LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w19 July maq. 1-32
  • Ruta Molaetsa wa Bibele ho Batho Bao Eseng Badumedi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ruta Molaetsa wa Bibele ho Batho Bao Eseng Badumedi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • EBA LE PONO E NEPAHETSENG KA BATHO
  • FINYELLA DIPELO TSA BATHO
  • BOLELLA BATHO BA SA DUMELENG HO MODIMO DITABA TSE MOLEMO
  • Thusa Batho ba sa Dumeleng ho Modimo ho mo Tseba
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dula o Thabile ha o Ntse o Etsa Mosebetsi wa Boboledi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • O Ikutlwa Jwang ka Batho ba Tshimo ya Heno?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • O ka Kgona ho Etsa Batho Barutuwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
w19 July maq. 1-32

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

Ruta Molaetsa wa Bibele ho Batho Bao Eseng Badumedi

“Ke fetohile dintho tsohle ho batho ba mefuta yohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.”​—⁠1 BAKOR. 9:⁠22.

PINA YA 82 “Lesedi la Lona le ke le Kganye”

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. Ke diphetoho dife tse bileng teng dibakeng tse ding morao tjee?

DILEMONG tse dikete tse fetileng, batho ba bangata e ne e le badumedi. Empa ho bile le diphetoho tse kgolo morao tjena hobane batho ba bangata ha e sa le badumedi. Ha e le hantle dinaheng tse ding, batho ba bangata ba bolela hore ha se badumedi.b​—Mat. 24:12.

2. Ke hobaneng ha batho ba bangata e se badumedi?

2 Ke hobaneng ha palo ya batho ba reng ha se badumedi e ntse e eketseha?c Mohlomong ba bang ba sitiswa ke mathata a bophelo kapa ba rata menate. (Luka 8:​14) Ba bang ha ba dumele hore Modimo o teng mme ba nka hore Bibele e siuwe ke nako le hore ha e dumellane le saense. Lebaka ke hore ba dula ba utlwa metswalle, matitjhere a bona le metjha ya phatlalatso e re dintho di ikentse mme ha se hangata ba fumanang mabaka a utlwahalang a ho dumela ho Modimo. Ba bang bona ba tennwe ke baruti ba ratang tjhelete le maemo a phahameng. Athe dibakeng tse ding teng, mebuso e entse melao e thibelang batho hore ba rapele Modimo ka bolokolohi.

3. Re tlo ithutang sehloohong see?

3 Jesu o re laetse hore re “etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.” (Mat. 28:​19) Empa re ka thusa batho bao eseng badumedi jwang hore ba rate Modimo mme ebe barutuwa ba Kreste? Re lokela ho hopola hore tsela eo motho a itshwarang ka yona ha re mo bolella molaetsa wa Bibele, e susumetswa ke sebaka seo a holetseng ho sona. Ka mohlala, batho ba dulang Europe ba ka nna ba se ke ba mamela molaetsa wa rona, empa batho ba dulang Asia bona, ba ka nna ba o mamela. Hobaneng? Taba ke hore batho ba dulang Europe ba tseba ho itseng ka Bibele le hore Modimo o bopile dintho tsohle. Empa boholo ba batho ba Asia, ha bo tsebe letho ka Bibele mme ho ka etsahala hore ha bo dumele hore ho na le Mmopi. Jwale sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ke jwang re ka bolelang molaetsa wa Bibele ho batho bohle, ho sa tsotelle hore na ba holetse kae kapa ba dumelang.

EBA LE PONO E NEPAHETSENG KA BATHO

4. Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ena le pono e nepahetseng ka batho?

4 Eba le Tshepo. Selemo le selemo, batho bao pele e neng e se badumedi, e ba Dipaki Tsa Jehova. Ba bangata ba ne ba se ba ntse ba ena le boitshwaro bo botle mme ba sa thabele boikaketsi bo teng madumeding a mangata. Ha ba bang bona, ba ne ba itshwere hampe mme ho ena le mekgwa e mengata eo ba lokelang ho e lahla. Ka thuso ya Jehova, re kgodisehile hore re tla fumana batho ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”​—Lik. 13:48; 1 Tim. 2:3, 4.

Morabo rona o bolella mosebetsimmoho le yena ditaba tse molemo. Ha morao mosebetsimmoho o sheba websaete ya rona ya jw.org

Fetola tsela eo o rutang ka yona ha o buisana le batho ba sa dumeleng Bibeleng (Sheba serapa sa 5-6)d

5. Keng hangata e etsang hore batho ba thabele molaetsa wa rona?

5 Eba Mosa Mme o Bontshe ho Nahanela. Hangata batho ba thabela molaetsa wa rona, eseng ka lebaka la seo re se buang empa ka lebaka la tsela eo re buang ka yona. Ba a thaba ha ba bona re le mosa, re ba nahanela ebile re bontsha hore re a ba kgathalla. Hape ha re ba qobelle hore ba mamele seo re se buang. Le ha ho le jwalo, re leka ho utlwisisa maikutlo a bona mabapi le bodumedi. Ka mohlala, batho ba bang ha ba rate ho bua ka bodumedi le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba nka hore ho botsa motho hore na o ikutlwa jwang ka Modimo, hoo ke ho tella. Athe ba bang bona, ba hlajwa ke dihlong ha ba bonwa ba ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ho sa tsotellehe mabaka ana, re leka ka hohle ho utlwisisa maikutlo a bona.​—2 Tim. 2:24.

6. Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ne a tenyetseha, hona re ka mo etsisa jwang?

6 Re ka etsang ha re hlokomela hore motho ha a phutholoha ha re bua mantswe a kang “Bibele,” “popo,” “Modimo” kapa “bodumedi”? Re ka etsisa moapostola Pauluse mme re fetole tsela eo re buang le yena ka yona. Ha Pauluse a bua le Bajuda, o ne a behelana mabaka le bona ka Mangolo. Empa ha a ne a bua le borafilosofi ba Bagerike ba Areopago, o ne a sa qotse Mangolo ka ho toba. (Lik. 17:​2, 3, 22-31) Re ka etsisa Pauluse jwang? Ha o kopana le motho ya sa dumeleng Bibele, ho ka ba molemo hore o se ke wa e bala ka ho toba ha o behelana mabaka le yena. Hape, ha o hlokomela hore motho ha a phutholoha ha ba bang ba mmona a bala Bibele le wena, leka ho mo bontsha yona founung kapa thableteng.

7. Jwalo ka ha ho tlalehilwe ho 1 Bakorinthe 9:​20-23, re ka etsisa Pauluse jwang?

7 Ba Mamele Mme o Ipehe Boemong ba Bona. Re lokela ho ipeha boemong ba batho bao re kopanang le bona. (Liprov. 20:⁠5) Nahana ka mohlala wa Pauluse. O holetse hara Bajuda. Empa o ile a lokela ho fetola tsela eo a rutang ka yona ha a ne a bolela molaetsa wa Bibele ho batho bao e seng Bajuda, ka ha ba ne ba sa tsebe letho ka Jehova kapa ka Bibele. Ka tsela e tshwanang, re ka nna ra lokela ho etsa dipatlisiso tse itseng kapa ra botsa ba bang ka phuthehong, hore re tsebe ho utlwisisa tsela eo batho ba tshimong ya rona ba nahanang le ho ikutlwa ka yona.​—⁠Bala 1 Bakorinthe 9:​20-⁠23.

8. Re ka qadisa moqoqo wa Bibele jwang?

8 Seo re se batlang ke ho fumana batho ba “tshwanelehang.” (Mat. 10:11) E le hore re etse seo, re lokela ho ba kopa hore ba ntshe maikutlo a bona mme re ba mamele ka hloko. Morabo rona ya dulang England o botsa batho hore na keng e ka etsang hore batho ba thabe lenyalong, ba hodise bana hantle le ho mamella kgethollo e teng lefatsheng. Ka mora ho utlwa maikutlo a bona, o re: “O nahanang ka keletso ee e ngotsweng dilemo tse 2 000 tse fetileng?” Ebe o ba bontsha lengolo founung ya hae, ntle le hore a ba bolelle hore ke lengolo la Bibele.

FINYELLA DIPELO TSA BATHO

9. Re ka thusa batho ba sa thabeleng ho bua ka Modimo jwang?

9 Re ka finyella dipelo tsa batho ba sa thabeleng ho bua ka Modimo, ka hore re buisane le bona ka dintho tseo ba amehileng ka tsona. Ka mohlala, batho ba bang ba rata tlhaho. Ka hoo, ha o bua le bona o ka nna wa re: “Mohlomong o a tseba hore dintho tseo borasaense ba di qapileng, ba di bone ho tswa popong. Nka ka mohlala, batho ba qapileng di-microphone ba ithutile tsela eo ditsebe di utlwang ka yona mme ba dikhamera bona, ba ithutile tsela eo mahlo a shebang ka yona. Jwale o nahana jwang ka popo? Na o ka re e ikentse kapa e tlameha ebe ho na le Mmopi?” Mamela ka hloko hore na o reng. E be o re: “Ha dienjiniere di ithuta tsela eo mahlo le ditsebe di entsweng ka yona, o ka re ha e le hantle di ithuta ho mang? Ke ile ka hlollwa ke seo mongodi e mong a ileng a se bua, ha a ne a re: ‘Ya hlomang tsebe, na a ke ke a utlwa? Kapa Ya etsang leihlo, na a ke ke a tadima? . . . Yena Ya rutang batho tsebo!’ Borasaense ba bang ba dumellana le mantswe ana.” (Pes. 94:9, 10) Ha o qeta o ka mo bontsha sehlooho se hlahang ho jw.org® tlasa “Dintlha tsa Qaleho ya Bophelo.” (Sheba tlasa DITHUTO TSA BIBELE > SAENSE & BIBELE.) Kapa o ka mo fa bukana ya Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe?

10. Re ka qala moqoqo jwang le motho ya sa rateng ho bua ka Modimo?

10 Batho ba bangata ba lakatsa eka bophelo bo ka ba monate nakong e tlang. Le ha ho le jwalo, ba bang ba tshaba hore lefatshe le tlo timetswa mme ha le sa tla hlola le eba le baahi. Mopotolohi e mong wa Norway, o re hangata batho ba sa rateng ho bua ka Modimo, ba thabela ho bua ka dintho tse etsahalang lefatsheng. Ka mora hore a dumedise motho, o re: “Na o nahana hore maemo a lefatshe a tla loka nakong e tlang? Na o ka re boradipolotiki le borasaense ba ka lokisa maemo kapa ho na le motho ya itseng ya ka a lokisang?” Ka mora ho mo mamela ka hloko, o bala kapa o qotsa ditemana tse bontshang hore maemo a tla loka nakong e tlang. Ba bang ba bona ba hlollwa ha ba utlwa tshepiso ya Bibele ya hore lefatshe le tla dula le le teng mme batho ba lokileng ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.​—⁠Pes. 37:​29; Moek. 1:⁠4.

11. Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho qadisa moqoqo, hona re ka etsisa mohlala wa Pauluse o tlalehilweng ho Baroma 1:14-16 jwang?

11 Re lokela ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho qadisa moqoqo. Hobaneng? Hobane re kopana le batho ba sa tshwaneng. Ntho eo motho a le mong a e thabelang, ha ho bolele hore batho kaofela ba tla e thabela. Batho ba bang ha bana bothata ba ho bua ka Modimo kapa ka Bibele, ha ba bang bona ba thabela hore motho a bue ka ntho e itseng pele a ka bua le bona ka ditaba tsa bodumedi. Ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe, re lokela ho sebedisa monyetla o mong le o mong ho bolella batho ba mefuta yohle ditaba tse molemo. (Bala Baroma 1:​14-16.) Le ha ho le jwalo, re lokela ho hopola hore Jehova ke yena ya etsang hore nnete e hole dipelong tsa batho ba nang le tshekamelo e nepahetseng.​—⁠1 Bakor. 3:​6, 7.

BOLELLA BATHO BA SA DUMELENG HO MODIMO DITABA TSE MOLEMO

Paki e bolella mosadi e mong ya tswang naheng eo eseng ya Bodumedi molaetsa wa Bibele

Fetola tsela eo o rutang ka yona ha o buisana le batho ba sa dumeleng Bibeleng (Sheba serapa sa 12-13)

12. Re ka etsang e le hore re kgone ho bolella batho ba tswang dinaheng tsa Asia, ba so kang ba nahana hore ho na le Mmopi?

12 Lefatsheng lohle, bahweletsi ba kopana le batho ba tswang dinaheng tsa Asia le bao ditaba tsa bodumedi di thibetsweng dinaheng tsa bona. Boholo ba dinaha tsa Asia, ha ba so ka ba nahana ka hore ebe ho na le Mmopi. Ba bang ba batla ho ithuta Bibele empa ba bang bona, ha bana kgahleho. Jwale ebe re ka ba thusa jwang? Bahweletsi ba bang ba fumane hore tsela e molemo ya ho qadisa moqoqo, ke hore o bue ka dintho tse tlwaelehileng, o bontshe motho hore o a mo kgathalla ebe ha morao o mo bolella ka moo bophelo ba hao bo ileng ba fetoha ka teng ha o ne o qala ho ithuta Bibele.

13. Keng e ka etsang hore batho ba thabele ho ithuta Bibele? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

13 Ntho ya pele e kgahlang batho, ke ha ba ithuta hore Bibele ena le dikeletso tseo ba ka di sebedisang letsatsi le letsatsi. (Moek. 7:​12) Moradiwabo rona ya dulang New York, ya ratang ho etela batho ba buang Setjhaena, o re: “Ke leka ho ba bontsha hore ke a ba kgathalla ka hore ke ba mamele. Ha ke fumana hore ba sa tswa fihla, ke a ba botsa: ‘Ho jwang ho dula moo? Na le se le fumane mosebetsi? Batho ba mona ba le tshwere jwang?’ ” Ka dinako tse ding, sena se thusa moradiwabo rona hore a qadise moqoqo wa Bibele. Jwale ha maemo a dumela, moradiwabo rona o re: “O nahana hore re lokela ho etsang e le hore re utlwane le batho bohle? Na nka o bontsha seo Bibele e se buang tabeng ee? E re: ‘Tshimoloho ya ho hloka kutlwano e jwalo ka ya bulelang metsi; ka hoo pele qabang e qhoma, o itsamaele.’ Na keletso ee e ka re thusa hore re utlwane le batho ba bang?” (Liprov. 17:​14) Meqoqo e jwalo, e ka re thusa ho hlokomela batho ba batlang ho ithuta ho eketsehileng ka Modimo.

14. Morabo rona ya dulang naheng e haufi le Asia o thusa batho ba reng ha ba dumele ho Modimo jwang?

14 Re ka reng ho batho ba re bolellang hore ha ba dumele ho Modimo? Morabo rona ya dulang naheng e haufi le Asia, ya nang le nako e telele a bolela ditaba tse molemo ho batho bao eseng badumedi, o re: “Hangata sebakeng sena ha motho a re ‘Ha ke dumele ho Modimo’ o mpa feela a hlolosa hore ha a rapele medimo ya ditshwantsho. Ke atisa ho dumellana le yena hore medimo e mengata ke eo batho ba iketseditseng yona, ha se ya nnete. Hangata ke bala Jeremia 16:​20, e reng: ‘Na motho wa lefatshe a ka iketsetsa medimo le hoja e se medimo?’ Ebe ke a botsa: ‘Re ka tseba jwang hore Modimo wa nnete ke ofe?’ Ke mamela karabo ya hae ka hloko, ke be ke mmalla Esaia 41:​23, e reng: ‘Bolelang dintho tse tlang ka mora moo, e le hore re tsebe hore le medimo.’ Ebe ka mora ho bala lengolo leo, ke mmontsha hore Jehova o ile a bolela esale pele dintho tse tlo etsahala nakong e tlang.”

15. Re ithutang mohlaleng wa morabo rona ya dulang East Asia?

15 Morabo rona ya dulang East Asia yena, o sebedisa mokgwa o latelang ha a etsa maeto a ho boela. O re: “Ke ba bontsha dikeletso tseo Bibele e nang le tsona, boprofeta bo seng bo phethahetse le melao e laolang bokahohle. Ebe ke a mmolella hore dintho tsena kaofela di bontsha hore ho na le Mmopi. Ha ho bonahala eka motho o a dumela hore Modimo o teng, ke mmontsha seo Bibele e se buang ka Jehova.”

16. Ho ya Baheberu 11:6, ke hobaneng ha re lokela ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba be le tumelo ho Modimo le Lentsweng la hae, hona re ka ba thusa jwang?

16 Ha re ithuta Bibele le batho bao eseng badumedi, re lokela ho ba thusa hore ba dumele hore Modimo o teng. (Bala Baheberu 11:⁠6.) Hape re lokela ho ba thusa hore ba dumele seo Bibele e se rutang. Sena se ka hloka hore re phete dintlha tse itseng hangata. Ka hona, nako le nako ha re ntse re ithuta le bona, re ka nna ra lokela ho ba bontsha bopaki ba hore Bibele ke Lentswe la Modimo. Sena se ka akarelletsa ho ba bontsha boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse, hore Bibele e nepahetse ditabeng tsa saense le histori le hore e na le dikeletso tseo re ka di sebedisang letsatsi le letsatsi.

17. Tsela eo re tshwarang ba bang ka yona, e ka ba ama jwang?

17 Re thusa batho hore e be barutuwa ba Kreste ka ho bontsha hore re a ba rata, ho sa tsotellehe hore na ke badumedi kapa tjhe. (1 Bakor. 13:⁠1) Ha re ntse re ithuta le bona, ntho e ka sehloohong eo re batlang hore ba e bone, ke hore Modimo o a ba rata mme o batla hore le bona ba mo rate. Selemo le selemo batho ba dikete bao e neng e se badumedi, ba a kolobetswa ka ha ba ile ba ithuta ho rata Modimo. Ka hona, eba le pono e nepahetseng ka batho ba mefuta yohle mme o ba bontshe hore o a ba kgathalla. Ba mamele mme o leke ho ipeha boemong ba bona. Mohlala wa hao o lokela ho ba susumelletsa hore ebe barutuwa ba Kreste.

O KA ARABA JWANG?

  • Re ka ba le pono e nepahetseng jwang ka batho bao re kopanang le bona tshimong?

  • Re ka finyella dipelo tsa batho bao eseng badumedi jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bolella batho bohle ditaba tse molemo?

PINA YA 76 Na ha ho Thabise?

a Batho ba bangata kajeno ha se badumedi mme re ka nna ra kopana le bona tshimong. Sehloohong sena, re tlo tshohla ka moo re ka ba rutang molaetsa wa Bibele ka teng le hore re ka ba thusa jwang hore ba be le tumelo ho Jehova Modimo le Lentsweng la hae Bibele.

b Ho ya ka dipatlisiso, tse ding tsa dinaha tseo ke: Albania, Australia, Austria, Azerbaijan, Canada, China, Czech Republic, Denmark, France, Germany, Hong Kong, Ireland, Israel, Japan, South Korea, Netherlands, Norway, Spain, Sweden, Switzerland, United Kingdom le Vietnam.

c TLHALOSO YA LENTSWE: Sehloohong sena, ha re bua ka motho eo eseng modumedi, re bua ka motho eo ho se nang mokgatlo wa bodumedi oo a kopanelang le ona, kapa motho ya sa dumeleng ho Modimo ho hang.

d DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o bolella mosebetsimmoho le yena ditaba tse molemo. Ha morao mosebetsimmoho o sheba websaete ya rona ya jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share