LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 3 leq. 7
  • Na Lentswe la Modimo le ile la Fetolwa?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Lentswe la Modimo le ile la Fetolwa?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • RE KA TSEBA JWANG HORE MANGOLO A HALALELANG A KAJENO A NTSE A NA LE MOLAETSA OO JEHOVA A NENG A BATLA HO FANA KA WONA QALONG?
  • Na Batho ba ile ba Fetolela Bibele ka Tsela eo e Neng e sa Ngolwa ka Yona Pele?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • A3 Bibele e Fihlile Jwang ho Rona?
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Kgodiseha Hore Lentswe la Modimo ke Nnete
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 3 leq. 7
Karolo ya lengolo la Esaia e ngotsweng moqolong wa Lewatle le Shweleng le phetolelo ya lengolo leo ka puo ya Arabic.

Karolo ya lengolo la Esaia e ngotsweng moqolong wa Lewatle le Shweleng le phetolelo ya lengolo leo ka puo ya Arabic. Molaetsa wa Lentswe la Modimo ha wa ka wa fetoha.

Na Lentswe la Modimo le ile la Fetolwa?

Batho ba bang ba ipotsa hore na ebe Lentswe la Modimo le ile la fetolwa. Moprofeta Esaia o ile a re Lentswe la Modimo le “tshwarella ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (Esaia 40:⁠8) Re ka kgodiseha jwang hore ditshepiso tseo Modimo a ileng a di etsa di ntse di ngotswe ka tsela eo a neng a di buile ka yona?

Modimo o na le matla a ho etsa hore Lentswe la hae le dule le le teng le hore le se ke la senngwa. Nakong e fetileng, ha ho ne ho etswa dikopi tsa Lentswe la Modimo, batho ba neng ba etsa dikopi tsena ba ile ba etsa bonnete ba hore ha ba siye letho, ha ba fetole letho, ebile ha ba eketse ka letho Mangolong a Halalelang. Le ha ho le jwalo, ka ha batho ha ba a phethahala, ho na le bakopitsi ba bang ba ileng ba etsa diphoso tse nyenyane.

RE KA TSEBA JWANG HORE MANGOLO A HALALELANG A KAJENO A NTSE A NA LE MOLAETSA OO JEHOVA A NENG A BATLA HO FANA KA WONA QALONG?

Ho na le dikopi tse ngata tsa kgale tsa Mangolo a Halalelang tse ngotsweng ka matsoho. Haeba ho na le kopi e le nngwe e sa tshwaneng le tse ding, ho nkuwa kopi ena e bapiswe le tse ding mme seo se etsa hore ho be bonolo ho bona hore na ho entswe phoso hokae.​—E le hore o ithute ka ho eketsehileng, sheba sehlooho se reng “Na Batho ba ile ba Fetolela Bibele ka Tsela eo e Neng e sa Ngolwa ka Yona Pele?” ho jw.org.

Ka mohlala, nahana ka dikopi tsa kgale tse bitswang Moqolo wa Lewatle le Shweleng tse ileng tsa fumanwa ke Mabedouin mahaheng a haufi le Lewatle le Shweleng ka 1947. Dikopi tsena di na le Mangolo a Halalelang a ngotsweng dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ditsebi di ile tsa bapisa dikopi tsena tse ngotsweng ka matsoho le Mangolo a Halalelang ao re a sebedisang kajeno. Ba ile ba fumana eng?

Ditsebi di ile tsa fumana hore molaetsa oo re o fumanang ka Lentsweng la Modimo kajeno o tshwana hantle le oo Modimo a ileng a fana ka wona ho tloha qalong.a Re ka kgodiseha hore Modimo o sireleditse molaetsa wa hae le hore o ntse o tshwana le ha a ne a fana ka wona ho tloha qalong.

Ka hoo, re ka tshepa seo re se balang lentsweng la Modimo le ho kgodiseha hore se nepahetse. Ka hona, ha re hlahlobeng seo re ka ithutang sona ka Modimo seo baprofeta ba hae ba ileng ba bua ka sona.

a Moqolo wa Lewatle le Shweleng o Felletseng o Ngotsweng ka Senyesemane ke Geza Vermes, leqephe la 16.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share