LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 June maq. 26-31
  • Esale re Ithuta ho Morupedi wa Rona e Moholo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Esale re Ithuta ho Morupedi wa Rona e Moholo
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MOHLALA WA BATSWADI BA KA
  • HA RE QALA TSHEBELETSO YA NAKONG E TLETSENG
  • HA RE NTSE RE LE BAROMUWA
  • HO TLOHA EUROPE HO YA AFRIKA
  • BOTJHABELA BO HARE
  • RE KGUTLELA AFRIKA
  • Ke ne ke Ikemiseditse Hore le ka Mohla Nke ke ka Nyahama
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Jehova o Mphile Seo ke Neng ke sa se Lebella
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Jehova o ‘Otlollotse Ditsela Tsa ka’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Jehova o re Makaditse a ba a re Ruta Dintho Tse Ngata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 June maq. 26-31
Morabo rona Franco Dagostini.

PALE YA BOPHELO

Esale re Ithuta ho Morupedi wa Rona e Moholo

JWALO KA HA HO BOLETSE FRANCO DAGOSTINI

HA NNA le mosadi wa ka re ntse re le bopulamadiboho le ha re ne re etsa mosebetsi wa borumuwa, re ile ra tobana le maemo a kotsi a kang dintwa, mahodiotswana, masole a hlometseng a neng a hlahloba batho ditseleng le mekwallo e tjhesitsweng. Ka dinako tse ding, re ne re tlameha ho baleha dibakeng tseo re neng re dula ho tsona. Le hoja re kopane le mathata, ha re ikwahlaele diqeto tseo re ileng ra di etsa bophelong hobane esale Jehova a re tsheheditse le ho re hlohonolofatsa bophelong bohle ba rona. Morupedi wa rona e Moholo Jehova o boetse o re rutile dithuto tsa bohlokwa bophelong.—Jobo 36:22; Esa. 30:20.

MOHLALA WA BATSWADI BA KA

Ka 1957, batswadi ba ka ba ile ba falla Italy ba ya Kindersley e profinseng ya Saskatchewan, naheng ya Canada. Nakwana ka mora moo, ba ile ba ithuta nnete mme e ile ya eba yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Ke hopola ha ke sa le ngwana, ke qeta nako e ngata ke le tshimong le ba lelapa leso. Ka dinako tse ding ha ke bua le batho ba bang ke ye ke swaswe ke re ke qadile ho ba “pulamadiboho e thusang” ke le dilemo di robedi feela.

Morabo rona Franco ha a le monyenyane o na le batswadi ba hae le bana babo.

Nna le lelapa leso ka bo1966

Batswadi ba ka ba ne ba futsanehile empa ba ile ba re behela mohlala o motle wa ho itella Jehova. Ka mohlala, ka 1963 ba ile ba rekisa dintho tsa bona tse ngata e le hore ba ka ba le tjhelete e lekaneng ya ho ya kopanong ya matjhaba e neng e tshwaretswe Pasadena e California, naheng ya Amerika. Ka 1972, re ile ra fallela toropong ya Trail e profinseng ya British Columbia naheng ya Canada, e bohole ba dikhilomithara tse ka bang tse 1 000 ho tloha moo re neng re dula teng. Re ne re batla ho yo thusa tshimong ya batho ba buang Setaliana. Ntate wa ka o ne a etsa mosebetsi wa ho hlwekisa. O ile a hana ho nyollwa mosebetsing hobane o ne a batla ho sebedisa nako ya hae a sebeletsa Jehova.

Ke ananela mohlala o motle oo batswadi ba ka ba o behetseng nna le bana beso ba bararo. Mohlala wa bona e bile yona ntho ya pele e ileng ya nthusa kwetlisong ya ka tshebeletsong ya Jehova. Ba nthutile ntho ya bohlokwa eo nke keng ka e lebala, hore haeba ke beha Mmuso wa Modimo pele bophelong ba ka, Jehova o tla ntlhokomela.—Mat. 6:33.

HA RE QALA TSHEBELETSO YA NAKONG E TLETSENG

Ka 1980, ke ile ka nyalana le Debbie, e leng moradi wa bo rona ya motle ya neng a tseba hantle hore na o batla ho sebeletsa Jehova jwang. Re ne re batla ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng, ka hoo Debbie e ile ya eba pulamadiboho dikgwedi tse tharo ka mora hore re nyalane. Selemo ka mora hore re nyalane, re ile ra fallela phuthehong e nyenyane moo ho neng ho ena le tlhokahalo mme le nna ke ile ka eba pulamadiboho.

Moarabo rona Franco le Moradi wa bo rona Debbie ka letsatsi la bona la lenyalo.

Ka letsatsi la rona la lenyalo ka 1980

Ka mora nako e itseng, re ile ra nyahama yaba re batla ho falla. Le ha ho le jwalo, pele re tsamaya re ile ra bua le molebedi wa potoloho. Ka bonolo o ile a re bolella nnete a re: “Le karolo ya bothata. Le nahana haholo ka mathata ao le nang le ona. Empa haeba le ne le ka shebana le dintho tse ntle tse etsahalang, le ne le tla di bona.” Eo e ne e le keletso eo re neng re e hloka. (Pes. 141:5) Re ile ra sebedisa keletso eo hanghang mme ra hlokomela hore ho ne ho ena le dintho tse ngata tse ntle tse etsahalang. Batho ba mmalwa ka phuthehong ba ne ba batla ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng, ho akarelletsa batjha le ba bang bao balekane ba bona eseng Dipaki. Seo se ile sa re ruta thuto ya bohlokwa. Re ithutile ho shebana le dintho tse ntle le ho letela Jehova hore a lokise maemo a ka bonahalang a le boima. (Mik. 7:7) Re ile ra boela ra thaba mme maemo a ile a ntlafala.

Barupedi ba sekolo sa rona sa pele sa bopulamadiboho ba ne ba kile ba sebeletsa dinaheng tse ding. Ha ba ntse ba re bontsha difoto le ho re bolella ditlhohonolofatso le mathata ao ba bileng le ona, seo se ile sa etsa hore re batle ho ba baromuwa. Ka hoo, re ile ra etsa qeto ya hore re ipehele pakane ya ho ba baromuwa.

Lehlwa le lengata le tlositswe moo ho pakwang dikoloi Holong ya Mmuso.

Holong ya Mmuso e British Columbia ka 1983

E le ho finyella pakane eo, ka 1984 re ile ra ya Quebec moo ho buuwang Sefora, e leng bohole ba dikhilomithara tse ka hodimo ho 4 000 ho tloha British Columbia. Re ile ra tlameha ho ithuta puo e ntjha le tsela eo batho ba moo ba etsang dintho ka yona. Bothata bo bong e ne e le hore hangata re ne re se na tjhelete e lekaneng. Ho na le nako eo re neng re phela ka ho kgwahlapisa ditapole tshimong ya motho e mong. Debbie o ile a ithuta mekgwa e metjha ya ho pheha ditapole ka tsela e monate. Ho sa tsotellehe mathata, re ile ra etsa sohle seo re ka se kgonang ho mamella re thabile. Ho ekelletsa moo, re ile ra bona hore Jehova o ne a ntse a re hlokomela.—Pes. 64:10.

Ka le leng re ile ra letsetswa ke Bethele e Canada re sa lebella. Re ne re memelwa ho ya sebeletsa moo. Le hoja re ne re thabetse memo eo, re ne re boetse re nyahame hobane re ne re ile ra kenya kopo ya ho ya Sekolong sa Gileade. Le ha ho le jwalo, re ile ra etsa qeto ya ho ya Bethele. Ha re fihla re ile ra botsa Morabo rona Kenneth Little e leng setho sa Komiti ya Lekala ra re, “Ho tlo etsahalang ka dikopo tsa rona tsa ho ya Gileade?” O ile a re, “Re tla boka ha di oroha.”

Beke ha morao, di ile tsa oroha hobane nna le Debbie re ile ra memelwa ho ya Sekolong sa Gileade. Ka hoo, re ne re tlameha ho etsa qeto. Morabo rona Little o ile a re ho rona: “Ho sa tsotellehe hore na le etsa qeto efe, ka matsatsi a mang le tla lakatsa eka le ka be le entse qeto e fapaneng le eo le e entseng. Ha ho na qeto e molemo ho feta e nngwe, Jehova a ka hlohonolofatsa qeto le ha e le efe.” Re ile ra etsa qeto ya ho ya Gileade mme le ka mora dilemo tse ngata, re a bona hore Morabo rona Little o ne a opile kgomo lenaka. Hangata re ne re bua mantswe ana a Morabo rona Little ho batho ba neng ba tlameha ho etsa qeto ya hore na ba tla amohela tshebeletso efe.

HA RE NTSE RE LE BAROMUWA

(Ka lehlakoreng le letshehadi) Ulysses Glass

(Ka lehlakoreng le letona) Jack Redford

Re ne re thabile haholo ho ba karolo ya baithuti ba 24 ba tlelase ya bo83 ya Gileade e neng e tshwaretswe Brooklyn e New York ka April 1987. Morabo rona Ulysses Glass le Morabo rona Jack Redford e ne e le bona barupedi ba rona ba ka sehloohong. Dikgwedi tse hlano di ile tsa feta kapele yaba re abelwa mangolo a rona ka la 6 September 1987. Re ile ra abelwa ho ya sebeletsa Haiti le Morabo rona John le Moradi wa bo rona Marie Goode.

Morabo rona Franco le Moradi wa bo rona Debbie ba tshimong lebopong la lewatle Haiti.

Haiti ka 1988

Baromuwa ba tswang Sekolong sa Gileade esale ba qetela ho romelwa Haiti ka 1962, ha baromuwa ba neng ba le moo ba lelekwa. Dibeke tse tharo ka mora kabo ya mangolo, re ile ra qala ho sebetsa phuthehong e nyenyane Haiti e neng e le harehare dithabeng, ya bahweletsi ba 35. Re ne re ntse re le banyenyane dilemong mme re ena le dintho tse ngata tseo re tlamehang ho ithuta tsona re bile re le bang lehaeng la baromuwa. Batho ba moo ba ne ba kolla ntsi hanong mme boholo ba bona ba ne ba sa tsebe ho bala. Ha re ntse re le moo, ho ile ha eba le mahodiotswana, ditoitoi, batho ba neng ba leka ho diha mmuso ha mmoho le dintwa tse neng di bakwa ke mathata a dipolotiki.

Re ile ra ithuta ho hongata ho bara le baradi ba bo rona ba Haiti ba neng ba dula ba thabile ebile ba le matla. Ba bangata ba bona ba ne ba ena le mathata a mangata empa ba ne ba rata Jehova le tshebeletso ya tshimo. Moradi wa bo rona e mong ya hodileng o ne a sa tsebe ho bala empa o ne a tseba mangolo a 150 ka hlooho. Mathata ao re neng re kopana le ona a ne a matlafatsa tumelo ya rona mme a re susumelletsa hore re bolelle batho hore Mmuso wa Modimo ke yona feela tharollo ya mathata a moloko ohle wa batho. Ho re ama pelo ho bona batho bao re neng re ithuta Bibele le bona ba se ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba ka mehla, ba kgethehileng le baholo.

Ha re ntse re le Haiti, ke ile ka kopana le moromuwa e mong e motjha wa Momormon ya bitswang Trevor mme re ile ra ba le monyetla wa ho buisana ka Bibele ka makgetlo a seng makae. Dilemo ha morao, o ile a nthomella lengolo ke sa lebella. Lengolong leo o ile a re: “Ke yo kolobetswa kopanong e latelang ya potoloho. Ke batla ho kgutlela Haiti ke yo ba pulamadiboho e kgethehileng moo ke neng ke le moromuwa wa Momormon.” O ile a etsa sona seo mme yena le mosadi wa hae e ile ya eba bopulamadiboho ba kgethehileng ka dilemo tse ngata.

HO TLOHA EUROPE HO YA AFRIKA

Morabo rona Franco o dutse tafoleng ya hae o a sebetsa.

Ha ke le Slovenia ka 1994

Re ile ra abelwa ho ya sebeletsa karolong e nngwe ya Europe moo mosebetsi wa boboledi o neng o se o sa thibelwa. Ka 1992 re ile ra fihla Ljubljana e Slovenia, haufi le moo batswadi ba ka ba holetseng teng pele ba fallela Italy. Ntwa e ne e ntse e kupa ka nako eo dibakeng tse neng di le Yugoslavia ya mehleng. Mosebetsi wa boboledi o neng o etswa dibakeng tseo o ne o hlokomelwa ke bara ba bo rona ba Vienna e Austria, Zagreb e Croatia le Belgrade e Serbia. Hona jwale naha e nngwe le e nngwe e ikemetseng e ne e tla ba le ofisi ya lekala.

Sena se ne se bolela hore re tla lokela ho ithuta puo e ntjha le setso se setjha. Batho ba moo ba ne ba tlwaetse ho re, “Jezik je težek,” e bolelang “Puo ya mona e thata.” Ba ne ba sa fosa! Re ne re tsota ka moo bara le baradi ba bo rona ba tshepahallang Jehova ka teng hobane ba ne ba dula ba ikemiseditse ho amohela diphetoho tse neng di etswa mokgatlong mme re ile ra bona ka moo Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa ka teng. Sena se ile sa boela sa re bontsha hore Jehova o dula a lokisa dintho ka nako e nepahetseng. Re ithutile dintho tse ngata haholo ha re ntse re le Slovenia mme tse ding tsa dintho tseo re ithutileng tsona pele re ya moo, di re thusitse ho mamella mathata ao re ileng ra tobana le ona.

Empa ho ne ho ntse ho ena le diphetoho tse ngata tseo re neng re tla tobana le tsona. Ka selemo sa 2000, re ile ra abelwa ho yo sebeletsa Côte d’Ivoire e Afrika Bophirimela yaba ka November 2002, re balehela Sierra Leone ka lebaka la ntwa ya lehae. Ho ne ho sa tswa fela ntwa ya lehae e ileng ya nka dilemo tse 11 moo. Ho ne ho se bonolo ho tloha Côte d’Ivoire kapele jwalo. Le ha ho le jwalo, dintho tseo re ileng ra ithuta tsona di ile tsa re thusa hore re dule re thabile.

Ha re fihla moo, re ile ra tsepamisa mohopolo ho batho ba neng ba batla ho ithuta Bibele le ho bara le baradi ba bo rona ba ratehang ba neng ba mamelletse ntwa ka dilemo tse ngata. Le hoja ba ne ba futsanehile, ba ne ba ikemiseditse ho arolelana le ba bang dintho tseo ba neng ba ena le tsona. Moradi wa bo rona e mong o ne a batla ho fa Debbie diaparo. Qalong Debbie o ne o sa batle ho di amohela empa moradi eo wa bo rona o ile a mo phehella a re: “Nakong ya ntwa, bara le baradi ba bo rona ba dinaheng tse ding ba ile ba re thusa. Jwale ke nako ya hore le rona re le thuse.” Re ne re ikemiseditse ho ba etsisa.

Ha morao re ile ra kgutlela Côte d’Ivoire empa maemo a dipolotiki a ile a baka ntwa hape. Ka hoo, ka November 2004 re ile ra nkwa ka helicopter, e mong le e mong a nkile mokotla o le mong o boima ba dikhilograma tse 10. Re ile ra iswa setsing sa masole a Fora. Bosiung boo re ile ra robala fatshe yaba letsatsing le hlahlamang re iswa Switzerland. E ne e le ka kgitla ha re fihla ofising ya lekala e Switzerland. Bara ba bo rona ba Komiti ya Lekala le barupedi ba Sekolo sa ho Kwetlisetswa Bosebeletsi (MTS) ha mmoho le basadi ba bona ba ile ba re amohela ka mofuthu, ba re haka, ba re fa dijo tse tjhesang le chocolate e ngata ya Switzerland. Re ile ra utlwa re ratwa haholo.

Morabo rona Franco o fana ka puo a le Holong ya Mmuso e Côte d’Ivoire.

O bua le baphaphathehi Côte d’Ivoire ka 2005

Re ile ra abelwa ho ya sebeletsa Ghana ka nakwana yaba re kgutlela Côte d’Ivoire ka mora hore ntwa ya lehae e kokobele. Bara le baradi ba bo rona ba ile ba re tshwara ka mosa mme seo se re thusitse haholo tlasa maemo ana a neng a sa tsitsa le dikabelong tsa rona tse neng di fetoha nako le nako. Nna le Debbie re ile ra dumellana ka hore le hoja ho tlwaelehile hore Bakreste ba bontshane lerato ka hara mokgatlo wa Jehova, rona ha re na nka taba ena hanyane empa re tla dula re e ananela. Ha morao re ile ra hlokomela hore ha e le hantle maemo ao a neng a le boima a ne a re kwetlisa.

BOTJHABELA BO HARE

Morabo rona Franco le Moradi wa bo rona Debbie ba etetse dithako tse Botjhabela bo Hare.

Ha re le Botjhabela bo Hare ka 2007

Ka 2006, re ile ra fumana lengolo le tswang ntlokgolo le neng le re bolella ka kabelo ya rona e ntjha e Botjhabela bo Hare. Sena se ne se bolela hore re ne re tla tlameha ho boela re itlwaetsa maemo a matjha, re ithuta dipuo le ditso tse ntjha. Ho ne ho ena le dintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona sebakeng sena se neng se ena le tshusumetso e matla ya dipolotiki le bodumedi. Re ne re thabela dipuo tse sa tshwaneng diphuthehong tsa moo mme re ile ra bona hore ho latela tataiso ya mokgatlo, ho ne ho etsa hore bara le baradi ba bo rona ba momahane. Re ile ra kgahlwa ke sebete seo bara le baradi ba bo rona ba ileng ba se bontsha hobane boholo ba bona ba ile ba mamella ha ba ne ba hanyetswa ke ba malapa a bona, bana bao ba kenang sekolo le bona, basebetsimmoho le baahisani.

Ka 2012, re ile ra ya kopanong e kgethehileng e neng e tshwaretswe Tel Aviv, Iseraele. E ne e le lekgetlo la pele batho ba Jehova sebakeng sena ba bokana ka bongata jwalo ka mora Pentekonta ya 33 C.E. Ena e ne e le ketsahalo eo re neng re ke ke ra e lebala le ka mohla!

Dilemo tsena tseo re di qetileng re le Botjhabela bo Hare, re ile ra romelwa naheng eo mosebetsi wa rona o thibetsweng. Re ile ra ya re tshwere dingolwa, ra kopanela mosebetsing wa boboledi ra boela ra ya le dikopanong tse nyenyane. Hohle moo re neng re ya teng, ho ne ho ena le masole a hlometseng ebile ditsela tse ding di kwetswe empa rona le bahweletsi ba mmalwa bao re neng re tsamaya le bona, re ne re ikutlwa re sireletsehile hobane re ne re le hlokolosi.

RE KGUTLELA AFRIKA

Morabo rona Franco o sebedisa laptop ya hae ho thaepa.

O lokisetsa puo a le Congo ka 2014

Ka 2013, re ile ra fuwa kabelo e neng e fapane hole le tse ding tseo re kileng ra di fuwa. Re ile ra abelwa ho ya lekaleng le Kinshasa e Congo empa ka maswabi, naha ena e ntle e ne e eba le dintwa hangata mme batho ba teng esale ba aparetswe ke bofutsana bo otlang pelo. Qalong re ile ra re, “Re tseba Afrika, ka hoo re ke ke ra ba le bothata ba ho dula Congo.” Empa ho na le dintho tse ngata tseo re neng re lokela ho ithuta tsona haholo ha re ya dibakeng tse ding moo ditsela tsa teng di neng di se hantle. Ho ne ho ena le dintho tse ngata tse molemo tseo re ka tsepamisang mohopolo wa rona ho tsona. Re ne re bona ka moo bara le baradi ba bo rona ba tswelang pele ho sebeletsa Jehova ka teng ba thabile. Le hoja ba ne ba ena le mathata a ditjhelete, ba ne ba rata tshebeletso ya tshimo mme ba etsa boiteko ba ho ya dibokeng le dikopanong. Re ile ra hlokomela hore mosebetsi wa boboledi o ne o atleha hobane Jehova o ne a o tshehetsa a bile a o hlohonolofatsa. Nako eo re e qetileng tshebeletsong ya nako e tletseng re le Congo, e re file monyetla wa ho ithuta dithuto tsa bohlokwa haholo le ho ba le metswalle e kang lelapa ho rona.

Morabo rona Franco o tshimong le sehlopha sa bara le baradi ba bo rona mme ba ya motseng.

Ha re ntse re bolela Afrika Borwa ka 2023

Qetellong ya 2017, re ile ra fihla kabelong ya rona e ntjha Afrika Borwa. Lena ke lekala le leholo ka ho fetisisa ho makala ao re kileng ra sebeletsa ho ona. Mosebetsi oo re ileng ra o abelwa le wona o ne o le motjha ho rona. Re ne re boetse re tlameha ho ithuta dintho tse ngata empa dintho tseo re ileng ra ithuta tsona nakong e fetileng di ile tsa re thusa. Re rata bara le baradi ba bo rona ba bangata ba sebeleditseng Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata. Ho thabisa haholo bo bona lelapa la Bethele le sebetsa le momahane le hoja e le batho ba ditso le merabe e fapaneng. Ho hlakile hore Jehova ke yena ya hlohonolofatsang batho ba hae le ho ba fa kgotso ha ba ntse ba leka ho apara botho bo botjha le ho sebedisa melaomotheo ya Bibele.

Dilemong tse fetileng, nna le Debbie re ile ra fumana dikabelo tse thabisang, ra ithuta ditso tse sa tshwaneng le dipuo tse ntjha. Ho ne ho se bonolo empa re bone ka moo Jehova a sebedisitseng bara le baradi ba bo rona ha mmoho le mokgatlo wa hae ka teng ho re bontsha hore o a re rata. (Pes. 144:2) Dintho tse ngata tseo re ithutileng tsona tshebeletsong ya nako e tletseng di re thusitse ho ntlafatsa tsela eo re sebeletsang Jehova ka yona.

Ke ananela tsela eo batswadi ba ka ba nkgodisitseng ka yona le ka moo mosadi wa ka eo ke mo ratang Debbie a ntsheheditseng ka teng. Ke boetse ke ananela mohlala oo bara le baradi ba bo rona lefatsheng lohle ba mpehetseng wona. Ha re nahana ka bokamoso, re ikemiseditse ho tswela pele re ithuta dintho tse ngata tseo Morupedi wa rona e Moholo Jehova a batlang ho re ruta tsona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share