PALE YA BOPHELO
Jehova o Mphile Seo ke Neng ke sa se Lebella
‘KE NE ke batla hoba pulamadiboho, empa ke ne ke ipotsa hore na ke tla ke ke bo thabele.’ Ke ne ke rata mosebetsi oo ke neng ke o etsa Germany, moo re neng re isa dijo dinaheng tsa Africa, tse akarelletsang Dar es, Salaam, Elisabethville le Asmara. Ke ne ke sa tsebe hore ka le leng, ke tla sebeletsa Jehova dinaheng tseo le tse ding hona Africa.
Ka mora hore ke qale hoba pulamadiboho, bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka tsela eo ke neng ke sa e nahana. (Baef. 3:20) Ke a kgolwa o a ipotsa hore ho tlile jwang hore seo se etsahale. E re ke qale pale ena qalong.
Ke hlahetse Berlin, Germany ka 1939, dikgwedi tse mmalwa ka mora hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qale. Ha ntwa e ya bofelong ka 1945, masole a difofane a ile a lahlela diqhomane Berlin. Seterata seo re neng re dula ho sona se ile sa tuka mme nna le lelapa leso re ile ra balehela sebakeng se sireletsehileng. Yaba ha morao re balehela Erfurt moo Mme wa ka a hlahetseng teng.
Ke nna le batswadi ba ka le ngwaneso kwana Germany ka selemo sa 1950
Ke moo a ileng a qala bo batla nnete teng. O ile a bala dibuka tsa borafilosofi, abile a hlahlobisisa madumedi a fapaneng, empa ha a a ka a e fumana. Yaba ka 1948, Dipaki Tsa Jehova tse pedi di fihla heso. Mme wa ka o ile a re ba kene mme a qala ho ba botsa dipotso tse ngata. Ka mora hora feela, a re ho nna le ngwaneso: “Ke fumane nnete!” Hang ka mora moo, nna, Mme wa ka le ngwaneso ra qala ho ya dibokeng hona Erfurt.
Ka 1950 re ile ra kgutlela Berlin mme ra kopanela phuthehong ya Berlin-Kreuzberg. Re ile ra boela ra kopanela phuthehong ya Berlin-Tempelhof, ka mora hore re dule sebakeng se seng hona Berlin. Ha nako e ntse eya, Mme o ile a kolobetswa empa nna ke ne ke tshaba. Ebe hobaneng?
KE ILE KA HLOLA BOTHATA BA HO BA DIHLONG
Ka ha ke ne ke le dihlong, ho ne ho le thata hore ke sebeletse Jehova. Ke qetile dilemo tse pedi ke ya tshimong, empa ho se mohla ke buang le batho. Le ha ho le jwalo, dintho di ile tsa fetoha ha ke qeta nako le bara le baradibabo rona ba bontshitseng sebete le boinehelo ba bona ho Jehova. Ba bang ba ne ba ile ba iswa dikampong tsa mahloriso tsa Manazi kapa diteronkong tsa East Germany. Ba bang bona ba ile ba ipeha kotsing ka ho isa dingolwa ka sekgukgu East Germany. Mohlala wa bona o ile wa nkgahla haholo. Ke ile ka nahana hore haeba bara le baradi bana babo rona, ba ipehile kotsing tjee e le hore ba sebeletse Jehova le ho thusa Bakrestemmoho le bona, le nna ke lokela ho kgaotsa ho ba dihlong.
Ho nka karolo letsholong le kgethehileng la ho bolela ditaba tse molemo ka 1955, ho ile ha nthusa hore ke se ke ka hlola ke ba dihlong. Lengolong le ileng la phatlalatswa ho the Informanta, Morabo rona Nathan Knorr o ile a re lena ene e tlaba letsholo le leholo ka ho fetisisa le kileng la etswa. O ile a boela a re haeba re nka karolo ho lona, mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo o ne o tla eketseha haholo kgweding eo. Sena se ile sa etsahala hantle jwalo ka ha a buile. Nakwana ka mora moo, ke ile ka inehela ho Jehova mme ka 1956, nna, ngwaneso le Ntate wa ka re ile ra kolobetswa. Empa hang ka mora moo, ke ile ka lokela ho etsa qeto ya bohlokwa.
Ke ne ke tseba hore ke lokela hoba pulamadiboho empa ka re ke tla bo bona neng neng. Qalong, ke ile ka etsa qeto ya ho ithuta ho reka dintho le ho di rekisetsa dikgwebo tsa dinaha tse ding. Ka mora moo, ke ne ke batla ho tswelapele ke sebetsa, e le hore nkaba le tsebo eketsehileng ya mosebetsi pele nkaba bopulamadiboho. Ka hoo, ka 1961 ke ile ka fumana mosebetsi Hamburg, e leng toropo e kgolo ya Germany e nang le boemakepe. Ke ne ke rata mosebetsi wa ka haholo mme ka re bopulamadiboho bo ke bo eme hanyane. Jwale ebe ke ne ke tla etsa jwang?
Ke leboha Jehova hore ebe o ile a sebedisa bara bana babo rona, ho nthusa hore ke be behe Mmuso pele. Metswalle ya ka e mmalwa, e ne e se e mpehetse mohlala ka hore e nke bopulamadiboho. Ho feta moo, morabo rona Erich Mundt ya ileng a iswa kampong ya mahloriso, o ile a nkgothalletsa ho tshepa Jehova. O ile a re ha a ne a le kampong ya mahloriso, o ile a bona hore barababo rona ba neng ba itshepile, ba ile ba wa tumelong. Empa ba neng ba tshepile Jehova ka ho felletseng, ba ile ba tswelapele ho tshepahala mme ba ile ba thusa mokgatlo.
Ha ke qala ho ba pulamadiboho ka 1963
Ho feta moo, morabo rona Martin Poetzinger eo ha morao a ileng a sebetsa le Sehlopha Se Busang, o ile a kgothatsa barababo rona mme a re: “Ntho ya bohlokwa eo le lokelang ho tshwana ka yona, ke hoba sebete!” Ka mora hore ke nahane ka mantswe ao, ke ile ka tlohella mosebetsi yaba ke ba pulamadiboho ka June 1963. Eo e ne e le qeto e thabisang ka ho fetisisa eo ke ileng ka e etsa. Dikgwedi tse pedi le pele ke batla mosebetsi wa boiphediso, ke ile ka memelwa ho ba pulamadiboho e kgethehileng mme dilemo tse mmalwa ka mora moo, Jehova o ile a mpha se fetang seo ke neng ke se nahanne. Ke ile ka memelwa tlelaseng ya bo 44 ya Sekolo sa Gileade.
KE ITHUTILE DINTHO TSA BOHLOKWA SEKOLONG SA GILEADE
E nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo ke ithutileng tsona ho morabo rona Nathan Knorr le Lyman Swingle ke e reng “O se ke wa tatela ho tlohela kabelo eo o e fuweng.” Ba ile ba re kgothalletsa hore re tswelepele ka dikabelo tsa rona le hoja ho ka ba thata. Morabo rona Knorr o ile a re: “Keng eo o tla e bona? Na o tla bona bohlaswa, dikokonyana kapa tlala? Kapa o tla bona difate, malomo le difahleho tsa batho ba thabileng? Ithute ho rata batho!” Ka letsatsi le leng ha morabo rona Swingle a hlalosa hore na ke hobaneng ha bara ba bang babo rona ba nyahama, o ile a utlwa bohloko haholo hoo dikeledi di ileng tsa tswa. O ile a ba a tlameha ho thola hanyane e le hore a be hantle pele a ka tswelapele ka puo ya hae. Puo ya hae e ile ya nkama maikutlo. Ke ile ka ipolella hore ha ke batle ho phoqa Kreste kapa bara le baradibabo rona.—Mat. 25:40.
Nna, Claude le Heinrich ha re le kabelong ya rona ya boromuwa kwana Lubumbashi, Congo ka 1967
Ha re qeta ho fuwa dikabelo tsa rona, barababo rona ba sebeletsang Bethele ba ile ba botsa ba bang ba rona hore na re abetswe ho lo sebeletsa kae. Ba ile bua hantle ka dikabelo tseo ba bang ba di fuweng, e itse ha ba mpotsa, yaba ke re: “Nna ke ya Congo (Kinshasa)” Ba ile ba thola hanyane, yaba ba re: “Oh Congo! Jehova a be le wena!” Ka nako eo Congo (Kinshasa) e ne e tumme ka dintwa le dipolayano. Empa ke ile ka dula ke nahanne ka seo ke ithutileng sona Gileade. Ka hoo, nakwana ka mora hore re graduate ka September 1967, nna, Heinrich, Dehnbostel le Claude Lindsay re ile ra ya motsemoholo wa Congo o bitswang Kinshasa.
RE ITHUTILE DINTHO TSA BOHLOKWA JWALO KA BAROMUWA
Ha re fihla Kinshasa, re nkile dikgwedi tse tharo ho ithuta Sefrench. Yaba re ya Lubumbashi e neng e bitswa Elisabethville, pela bodara ya Zambia, ka borwa ho Congo. Re ile ra dula lehaeng la baromuwa le neng le le toropong.
Ditaba tse molemo di ne di so ka di bolelwa dikarolong tse ngata tsa Lubumbashi mme re ile ra thaba haholo ho ba ba pele ba ho bolella batho ba moo molaetsa wa Mmuso. Hang ka mora moo, re ile ra ba le batho ba bangata bao re ithutang Bibele le bona, hoo re neng re sa kgone ho ba finyella kaofela. Re ile ra boela ra bolela ditaba tse molemo le ho mapolesa. Ba bangata ba ile ba bontsha hore ba hlompha Bibele le mosebetsi wa rona wa boboledi. Nna le Claude Lindsay re ile ra ithuta Seswahili ka ha batho ba bangata ba moo ba ne ba se bua. Yaba re iswa phuthehong e buang Seswahili.
Le hoja ho bile le dintho tse ngata tseo re di thabetseng, re ile ra tobana le mathata a mangata. Hangata re ne re kopana le masole a tahilweng a tshwere dithunya kapa mapolesa a neng a re qosa ka dintho tseo re sa di tsebeng. Ka tsatsi le leng re ne re tshwere diboka ntlong ya rona ya baromuwa, ha mapolesa a kena a tshwere dithunya mme a re isa seteisheneng sa mapolesa. Ha re fihla moo, ha ba a ka ba re fa ditulo empa ba ile ba re re dule fatshe ho fihlela ka 10 ya bosiu, yaba ba a re lokolla.
Ke ile ka ba mopotolohi ka 1969. Ka nako tse ding ke ne ke tsamaya leeto le le telele hara moru o nang le seretse le jwang bo bo telele. Motseng o mong, kgoho le ditsuonyana tsa yona di ile tsa robala ka tlasa bethe ya ka. Ha ke na lebala ka moo e ileng ya ntsosa ka teng ha e ne e etsa lerata mesong. Ke a thaba ha ke hopola mantsiboya ao re neng re eba le ona le barababo rona, re horile mollo mme re bua ka Bibele.
Bothata bo boholo boo re ileng ra tobana le bona, ke ba batho ba neng ba iketsa eka ke Dipaki Tsa Jehova empa ha e le hantle e le karolo ya sehlopha sa Kitawala.b Ba bang ba bona, ba ile ba kolobetswa mme ya eba baholo ka phuthehong. Ba ne ba tshwana le ‘majwe a patehileng’ ka phuthehong, empa ha ba a ka ba kgelosa bara le baradibabo rona ba tshepahalang. (Juda 12) Ha nako e ntse eya, Jehova o ile a tlosa batho bana ka phuthehong mme batho ba bangata ba ile ba tla nneteng.
Ka 1971 ke ile ka abelwa ho sebeletsa ofising ya lekala ya Kinshasa, moo ke neng ke etsa mesebetsi e fapaneng e jwalo ka ho thusa ka mangolo a tswang le a tlang lekaleng, ho etsa diodara tsa dingolwa le ho sebeletsa Lefapheng la Tshebeletso. Ka nako tse ding, dintho tseo re neng re di romela, di ne di nka dikgwedi pele di ka fihla diphuthehong. Di ne di ntshwa difofaneng ebe di kenngwa dikepeng, tseo hangata di neng di nka dibeke di sa tsamaye hobane di tshwerwe ke dihlahlana tse ka metsing. Le ha ho le jwalo, mosebetsi o ne o tswelapele ho sa tsotellehe mathata.
Ke ne ke hloletswe ha ke bona bara le baradibabo rona ba kgona ho lokisetsa hore hobe le kopano e kgolo le hoja ba ne ba sena tjhelete e lekaneng. Ba ile ba etsa sethala ba sebedisa mobu wa bohlwa, ba nka jwang mme ba bo etsa mabota le mesamo ya ho dula. Ba ile ba sebedisa mahlaka a matenya ho etsa dipalo le mahlaka a masesaane ho etsa marulelo le ditafole. Ba ile ba sebedisa makgakgapha a sefate ho etsa dipekere. Ka mehla ke ne ke kgahlwa ke dintho tseo bara le baradi bana babo rona ba neng ba di etsa e le hore ba atlehe. Ke ba rata haholo. Ke ile ka ba hopola haholo ka mora hore ke fuwe kabelo e ntjha.
HO SEBELETSA KENYA
Ka 1974 ke ile ka sebeletsa ofising ya lekala e Nairobi, Kenya. Ho ne ho ena le mosebetsi o mongata ka ha lekala leo le ne le hlokomela dinaha tse 10 tse mabapi ka mosebetsi wa boboledi mme tse ding tsa dinaha tseo di ne di thibetse mosebetsi wa rona. Ka makgetlo ke ile ka rongwa dinaheng tsena, haholoholo ya Ethiopia. Ka nako eo barababo rona ba ne ba hloriswa mme ba mamelletse diteko tse ngata. Ba bangata ba bona ba ne ba tshwarwa ka sehloho kapa ba kenngwa diteronkong, ha ba bang bona ba ile ba bolawa. Empa ba ile ba mamella ka botshepehi hobane ba ne ba ratana ebile ba ena le kamano e ntle le Jehova.
Ka 1980 ho ile ha etsahala ntho e thabisang bophelong ba ka. Ke ile ka nyalana le Gail Matheson. Habo Gail ke Canada mme re ile ra kopana sekolong sa Gileade. Re ne re romellana mangolo. Ka nako eo, Gail e ne e le moromuwa Bolivia. Yaba re kopana hape New York ka mora dilemo tse 12. Hang ka mora moo, re ile ra nyalana ha re le Kenya. Ke rata Gail haholo hobane o nahana jwalo ka Jehova, hape o kgotsofalla seo a nang le sona. Ke mothusi wa ka ka nako tsohle.
Ka 1986 nna le Gail re ile ra ba bapotolohi, ha ka nako e tshwanang ke ntse ke sebeletsa Komiting ya Lekala. Re ne re potoloha dinaheng tse welang tlasa lekala la Kenya.
Ke ne ke fana ka puo kopanong ya Asmara ka 1992
Ke hopola ka 1992 ha re hlophisetsa kopano Asmara e Eritrea. Ka nako eo mosebetsi wa rona o ne o so thibelwe sebakeng seo. Ka maswabi, re ile ra lokela ho tshwarela kopano moo ho behwang koro le poone teng mme ka hare ho ne ho se hotle. Ka letsatsi la kopano ke ne ke hloletswe ha ke bona ka moo bara le baradibabo rona, ba entseng hore sebaka seo se tshwanelehe bakeng sa borapedi. Malapa a mangata a ile a tla ka masela mme a a sebedisa ho etsa hore sebaka seo se be setle. Re ile ra thabela kopano haholo. Ho ne ho tlile batho ba 1 279.
Re ne re lokela ho dula dibakeng tse fapaneng beke le beke ha re ntse re le bapotolohi. Bekeng ena, re ne re dula ntlong e kgolo e majabajaba pela lewatle, ha bekeng e latelang re ne re lokela ho dula mokhukhung moo matlwana a neng a le bohole ba dimithara tse 100. Empa ho sa tsotellehe moo re neng re sebeletsa teng, re ne re thabela nako eo re neng re e qeta tshimong re ena le bopulamadiboho le bahweletsi ba tjhesehang. E itse ha re fumana kabelo e ntjha, re ile ra lokela ho siya metswalle ya rona.
RE ILE RA FUMANA DITLHOHONOLOFATSO HA RE LE ETHIOPIA
Ka selemo sa 1987 ho ya ho sa 1992, mosebetsi wa rona o ile wa ba molaong dinaheng tse mmalwa tse tlasa lekala la Kenya. Ka lebaka leo, ho ile ha etswa lekala le leng le diofisi. Ka 1993, re ile ra iswa lekaleng la Addis Ababa, Ethiopia, moo mosebetsi wa rona o neng o etswa ka sekgukgu ka dilemo tse ngata empa hona jwale o se o le molaong.
Ha ke le mosebetsing wa potoloho Ethiopia ka 1996
Jehova o hlohonolofaditse mosebetsi oo re neng re o etsa Ethiopia. Bara le baradibabo rona ba bangata e ile ya ba bopulamadiboho. Selemo le selemo ho tloha ka 2012, bahweletsi ba bang e ne eba bopulamadiboho ba ka mehla. Ho ekelletsa moo, dikolo tsa tshebeletso di ile tsa fana ka thupelo e hlokehang mme ho ile ha ahwa Diholo tsa Mmuso tse fetang 120. Ka 2004, Bethele e ile ya iswa moahong o motjha mme ho ba le Holo ya Kopano hona sebakeng seo, e ile ya ba tlhohonolofatso e kgolo.
Ho theosa le dilemo, nna le Gail re ile ra thabela botswalle le bara le baradibabo rona ba Ethiopia. Re a ba rata ka ha ba mosa ebile ba rata batho. Hona jwale re a kula mme re ile ra lokela ho kgutlela lekaleng la Central Europe. Re hlokometswe hantle empa re hopola metswalle ya rona ya Ethiopia.
JEHOVA O ENTSE HORE MOSEBETSI WA HAE O HOLE
Re bone ka moo Jehova a entseng hore mosebetsi wa hae o hole ka teng. (1 Bakor. 3:6, 9) Ka mohlala, ka lekgetlo la pele ha ke bolela ditaba tse molemo ho basebetsi ba morafong wa Congo ba tswang Rwanda, ho ne ho sena Dipaki Rwanda. Hona jwale ho se hona le Dipaki tse ka bang 30 000. Ka 1967, ho ne ho ena le bahweletsi ba 6 000 Congo, hona jwale ba se ba feta 230 000 mme batho ba ka hodimo ho milione ba ile ba ba teng Sehopotsong ka 2018. Dinaheng tsohle tse neng di hlokomelwa ke lekala la Kenya, palo ya bahweletsi e ile ya eketseha mme ya feta 100 000.
Dilemo tse ka hodimo ho 50 tse fetileng, Jehova o ile a sebedisa barababo rona ba fapaneng, ho nthusa hore ke kenele tshebeletso ya nako e tletseng. Le hoja ke ntse ke le dihlong, ke ithutile ho tshepa Jehova ka ho felletseng. Dintho tse nketsahalletseng Africa, di nthusitse hore ke be le mamello le kgotsofalo. Nna le Gail re ananela bara le baradibabo rona ba ileng ba ba le kamohelo ya baeti, ba mamella mathata le ho tshepa Jehova. Ke boetse ke ananela mosa o sa tshwanelang oo Jehova a ileng a mpontsha ona. Ruri Jehova o mphile ho feta seo ke neng ke se lebeletse.—Pes. 37:4.
a Ha morao e ile ya bitswa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso mme hona jwale e nketswe sebaka ke Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso.
b “Kitawala” e tswa lentsweng la Seswahili le bolelang “ho hatella, ho laela kapa ho busa.” Morero wa mokgatlo ona ka ho kgetheha e ne e le wa dipolotiki, e le hore naha e fumane puso ho ena le ho buswa ke Belgium. Dihlopha tsa Kitawala di ile tsa fumana dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova, tsa ithuta tsona le ho di aba. Di ne di sotha dithuto tsa Bibele ho tshehetsa maikutlo a tsona a dipolotiki, meetlo ya ditumelakgwela le bophelo ba boitshwaro bo bobe.