

O KA BONTSHA JWANG HORE O HLOMPHA BATHO BA BANG?

Ha o le sekolong kapa mosebetsing, hlompha batho bohle le haeba o sa dumellane le bona ka dintho tse itseng. Sheba dintho tseo o dumellanang le bona ka tsona. Ho etsa jwalo, ho tla o thusa hore o se ke wa ba nyenyefatsa kapa wa ba ahlola.

“Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa.”—Matheu 7:1.

Tshwara batho ba bang ka tsela eo le wena o batlang ho tshwarwa ka yona. Haeba o le mosa mme o nahanela batho ba bang, le bona ba ka nna ba o tshwara ka tsela e tshwanang.

“Le etse batho dintho tseo le batlang hore ba le etse tsona.”—Luka 6:31.

Eba motho ya tshwarelang. Iphapanyetse diphoso tsa batho ba bang mme o se ke wa nahana hore ba ne ba batla ho o utlwisa bohloko.

“Motho ya nang le temoho o dieha ho halefa mme o tla hlomphuwa ka lebaka la ho iphapanyetsa phoso.”—Diproverbia 19:11.

Dipaki Tsa Jehova di sebakeng sa tsona sa borapedi ho tla ithuta Bibele mme batho ba dilemo le merabe e sa tshwaneng ba dumedisana ba thabile.
Dipaki Tsa Jehova di sebakeng sa tsona sa borapedi ho tla ithuta Bibele mme batho ba dilemo le merabe e sa tshwaneng ba dumedisana ba thabile.

DIPAKI TSA JEHOVA DI BONTSHA JWANG HORE DI HLOMPHA BATHO BA BANG?

Dipaki Tsa Jehova di hlompha batho ba bang moo di dulang teng le moo di sebetsang teng.

Re ithaopela ho ruta batho Bibele mahala empa ha re ba hatelle ho dumela seo re se dumelang kapa ho bona dintho ka tsela eo re di bonang ka yona. Ho ena le hoo, re leka ho sebedisa keletso ya Bibele e reng ‘re arabe batho ka bonolo le ka tlhompho’ ha re ba bolella molaetsa wa rona.—1 Petrose 3:15; 2 Timothea 2:24.

Ha re kgetholle batho ba bang empa re amohela motho e mong le e mong ya batlang ho ithuta Bibele hore a tle dibakeng tsa rona tsa borapedi, ho sa tsotellehe hore na o tswa hokae. Re lwanela ho amohela ‘le ho hlompha batho ba mefuta yohle.’—1 Petrose 2:17.

Re hlompha balaodi ba phahameng dibakeng tseo re dulang ho tsona. (Baroma 13:1) Re mamela melao ebile re patala makgetho. Le hoja re sa kenelle ditabeng tsa dipolotiki, re hlompha diqeto tsa batho ditabeng tsa dipolotiki.

Ditshwantsho: Dikarolo tse hlahang videong ya “Na Lerato le ka Hlola Lehloyo?” 1. Monna wa Moarabe. 2. Monna wa Mojuda.

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Ho thata hore o hlomphe batho ba bang haeba o ile wa rutwa hore o ba hloye. Ithute ka moo banna ba babedi ba tswang dinaheng tse neng di lwantshana ba ileng ba kgona ho hlompha batho ba bang ka teng. Sheba video ya sehlooho se reng Na Lerato le ka Hlola Lehloyo? websaeteng ya jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share