LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb23 September leq. 13
  • Thusa Batho ba sa Dumeleng ho Modimo ho mo Tseba

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Thusa Batho ba sa Dumeleng ho Modimo ho mo Tseba
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintlha tse Ding
  • Ruta Molaetsa wa Bibele ho Batho Bao Eseng Badumedi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Sebedisa ‘Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele’ ka Tsela e Atlehang
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • A re Ruteng Batho Nnete
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Hlahloba bopaki
    Fadimehang!—2021
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 September leq. 13
Moradi wa bo rona o bua le mme e mong wa Asia ka Bibele.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Thusa Batho ba sa Dumeleng ho Modimo ho mo Tseba

Na o ye o utlwe o tshaba ho bua ka Bibele le batho ba sa dumeleng ho Modimo hobane o nahana hore ba ke ke ba mamela? Haeba ho jwalo, hopola hore batho ba bangata ba neng ba sa dumele ho Modimo ho akareletsa le ba neng ba sa dumele hore o teng e ile ya eba Dipaki tsa Jehova. Maemong a mangata seo ba neng ba se hloka ke ho ithuta bopaki bo ba kgodisang hore Modimo o teng.—Bar 1:20; 10:14.

SHEBELLANG VIDEO YA HOPOLA HORE BATHO BA SE NANG TUMELO BA KA BA LE YONA—BATHO BAO ESENG BADUMEDI EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

Se etsahalletseng Morabo rona Tommaso se o thusa jwang hore o nolofallwe ke ho bua ka Bibele le batho ba sa dumeleng ho Modimo?

Ka moo o ka etsang sena ka teng

Ha o bua le motho ya sa dumeleng ho Modimo, eba mosa, o be bohlale mme o bontshe hore o amehile ka hore na ke hobaneng ha a ikutlwa jwalo ka taba eo. (2Ti 2:24) Bua ka dintho tse ka hapang thahasello ya hae. Na o a dumela hore le buisane ka bopaki bo kgodisitseng batho ba bangata hore Modimo o teng? Haeba ho jwalo, sebedisa dingolwa le divideo tse reretsweng ho thusa batho hore ba dumele hore Modimo o teng. Dibukana tse kang Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe? le The Origin of Life—Five Questions Worth Asking di kentswe ka hara Dithulusi Tsa ho Ruta e le hore di ka fumaneha ha bonolo.

Ka dinako tse ding o ka tshaba ho pakela motho ya sa dumeleng ho Modimo. Kopa thuso ho mohweletsi ya nang le boiphihlelo. Hopola hore Jehova a ka o thusa ho finyella dipelo tsa batho ba thahasellang ho ithuta ka yena le haeba qalong ba ne ba sa dumele hore o teng.—Dik 13:48.

Bukana ya “Na Dintho Tse Phelang di Bopilwe?”
Bukana ya “The Origin of Life—Five Questions Worth Asking.”
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share