LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 10
  • Ikemisetse ho Etsa Barutuwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ikemisetse ho Etsa Barutuwa
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Etse Qeto ya ho Sebeletsa Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Pele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • “Ka Hona Eyang Mme le Etse Batho . . .  Barutuwa”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 10

HA O ETSA BARUTUWA

Jesu o ntse a buisana le Nikodemase bosiu.

Joh. 3:​1, 2

THUTO YA 10

Ikemisetse ho Etsa Barutuwa

Keletso ya Bibele: “Re ne re ikemiseditse ho le bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo le ho tela bophelo ba rona e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.”​—1 Bathes. 2:8.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesu o ntse a buisana le Nikodemase bosiu.

VIDEO: Jesu o Ruta Nikodemase

1. Shebella VIDEO kapa o bale Johanne 3:​1, 2 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. O nahana ke hobaneng ha Nikodemase a ile a etela Jesu bosiu?​—Sheba Johanne 12:​42, 43.

  2. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ne a ikemiseditse ho etsa barutuwa ka ho buisana le Nikodemase bosiu?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Re bontsha hore re rata batho haeba re ikemiseditse ho ba thusa hore e be barutuwa.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. Kgetha nako le sebaka sa ho ithuta se tshwanetseng motho eo o ithutang le yena. Mohlomong a ka thabela ha le ithuta ka nako kapa letsatsi le itseng ka ho kgetheha. Na a ka phutholoha ha le ithutela mosebetsing, moo a dulang kapa sebakeng se seng se itseng? Haeba ho kgoneha, leka ka hohle ho behella mabaka a hao ka thoko e le hore o ka kgona ho ithuta le motho ya jwalo ka nako le sebakeng seo a se thabelang.

4. Ithuteng ka mehla. Haeba o tlo ba siyo mme ha o na kgona ho bala le motho eo o ithutang le yena, nahana ka ditlhahiso tsena:

  1. Na o ka kgona ho bala le yena ka letsatsi le fapaneng bekeng yona eo?

  2. Na o ka kgona ho bala le motho eo o ithutang le yena ka fono kapa wa mo letsetsa ka video?

  3. Na o ka kopa mohweletsi e mong ho bala le motho eo o ithutang le yena?

5. Rapella ho ba le maikutlo a nepahetseng. Rapela Jehova hore a o thuse hore o se ke wa tela ho thusa motho eo o ithutang le yena le haeba le sa kgone ho bala ka mehla kapa a sa sebedise dintho tseo a ithutang tsona. (Bafil. 2:​13) Ho ka etsahala hore motho eo o ithutang le yena o na le makgabane a babatsehang. Ka hoo, kopa Jehova hore a o thuse ho ameha haholo ka makgabane ao.

O KA BOELA WA SHEBA

Diprov. 3:​27; Dik. 20:​35; 2 Bakor. 12:15

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share