Bontsha Tumelo Mme o Etse Diqeto ka Bohlale
‘O nne o kope ka tumelo, o sa belaele ho hang.’—JAK. 1:6.
1. Keng e ileng ya etsa hore Kaine a etse qeto e bowatla, hona ditlamorao e ile ya e ba dife?
KAINE o ne a e na le kgetho mme a lokela ho etsa qeto, o ne a lokela ho kgetha hore na o tla dumella maikutlo a fosahetseng hore a ame qeto ya hae kapa tjhe. Qeto efe kapa efe eo a neng a tla e etsa, e ne e tla ba le ditlamorao tse neng di tla ama bophelo bohle ba hae. Kaine ha a ka a etsa qeto ka bohlale. O ile a ba a bolaya le moena wa hae Abele. Mme qeto eo ya hae e ile ya ama kamano ya hae le Jehova.—Gen. 4:3-16.
2. Bokgoni ba ho etsa diqeto tse bohlale ke ba bohlokwa hakae?
2 Le rona re na le kgetho mme ho na le diqeto tseo re lokelang ho di etsa. Ha se diqeto tsohle tseo e leng tsa bohlokwa hoo di ka amang bophelo. Leha ho le jwalo, boholo ba tsona di ka ama bophelo ba rona. Kahoo, haeba re kgona ho etsa diqeto ka bohlale, re tla phela ka kgotso ho e na le ho phela bophelo bo tletseng pherekano le maswabi.—Liprov. 14:8.
3. (a) E le hore re etse diqeto ka bohlale, re lokela ho etsang? (b) Re tlo tshohla dipotso dife?
3 Keng e ka re thusang ho etsa diqeto ka bohlale? Re hloka ho tshepa Modimo, re se ke ra belaela boikemisetso le bokgoni ba hae ba ho re thusa hore re etse diqeto ka bohlale. Re boetse re lokela ho tshepa Lentswe la Jehova le tsela eo a etsang dintho ka yona. (Bala Jakobo 1:5-8.) Ha re atamelana le yena ebile re rata Lentswe la hae, re tla tshepa tsela eo a shebang dintho ka yona. Ho ekelletsa moo, re tla tlwaela ho batla keletso ya Lentswe la Modimo pele re etsa diqeto. Empa re ka ntlafatsa bokgoni ba rona ba ho etsa diqeto jwang? Na seo se bolela hore ha re a lokela ho fetola diqeto tsa rona?
RE HLOKA HO ETSA DIQETO BOPHELONG
4. Adama o ne a lokela ho etsa qeto efe, hona ditlamorao e ile ya e ba dife?
4 Ho tloha qalong, batho ba ne ba lokela ho etsa diqeto. Adama o ne a lokela ho kgetha hore na o mamela Mmopi wa hae kapa Eva. O ne a ikemiseditse ho etsa qeto, empa o nahanang ka qeto eo a e entseng? Mosadi wa hae o ile a etsa hore a etse qeto e bowatla, e ileng ya etsa hore a lahlehelwe ke ho phela Paradiseng a be a lahlehelwe le ke bophelo ba hae. Dintho tsena e ne e le selelekela feela sa ditlamorao tsa qeto eo ya hae. Re ntse re phela ka thata ka lebaka la qeto eo e bowatla ya Adama.
5. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka ho etsa diqeto?
5 Ba bang ba ne ba ka nna ba nahana hore bophelo bo ka ba monate haeba ba re ne re sa etse diqeto. Na le wena o nahana ka tsela e tshwanang? Hopola, Jehova ha a bopa batho jwalo ka diroboto, tse sa kgoneng ho inahanela le ho iketsetsa diqeto. Ha e le hantle Bibele e ya re ruta hore na re lokela ho etsa diqeto tse bohlale jwang. Le hoja Jehova a batla hore re iketsetse diqeto, ha a lakatse hore re etse tse tla re utlwisa bohloko. Ha re ke re nahane ka bopaki bo latelang.
6, 7. Ke kgetho efe eo Baiseraele ba neng ba e na le yona, hona ke hobaneng ha ho ne ho le thata ho etsa qeto ka bohlale? (Sheba setshwantsho se qalong.)
6 Ha Baiseraele ba le naheng e tshepisitsweng ba ile ba lokela ho etsa qeto ya bohlokwa, e leng ya ho rapela Jehova kapa medingwana. (Bala Joshua 24:15.) E ne e ka nna ya bonahala e le qeto e bonolo. Empa qeto eo e ne e ama bophelo le lefu. Ba ile ba boela ba etsa qeto e bowatla nakong ya Baahlodi. Ba ile ba fetohela Jehova mme ba rapela medimo e fosahetseng. (Baahl. 2:3, 11-23) Kapa nahana ka se ileng sa etsahala historing ya batho ba Modimo ha ba ne ba lokela ho etsa qeto. Moprofeta Elia o ile a re ba etse kgetho ya hore na ba sebeletsa Jehova kapa Baale. (1 Mar. 18:21) Elia o ile a ba eletsa hore ba se ke qeaqea ho etsa diqeto. O ka nna wa nahana hore ena e ne e le qeto e bonolo, hobane o tseba hore ho bohlokwa ho sebeletsa Jehova. Ha e le hantle, ho ne ho se na motho ya lokelang ho kgahlwa ke Baale. Leha ho le jwalo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea . . . pakeng tsa maikutlo a mabedi a fapaneng.’ Ka bohlale, Elia o ile a ba kgothalletsa hore ba rapele Jehova Modimo wa nnete.
7 Ke hobaneng ha ho ne ho le thata hakaale hore Baiserale ba etse qeto ka bohlale? Ntho ya pele, ba ile ba fellwa ke tumelo ho Jehova mme ba hana ho mamela lentswe la hae. Ha ba a ka ba e ba le tsebo e nepahetseng kapa bohlale bo tswang ho Modimo, hape ha ba aa ka ba tshepa Jehova. Ho etsa qeto ba itshetlehile ka tsebo e nepahetseng ho ka be ho ile ha ba thusa ho etsa qeto ka bohlale. (Pes. 25:12) Ho feta moo, ba ile ba dumella batho ba bang hore ba ba kgelose le ho ba etsetsa diqeto. Batho ba naheng eo ba neng ba sa rapele Jehova, ba ile ba susumetsa Baiseraele hore ba latele bongata boo bo neng bo rapela medingwana ya bohata. Jehova o ne a ba lemositse esale pele hore ntho e kang eo e tla etsahala.—Ex. 23:2.
NA BATHO BA BANG BA LOKELA HO RE ETSETSA DIQETO?
8. Re ithuta thuto efe ya bohlokwa mohlaleng wa Baiseraele mabapi le ho etsa diqeto?
8 Mohlala o bontshitsweng ka hodimo o re ruta thuto e hlakileng. Ho ho rona ho etsa diqeto, mme ho etsa diqeto tse bohlale le tse nepahetseng ho itshetlehile ka tsebo eo re nang le yona ka Bibele. Bagalata 6:5 e re hopotsa hore: “E mong le e mong o tla jara mojaro wa hae.” Ha re a lokela ho dumella motho e mong hore a re etsetse diqeto. Ho e na le hoo, re lokela ho ithuta hore na Jehova o batlang mme re etse seo.
9. Ke hobaneng ha ho ka ba kotsi ho dumella batho ba bang hore ba re etsetse diqeto?
9 Ke jwang re ka iphumanang re le tekong ya ho dumella batho ba bang hore ba re etsetse diqeto? Kgatello ya dithaka e ka etsa hore re etse qeto e fosahetseng. (Liprov 1:10, 15.) Ho sa tsotellehe hore na ba bang ba re hatella hakae, ke boikarabelo ba rona ho latela seo letswalo la rona le kwetlisitsweng ke Bibele le re bolellang sona. Ka lehlakoreng le leng, haeba re dumella batho ba bang hore ba re etsetse diqeto, ho tshwana le ha re nka qeto ya ho ba latela. Eo entse e le kgetho, empa ke e kotsi.
10. Pauluse o ile a eletsa Bagalata kang?
10 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bagalata ka ho hlaka, ka kotsi ya ho dumella batho ba bang hore ba ba etsetse diqeto. (Bala Bagalata 4:17.) Ba bang ba neng ba ikgohomosa ka phuthehong, ba ne ba batla ho etsetsa batho ba bang diqeto e le hore ba se ke ba latela baapostola. Hobaneng? Hobane ba ne ba ipatlela thoriso. Ba ne ba sa hlomphe tokelo eo ya Bakreste mmoho le bona ya hore ba iketsetse diqeto.
11. Re ka etsang ho thusa ba bang hore ba iketsetse diqeto ?
11 Pauluse o re behetse mohlala o motle haholo tabeng ya ho hlompha tokelo ya ba bang ya ho iketsetsa diqeto. (Bala 2 Bakorinthe 1:24.) Kajeno, baholo ba lokela ho etsisa Pauluse ha ba fana ka keletso. Ba thabela ho fana ka molaetsa wa Bibele ho mohlape. Leha ho le jwalo, baholo ba ela hloko hore ba dumelle bara le baradibabo rona hore ba iketsetse diqeto. Ke ha bohlokwa hobane bara le baradi bao babo rona ke bona ba tla kotula ditholwana tsa diqeto tsa bona. Ntlha ya bohlokwa ke ena: re lokela ho thahasella batho ba bang re boele re tshepe le tataiso e hlahang ka Mangolong. Leha ho le jwalo, batho bao ba bang ba na le tokelo le boikarabelo ba ho iketsetsa diqeto. Ha ba etsa sena ka bohlale, ba tla rua molemo. Kahoo, ho hlakile hore re lokela ho qoba tlwaelo ya ho etsetsa bara le baradibabo rona diqeto.
Baholo ba lerato ba thusa ba bang hore ba iketsetse diqeto (Sheba serapa sa 11)
HO ETSA DIQETO RE ITSHETLEHILE KA MAIKUTLO
12, 13. Ke hobaneng ha ho le kotsi ho latela pelo ya rona haeba re halefile kapa re nyahame?
12 Ho tlwaelehile hore ho thwe motho a latele pelo ya hae. Empa ho etsa seo ho ka ba kotsi. Hape ha ho tumellanong le mangolo. Bibele e re hlokomedisa hore re se ke ra tshepa dipelo tsa rona tse sa phethahalang ha re etsa diqeto. (Liprov. 28:26) Hape ditlaleho tsa Bibele di re bolella ka ditlamorao tse bohloko tse tliswang ke ho latela pelo. Bothata bo boholo ke hore re na le “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 3:17; 13:10; 17:9; 1 Mar. 11:9) Jwale ho tla etsahalang ka rona haeba re latela dipelo tsa rona?
13 Bakreste ba kgothalletswa ho rata Jehova ka dipelo tsohle mme ba rate le moahelani jwalo ka ha ba ithata. (Mat. 22:37-39) Empa Mangolo a qotsitsweng dirapeng tse fetileng a re hlokomedisitse kotsi ya ho dumella diqeto tsa rona hore di laolwe ke maikutlo a rona. Ka mohlala, ho ka nna ha etsahalang haeba re etsa diqeto re halefile? Haeba re ile ra etsa seo nakong e fetileng, ho ka nna ha e ba bonolo ho araba potso eo. (Liprov. 14:17; 29:22) Kapa na re tla etsa diqeto tse nepahetseng haeba re nyahame? (Num. 32:6-12; Liprov. 24:10) Hopola hore Lentswe la Modimo le bontsha bohlale ba ho ba “lekgoba la molao wa Modimo.” (Bar. 7:25) Ho hlakile hore maikutlo a rona a ka re etsisa diphoso haeba re etsa diqeto tsa bohlokwa re itshetlehile ka ona.
O KA FETOLA QETO NENG
14. Re tseba jwang hore ho loketse hore motho a fetole qeto e nngwe eo a e entseng?
14 Re lokela ho etsa diqeto ka bohlale. Leha ho le jwalo, seo ha se bolele hore ha re a lokela ho fetola diqeto tseo re di entseng. Ho na le nako eo ka yona re tla lokela ho nahanisisa ka tsona ebe re a di fetola. Hopola mohlala wa Jehova ha a ne a sebedisana le Baninive dinakong tsa Jonase. Bibele e re: “Modimo wa nnete a bona mesebetsi ya bona, hore ba ne ba kgutlile ditseleng tsa bona tse mpe; kahoo Modimo wa nnete a ikutlwa a swabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela yona; mme ha aa ka a e baka.” (Jon. 3:10) Ka mora hore a bone hore Baninive ba ne ba bakile ebile ba fetotse le mekgwa ya bona, Jehova o ile a fetola qeto ya hae. Ka ho etsa jwalo, o ile a bontsha hore o ikokobeditse, o mosa ebile o na le mabaka a utlwahalang. Ho feta moo, Modimo ha a etse qeto a halefile, jwalo ka ha batho ba bangata ba etsa.
15. Keng e ka etsang hore re fetole qeto ya rona?
15 Ho tla ba le nako eo ka yona re tla lokela ho nahanisisa ka kgetho le ka qeto eo re e entseng. E ka ba nakong eo ka yona maemo a fetohang. Jehova o ile a fetola qeto ya hae nakong eo maemo a neng a fetoha. (1 Mar. 21:20, 21, 27-29; 2 Mar. 20:1-5) Kapa mohlomong ho ka ba le boitsebiso bo botjha bo utlwahalang, bo ka etsang hore re fetole qeto ya rona. Morena Davida o ne a fuwe boitsebiso bo fosahetseng mabapi le setloholo sa Saule e leng Mefiboshethe. Ha morao ha Davida a fumana boitsebiso bo nepahetseng, o ile a fetola qeto ya hae. (2 Sam. 16:3, 4; 19:24-29) Ho ka ba hantle hore le rona ka dinako tse ding re etse se tshwanang.
16. (a) Ke dintho dife tseo re ka di etsang ho re thusa ho etsa diqeto ka bohlale? (b) Ke hobaneng ha maemong a mang re tlameha ho fetola diqeto tseo re neng re di entse, hona re ka etsa seo jwang?
16 Lentswe la Modimo le re eletsa hore re se ke ra potlaka ha re etsa diqeto. (Liprov. 21:5) Ha re sheba dintho ka hloko pele re etsa diqeto, re tla atleha ho etsa diqeto tse bohlale. (1 Bathes. 5:21) Pele hlooho ya lelapa e etsa qeto, e lokela ho etsa dipatlisiso dingolweng tse thehilweng Bibeleng le ho utlwa ditlhahiso tsa lelapa qetong eo. Hopola hore Modimo o ile a laela Abrahama hore a mamele seo mosadi wa hae a tla mo bolella sona. (Gen. 21:9-12) Baholo le bona ba lokela ho nka nako ba etsa dipatlisiso. Haeba ba ikokobeditse ba ke ke ba hlajwa ke dihlong tsa hore ba tla lahlehelwa ke tlhompho, haeba ho hlaha boitsebiso bo botjha bo ba qobellang ho fetola qeto eo ba seng ba e entse. Ba lokela ho fetola menahano ya bona le diqeto tsa bona ha ho hlokahala, mme kaofela ha rona re lokela ho lateta mohlala oo. Sena se tla etsa hore ho be le tlhophiso le kgotso ka phuthehong.—Lik. 6:1-4.
LATELA DIQETO TSEO O DI ENTSENG
17. Re lokela ho etsang e le hore re atlehe ha re etsa diqeto?
17 Diqeto tse ding di bohlokwa ho feta tse ding. Diqeto tsa bohlokwa haholo di hloka nako e ngata ya ho nahanisisa ka tsona le ho di rapella. Bakreste ba bang ba boemong ba ho etsa qeto ya ho nyala le hore na ba tla nyala mang. Qeto e nngwe ya bohlokwa e nang le ditlhohonolofatso ke ho nahana ka hore na ke jwang re ka kenelang tshebeletso ya nako e tletseng le hore ke neng re ka e kenelang. Maemong ao ke ha bohlokwa hore re tshepe Jehova mme re kgodisehe hore o tla re tataisa. (Liprov. 1:5) Kahoo, ke ha bohlokwa ho batla keletso ka Bibeleng, mme re boele re batle thuso ho Jehova ka thapelo. Hopola hore Jehova a ka re fa makgabane a ka re thusang hore re etse diqeto tse tumellanong le thato ya hae. Ha o etsa diqeto tsa bohlokwa, ipotse: ‘Na see se tla fana ka bopaki ba hore ke fela ke rata Jehova? Na lelapa le tla thaba? Hape, na ho tla bontsha hore ke na le mamello le mosa?’
18. Ke hobaneng ha Jehova a lebeletse hore re iketsetse diqeto?
18 Jehova ha a re qobelle hore re mo rate kapa re mo sebeletse. Ke kgetho ya rona. O hlompha boikarabelo ba rona le tokelo eo a re fileng yona ya ho “ikgethela” hore na re tla mo sebeletsa kapa tjhe. (Josh. 24:15; Moek. 5:4) Empa o batla hore re latele diqeto tseo re di entseng re itshetlehile ka tataiso ya hae. Ha re tshepa tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona le melao eo a re fang yona, re tla kgona ho etsa diqeto tse bohlale mme re tla tsitsa ditseleng tsa rona.—Jak. 1:5-8; 4:8.