LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 18 leq. 21
  • Puo e Rutang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Puo e Rutang
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Mafolofolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Mangolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 18 leq. 21

THUTO YA 18

Puo e Rutang

Lengolo le bontshwitsweng

1 Bakorinthe 9:19-23

KAKARETSO: Etsa hore bamamedi ba hao ba nahane ka taba eo o buang ka yona le hore ba ithute dintlha tsa bohlokwa.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Nahana ka seo bamamedi ba hao ba seng ba ntse ba se tseba. Ho ena le hore o phete dintho tseo ba seng ba ntse ba di tseba, ba thuse hore ba shebe sehlooho sa hao ka tsela e fapaneng.

    Keletso

    Fokotsa lebelo la lentswe la hao ha o ba bolella dintlha tse ntjha ho feta ha o ba bolella tseo ba di tsebang.

  • Etsa dipatlisiso o be o nahanisise ka tsona. Ha ho kgoneha, ba bolelle dintlha tseo ba sa di tsebeng kapa tseo ba so kang ba nahana ka tsona, ho ba thusa ho utlwisisa taba eo o buang ka yona. Nahana ka ho teba hore na taba eo o batlang ho bua ka yona e amana jwang le dintlha tseo o batlang ho e tshehetsa ka tsona.

    Keletso

    Ha o ntse o nahana ka taba eo o tla bua ka yona, ipotse dipotso tse kang, ‘Hobaneng, kae, keng, neng, mang kapa jwang.’ Hlakisa dintlha tsa hao ha o ruta ka hore o arabe tse ding tsa dipotso tsena ha o ntse o fana ka puo ya hao.

  • Bontsha bohlokwa ba puo ya hao. Ba hlalosetse hore na Bibele e ka ba thusa jwang bophelong ba bona. Bua ka dintho tse tobileng, mekgwa le diketso tseo bamamedi ba hao ba di tsebang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share