LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 3 maq. 14-15
  • O Ntse o ka Kgona ho Thaba le Kajeno

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O Ntse o ka Kgona ho Thaba le Kajeno
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO KGOTSOFALA
  • HO MAMELLA HA O KULA
  • HO MATLAFATSA LENYALO
  • Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Eohle ya Dintho Tse Mpe?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Dintho Tse ka o Thusang Hore o Kgotsofale
    Fadimehang!—2021
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Jwang?​—Karolo ya 1
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lenyalo ke Mpho e Tswang ho Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 3 maq. 14-15
Rasaense eo re buileng ka yena pejana le mosadi wa hae ba a pheha

O Ntse O Ka Kgona Ho Thaba Le Kajeno

HO NA LE nako eo ka yona batho ba ke keng ba hlola ba kula, ba tsofala, kapa ba shwa, le wena o ka ba e mong wa bona! Le ha ho le jwalo, kajeno kaofela ha rona re hlahelwa ke mathata le dintho tse bohloko. Keng e ka o thusang hore o thabele bophelo kajeno? Bibele e ka o thusa hore o kgotsofale o be o thabele bophelo hona jwale. Hlokomela a mang a mathata ao re kopanang le ona bophelong le hore na Bibele e ka re thusa jwang.

HO KGOTSOFALA

Keletso ya Bibele: “Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofalletse dintho tse teng.”​—Baheberu 13:5.

Kajeno ho na le dintho tse ngata tseo batho ba reng re lokela ho ba le tsona. Le ha ho le jwalo, Bibele e re re lokela ho ‘kgotsofalla dintho tse teng.’ Empa re ka etsa seo jwang?

O se ke wa ‘rata tjhelete.’ Batho ba etsa sohle seo ba se kgonang e le hore ba fumane tjhelete ho sa tsotellehe hore na seo se ka beha bophelo ba bona le ba malapa a bona kotsing, sa ba diha seriti, sa senya setswalle sa bona le ba bang, kapa sa etsa hore ba etse boitshwaro bo bobe. (1 Timothea 6:10) Ka nnete sena ke lefeela, hobane Bibele e re motho ya ratang maruo ‘a ke ke a kgotsofala.’​—Moeklesia 5:10.

Batho ke ba bohlokwa ho feta dintho tseo re nang le tsona. Ke nnete hore dintho tseo re nang le tsona tse kang di selefounu le di khomphiyutha di ka re tswela molemo. Empa dintho tsena di ke ke tsa kgona ho re rata le ho re ananela, ke batho feela ba ka etsang seo. Ho ba le “motswalle wa nnete” ho ka re thusa hore re kgotsofale bophelong.​—Liproverbia 17:17.

RE KA THABELA BOPHELO KAJENO HAEBA RE LATELA TATAISO YA BIBELE

HO MAMELLA HA O KULA

Keletso ya Bibele: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.”​—Liproverbia 17:22.

Jwalo ka ha “moriana o motle” o le molemo, ho thaba ho ka re thusa hore re mamelle ha re kula. Empa ke jwang re ka thabang le ha re kula?

Bontsha ho re o a ananela. Haeba motho a dula a nahana ka mathata a hae, “matsatsi ohle” ahae a tla ba mabe. (Liproverbia 15:15) Ho e na le hoo, Bibele e re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Ithute ho ananela dintho tse nyane bophelong, tse jwalo ka botle ba ha letsatsi le dikela, moya o phodileng ha monate, le ho bososela le batho bao o ba ratang. Ha re etsa sena re tla thabela bophelo.

Etsetsa batho ba bang dintho tse molemo. Le hoja re kula, re ka thaba haholo haeba re fana, etswe Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Haeba batho ba ananela dintho tseo re ba etseditseng tsona, re a thaba mme seo se ka etsa hore re se ke ra dula re nahanne ka mathata a rona. Haeba re thusa batho ba bang seo se ka ntlafatsa bophelo ba rona le ba bona.

HO MATLAFATSA LENYALO

Keletso ya Bibele: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Ha banyalani ba sa qete nako e ngata ba le ha mmoho seo se ka senya kamano ya bona. Banna le basadi ba lokela ho nka lenyalo la bona e le e nngwe ya dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona.

Etsang dintho ha mmoho. Ipheng nako ya ho etsa dintho ha mmoho. Bibele e re: “Ba babedi ba molemo ho feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Mohlomong le ka nahana ka hore le etse dintho tse ding ha mmoho tse kang ho pheha, ho ikwetlisa le ho intsha.

Bontsha molekane wa hao ho re o a mo rata. Bibele e kgothalletsa monna le mosadi hore ba ratane ba be ba hlomphane. (Baefese 5:28, 33) Mohlomong o ka bonya le molekane wa hao, wa mo haka, kapa wa mo fa mpho, e leng se tla etsa hore lenyalo la lona le matlafale. Nnete ke hore banyalani ba lokela ho bontsha dipontsho tsa lerato ho balekane ba bona feela.​—Baheberu 13:4.

“QETELLONG KE ILE KA TSEBA HORE NA KE PHELELANG!”

—Pale ya Ryoko Miyamoto, wa Japan.

Bophelo ba ka bo ne bo se bonolo. Monna wa ka o ne a rata jwala haholo mme seo se ne se etsa hore a se ke a tshwarella mosebetsing. Re ne re e na le bana ba 4 mme o ne a sa ba hlokomele. Le hoja ke ne ke sebetsa ka thata, ke ne ke ntse ke sa kgone ho fetola maemo. Ke ne ke ipotsa hore na ke bomadimabe kapa ke otlwa ka lebaka la dibe tseo ke ileng ka di etsa kgale.

Ka letsatsi le leng, ke ile ka etelwa ke Dipaki Tsa Jehova. Ka lerato ba ile ba bua le nna ka Mmuso wa Modimo le ka bophelo bo sa feleng. Ba ile ba kopa ho ithuta Bibele le nna. Ke ile ka ithuta ho re Modimo o teng le hore o bohlale, o mosa hape o lerato. Ke ile ka boela ka ithuta hore na ho etsahalang ka rona ha re shwa le hore mathata a ntlhahelang a ne a sa bakwe ke bomadimabe.

Ka hodima tsohle, ke ile ka hlokomela hore tsela e le nngwe feela ya hore ke kgotsofale ke be ke thabe bophelong, ke ka hore ke be motswalle wa Modimo. Ho tseba nnete ya Bibele ho ile ha nkgothatsa, ha ntokolla di tumelong tse fosahetseng mme ha etsa hore ke kgatholohe kelellong. Qetellong ke ile ka tseba ho re na ke phelelang!

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share