LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • rr leq. 212
  • Naha e a Arolwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Naha e a Arolwa
  • Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Sebaka le mosebetsi wa bohlokwa
  • Naha e arolwa ka ho lekana
  • “Arola Naha e le Lefa”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • “Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dintho Tseo re Ithutang Tsona Boprofeteng ba Jakobo​—Karolo ya Bobedi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • ‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
Tse Ding
Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
rr leq. 212
Monna ya shebahalang jwalo ka koporo o bontsha Ezekiele naha.

LEBOKOSE LA 20A

Naha e a Arolwa

Tsela e hlakileng eo meedi e neng e tlo arolwa ka yona e ile ya kgodisa Bajuda ba botlamuweng hore ba ne ba tla kgutlela naheng ya habo bona. Kajeno re ka ithutang ponong ee? Nahana ka dikarolo tse pedi tsa pono ena:

Mmapa o bontshang meedi eo naha e arolwang e lokelang ho fella ho yona bakeng sa Bajuda ba tswang botlamuweng jwalo ka ha boprofeta ba Ezekiele bo bontsha. Naha e arolwa ka ho lekana bakeng sa maloko ho tloha ka leboya ho ya ka borwa, ho qalwa ka leloko la Dane, Ashere, Nefthali, Manase, Efraime, Rubene, Juda, Monehelo (moo ho dulang balaodi), Benjamine, Simeone, Isakare, Zabulone le Gade.

Sebaka le mosebetsi wa bohlokwa

Batho bohle ba kgutlileng botlamuweng ba ne ba tla fumana lefa la naha Naheng e Tshepisitsweng. Le kajeno, bahlanka bohle ba Jehova ba na le sebaka ka mokgatlong wa hae. Ho sa tsotellehe hore na o etsa mosebetsi ofe ka mokgatlong wa Modimo, o ka kgodiseha hore Modimo o a o bona ebile o ananela mosebetsi wa hao haholo. Jehova o nka bahlanka bohle ba hae e le ba bohlokwa.

Naha e arolwa ka ho lekana

Ponong ya Ezekiele, motho e mong le e mong ya neng a tla phela Naheng e Tshepisitsweng o ne a tla fuwa sebaka se mo lekaneng. Le kajeno, Jehova o file bahlanka bohle ba hae dintho tse ba thusang ho matlafatsa tumelo ya bona le hore ba thabele ditlhohonolofatso tseo a ba fang tsona ha ba ntse ba mo sebeletsa.

Kgutlela kgaolong ya 20, serapeng sa 5-11

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share