LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 November maq. 18-19
  • Ya Fanang ka Seatla se Bulehileng o Tla Hlohonolofatswa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ya Fanang ka Seatla se Bulehileng o Tla Hlohonolofatswa
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • “Mpho Bakeng sa Jehova”
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 November maq. 18-19
Anna o tlisa Samuele e monyenyane tabernakeleng

Ya Fanang ka Seatla se Bulehileng o Tla Hlohonolofatswa

HAESALE mahlabelo a phetha karolo ya bohlokwa borapeding ba nnete. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba etsa mahlabelo a diphoofolo ha Bakreste bona ba fana ka “sehlabelo sa thoriso.” Le ha ho le jwalo, ho na le mahlabelo a mang a kgahlisang Modimo haholo. (Baheb. 13:15, 16) Mahlabelo ao a etsa hore ba fanang ka ona ba thabe le hore ba hlohonolofatswe ke Modimo. Re bona sena mehlaleng e latelang.

Anna e leng mohlanka wa Modimo ya tshepahalang wa mehleng ya boholoholo, o ne a batla ho ba le mora empa a sa kgone ho ba le bana. Thapelong, o ile a tshepisa Jehova hore ha a ne a ka mo fa mora, o ne a tla fana ka ngwana eo ho Jehova. (1 Sam. 1:10, 11) Ha nako e ntse e ya, Anna o ile a ima mme a tswala mora, eo a ileng a mo bitsa Samuele. Ha Samuele a sa tswa tlohela letswele, Anna o ile a mo isa tabernakeleng feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Jehova o ile a hlohonolofatsa Anna bakeng sa moya wa hae wa boitelo. O ile a fumana bana ba bang ba bahlano mme Samuele ya eba moprofeta le mongodi wa Bibele.—1 Sam. 2:21.

Jwalo ka Anna le Samuele, le rona kajeno re na le tokelo ya ho sebedisa bophelo ba rona tshebeletsong ya Modimo. Ho feta moo, Jesu o ile a re tshepisa hore re tla hlohonolofatswa ka ho enneng bakeng sa boitelo bofe kapa bofe boo re bo etsang tshebeletsong ya Jehova.—Mar. 10:28-30.

Mehleng ya baapostola, mosadi e mong ya bitswang Dorkase o ne a tsebahala ka “diketso tse molemo le dimpho tsa mohau,” e leng dintho tse molemo tseo a neng a di etsetsa ba bang. Ka maswabi, ka letsatsi le leng o ile “a kula a ba a shwa,” mme seo sa utlwisa phutheho yohle bohloko. Barutuwa ba ile ba kopa hore Petrose a tle hanghang, kaha ba ne ba utlwile hore o teng sebakeng seo. O ka nahana feela kamoo ba ileng ba thaba kateng ha Petrose a tla mme a tsosa Dorkase bafung! Ha Petrose a etsa mohlolo ona, e bile yena moapostola wa pele eo Bibele e reng o ile a tsosa motho bafung. (Lik. 9:36-41) Ho hlakile hore Modimo o ne a sa lebala mesebetsi e metle eo Dorkase a neng a e entse. (Baheb. 6:10) Mohlala wa hae wa ho fana ka seatla se bulehileng o ngotswe ka Bibeleng e le hore re ka o etsisa.

Moapostola Pauluse ke e mong wa batho ba ileng ba sebedisa nako ya bona ho thusa batho ba bang. Ha a ngolla phutheho ya Korinthe, Pauluse o ile a re: “Ka nyakallo e kgolo ke tla sebedisa le ho sebediswa ka ho feletseng bakeng sa . . . lona.” (2 Bakor. 12:15) Pauluse o ne a tseba hore ho itela bakeng sa batho ba bang ho etsa hore motho a thabe. Ha bohlokwa le ho feta, o ne a tseba hore ho etsa hore motho a amohelwe le ho hlohonolofatswa ke Jehova.—Lik. 20:24, 35.

Ho hlakile hore Jehova o a thaba ha re sebedisa nako le matla a rona tshebeletsong ya hae esita le ha re thusa badumedi mmoho le rona. Empa na ho na le ditsela tse ding tseo re ka tshehetsang mosebetsi wa boboledi ka tsona? E, di teng! Ntle le ho paka le ho thusa ba bang, re ka boetse ra rorisa Modimo ka ho ntsha menehelo ya boithatelo. Menehelo ya rona e sebediswa ho ntshetsa pele mosebetsi wa ho paka lefatsheng lohle, o akarelletsang ho tshehetsa baromuwa, balebedi ba potoloho, bopulamadiboho ba kgethehileng le ba sebeletsang Bethele. E boetse e sebedisetswa ho thusa ha ho hlahile dikoduwa, ho haha Diholo Tsa Mmuso le hore ho etswe dingolwa tse thehilweng Bibeleng le divideo. Re ka kgodiseha hore ya fanang ka seatla se bulehileng “o tla hlohonolofatswa.” Ho feta moo, ha re fana ka dintho tsa rona tsa bohlokwa, re rorisa Jehova mme re bontsha hore re a mo hlompha.—Liprov. 3:9; 22:9.

Kamoo ba Bang ba Kgethang ho Nehela Kateng Bakeng sa Mosebetsi wa Lefatshe Lohle

Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya moapostola Pauluse, batho ba bangata kajeno ba behella ka thoko tjhelete eo ba tla e tshela lebokoseng la monehelo la phutheho bakeng sa mosebetsi wa lefatshe lohle. (1 Bakor. 16:2) Kgwedi le kgwedi, diphutheho di romela tjhelete ena ofising ya Dipaki Tsa Jehova eo di sebeletsang tlasa yona. O ka boela wa romela monehelo ka ho toba mokgatlong o ngodisitsweng ka molao o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova naheng ya heno. E le hore o fumane lebitso la mokgatlo oo, ka kopo kena ho www.jw.org/jw-ssa mme o ikopanye le ofisi ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova ya sebakeng sa heno. O ka fana ka monehelo ka ditsela tse latelang:

MONEHELO O TOBILENG

  • O ka etsa monehelo ka bank transfer, ka debit card, kapa ka credit card. Makaleng a mang, motho a ka kgona ho etsa sena a sebedisa jw.org kapa websaete e nngwe e reretsweng seo.

  • O ka fana ka tjhelete, mabenyane kapa thepa e nngwe ya bohlokwa. O lokela ho ngola lengolo le bontshang hore tjhelete kapa thepa eo ke monehelo o tobileng.

MONEHELO O NANG LE DIPEHELO

  • O ka fana ka tjhelete mme wa bolela hore o kopa e kgutliswe ha o e hloka.

  • O lokela ho ngola lengolo le bontshang hore tjhelete eo e na le dipehelo.

DITSELA TSE DING TSEO O KA NEHELANG KA TSONA

Ka tlase mona ho thathamisitswe ditsela tse ding tseo o ka nehelang ka tsona ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi o etswang lefatsheng lohle. Pele o ntsha monehelo ka kopo ikopanye le ofisi ya lekala e tsamaisang mosebetsi naheng ya heno e le hore o tsebe hore na ke ditsela dife tse sebetsang. Kaha melao ya naha le ya lekgetho ha e tshwane, ke ha bohlokwa hore o buisane le motho ya tsebang molao pele o ntsha monehelo.

Inshorense: Haeba o na le tjhelete eo inshorense e tla e lefa ha o hlokahala kapa ha o tlohela mosebetsi, kapa o ya pensheneng, o ka ntsha monehelo ka yona ka hore o ngole mokgatlo o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova e le wona o lokelang ho e fuwa.

Diakhaonte Tsa Banka: Ho itshetlehile ka melao ya dibanka ya sebakeng sa heno, o ka bula akhaonte ya banka, kapa wa etsa certificate of deposit, kapa wa etsa hore tjhelete eo o tla e fuwa ha o tlohela mosebetsi e wele mokgatlong o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova ka mora lefu la hao.

Distock le Dibond: O ka nna wa fa mokgatlo o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova distock le dibond. O ka boela wa ngola hore di fetisetswe ho mokgatlo oo ka mora lefu la hao.

Setsha se Nang le Mohaho: Haeba o na le setsha se nang le mohaho se ka rekiswang, o ka etsa monehelo ka sona mokgatlong o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova. Haeba o ntse o dula ho sona, o ka lokisetsa hore mokgatlo o tle o se nke ka mora lefu la hao.

Mangolo a Kabo ya Lefa le Matlole: O ka lokisetsa hore thepa ya hao kapa tjhelete e fuwe mokgatlo o sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova ha o hlokahala. O ka etsa sena ka ho ngola lengolo la kabo ya lefa (kapa will) mme wa bontsha hore mokgatlo ke wona mojalefa. Tokisetso ena e ka nna ya o tswela molemo ha ho tluwa ditabeng tsa lekgetho.

Jwalo ka ha re se re bone, motho o lokela ho rera esale pele e le hore a kgone ho nehela ka ditsela tse bontshitsweng ka hodimo. Ho thusa batho ba batlang ho ntsha monehelo bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle wa Dipaki tsa Jehova, ho lokiseditswe bukana e reng Charitable Planning to Benefit Kingdom Service Worldwide ka puo ya Sekgowa le ya Sepanishe. Bukana ena e na le boitsebiso bo hlalosang ditsela tseo motho a ka nehelang ka tsona hona jwale kapa hamorao, jwalo ka ho ngola lengolo la ho aba mafa a hae (kapa will). Boitsebiso bo bong bukaneng ena bo ka nna ba se sebetse boemong ba hao ka lebaka la melao ya lekgetho ya naheng ya heno kapa melao e meng. Ba bangata ba ile ba sebedisa ditsela tseo re buileng ka tsona ka hodimo ho fana ka menehelo bakeng sa ho tshehetsa mosebetsi wa rona wa bodumedi le wa ho thusa ha ho hlahile dikoduwa. Haeba bukana ena e ya fumaneha naheng eo o dulang ho yona, o ka e kopa ho mongodi wa phutheho ya heno.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, tobetsa link ya Fana ka Monehelo Bakeng sa Mosebetsi wa Rona wa Lefatshe Lohle e hlahang qetellong ya leqephe la websaete ya jw.org/jw-ssa, kapa o ikopanye le ofisi ya heno ya lekala.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share