LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 58 leq. 140-leq. 141 ser. 3
  • Jerusalema e a Timetswa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jerusalema e a Timetswa
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Boprofeta bo Buang ka Mesia—Sefate se Seholo sa Kedare
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Jehova o Tla Putsa e Mong le e Mong ho ya ka Mesebetsi ya Hae
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Kakaretso ya Jeremia
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 58 leq. 140-leq. 141 ser. 3
Jerusalema le tempele dia tjheswa

THUTO YA 58

Jerusalema e a Timetswa

Batho ba Juda ba ne ba fetohela Jehova ka makgetlo a mangata mme ba rapela medimo ya bohata. Jehova o ile a leka ho ba thusa ka dilemo tse ngata. O ile a romela baprofeta ba bangata hore ba ba lemose, empa ha ba a ka ba mamela. Ho e na le hore ba mamele baprofeta, ba ne ba ba soma. Jehova o ile a etsang ho fedisa borapedi ba bona ba ditshwantsho?

Morena wa Babilona, e leng Nebukadnezare, o ne a ntse a hapa dinaha tse ngata. O ile a hapa Jerusalema mme a isa Morena Jojakine, bara ba hae, masole le batho ba etsang mesebetsi ya matsoho Babilona. A boela a nka matlotlo ohle a ka tempeleng ya Jehova. Ka mora moo, Nebukadnezare a etsa Tsedekia morena wa Juda.

Qalong Tsedekia o ne a mamela Nebukadnezare. Yaba baprofeta ba bohata le batho ba dinaha tse haufi ba kgothalletsa Tsedekia hore a fetohele morena wa Babilona. Empa Jeremia a mo eletsa a re: ‘Haeba o fetohela morena wa Babilona, batho ba tla bolawa, ho be le tlala hammoho le malwetse Juda.’

Ka mora hore Tsedekia a buse ka dilemo tse robedi, a fetohela morena wa Babilona. O ile a kopa masole a Egepeta hore a mo thuse. Ka hoo, Nebukadnezare a romela masole a hae hore a hlasele Jerusalema, yaba a hloma ditente ho potapota motse. Jeremia a re ho Tsedekia: ‘Jehova o re ha o ka inehela ho morena wa Babilona, o tla pholoha hammoho le setjhaba sa hao. Empa haeba o sa etse jwalo, Bababilona ba tla tjhesa Jerusalema mme ba o etse motshwaruwa.’ Tsedekia a re: ‘Nke ke ka inehela!’

Ka mora selemo le halofo, masole a Babilona a ile a diha marako a Jerusalema mme a tjhesa motse. A ile a tjhesa tempele, a bolaya batho ba bangata mme a tshwara ba dikete.

Tsedekia o ile a baleha Jerusalema, empa Bababilona ba mo lelekisa. Ba mo tshwara haufi le Jeriko mme ba mo isa ho Nebukadnezare. Morena wa Babilona o ile a etsa hore Tsedekia a bone ha bara ba hae ba bolawa. Yaba o foufatsa Tsedekia mme a mo kwalla teronkong, moo ha morao a ileng a shwela teng. Empa Jehova a tshepisa Bajuda a re: ‘Ke tla le kgutlisetsa Jerusalema ka mora dilemo tse 70.’

Ho ile ha etsahalang ka batjha ba isitsweng Babilona e le batshwaruwa? Na ba ile ba dula ba tshepahalla Jehova?

“Jehova Modimo ya Matla Ohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete mme di lokile.”​—Tshenolo 16:7

Dipotso: Nebukadnezare e ne e le mang? O ile a etsang ka Jerusalema? Tsedekia e ne e le mang?

2 Marena 24:​1, 2, 8-20; 25:​1-24; 2 Dikronike 36:​6-21; Jeremia 27:​12-14; 29:​10, 11; 38:​14-23; 39:​1-9; Ezekiele 21:27

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share