LEBOKOSE LA 2B
Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng
Lebitso Ezekiele le bolela “Modimo o a Matlafatsa.” Le hoja boholo ba boprofeta ba Ezekiele e le ditemoso tseo Modimo a di fileng batho ba hae, molaetsa wa hae ka kakaretso o dumellana le seo lebitso la hae le se bolelang hobane o matlafatsa tumelo ho batho ba batlang ho sebeletsa Modimo ka tsela e nepahetseng.
BAPROFETAMMOHO LE EZEKIELE
JEREMIA,
o hlaha lelapeng la boprista, boholo ba nako o ne a sebetsa a le Jerusalema (647-580 B.C.E.)
HULDA
e ne e le moprofeta nakong eo buka ya Molao e fumanwang ka tempeleng hoo e ka bang ka selemo sa 642 B.C.E.
DANIELE,
o ne a tswa lelokong la borena la Juda, hape o ile a iswa Babilona ka 617 B.C.E.
HABAKUKE
ho ka etsahala hore e bile moprofeta Juda qalong ya puso ya Jojakime
OBADIA
o ile a profeta molaetsa wa kahlolo o yang ho Edomo mme ho ka etsahala hore ebe e ne e le ka nako eo Jerusalema e neng e fediswa
BA PROFETILE NENG? (DILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA YA JESU)
DINTHO TSA BOHLOKWA TSE ETSAHETSENG MEHLENG YA EZEKIELE (DILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA YA JESU)
h.643: Ezekiele o a hlaha
617: O iswa botlamuweng Babilona
613: E ba moprofeta, o bona dipono ka Jehova
612: O bona pono ya hore ho tla ba le bokwenehi tempeleng
611: O soma Jerusalema
609: Mosadi wa hae o a shwa mme Jerusalema e thibellwa ka lekgetlo la ho qetela
607: O fumana molaetsa wa hore Jerusalema e fedisitswe
593: O bona pono ya tempele
591: O profeta hore Nebukadnezare o tla hlasela Egepeta, o qeta ho ngola buka ya hae
MARENA A JUDA LE A BABILONA
659-629: Josiase o kgothaletsa borapedi ba nnete empa o shwella ntweng ha a ntse a lwana le Faro ya bitswang Neko
628: Joakaze e ba morena ya kgopo mme o busa dikgwedi tse tharo feela. Ka mora moo o tshwarwa ke Faro Neko
628-618: Jojakime ke morena ya kgopo mme Faro Neko o a mo laola
625: Nebukadnezare o hlola Baegepeta
620: Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekgetlo la pele mme o laola Jojakime Jerusalema
618: Jojakime o fetohela Nebukadnezare mme ho ka etsahala hore ebe o ile a shwa ha Babilona e hlasela Naha e Tshepisitsweng ka lekgetlo la bobedi
617: Jojakine eo hape a bitswang Jekonia ke morena ya kgopo ebile o busa dikgwedi tse tharo feela mme ha morao o inehela ho Nebukadnezare
617-607: Morena Tsedekia ya kgopo, wa lekwala o laolwa ke Nebukadnezare
609: Tsedekia o fetohela Nebukadnezare. Ka mora moo, Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekgetlo la boraro
607: Nebukadnezare o fedisa Jerusalema, o hapa Tsedekia, o mo honya mahlo ebile o mo isa Babilona