Dipaki tsa Jehova di bolela ditaba tse molemo Ghana
Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
TORA YA HO LEBELA
Potso: Batho ba bang ba dumela hore Bibele e siilwe ke nako, ha ba bang bona ba dumela hore e ntse e ka re thusa. Ebe wena maikutlo a hao ke afe ka taba ena?
Lengolo: 2Ti 3:16, 17
Buella Sengolwa: Makasineng ena ya Tora ya ho Lebela ho na le mehlala ya kamoo Bibele e ileng ya thusa batho ba bang le kamoo e ka re thusang hona jwale.
RUTA MOLAETSA WA BIBELE
Potso: Na bofelo ba lefatshe bo haufi?
Molaetsa wa Bibele: Boprofeta ba Bibele bo bontsha hore re phela mehleng ya bofelo. Ditaba tsena di a thabisa hobane di bontsha hore re tla phela hamonate haufinyane.
NA LINTHO TSE PHELANG LI BŌPILOE?
Potso: O bona eka ke taba efe e utlwahalang ho tsee: ho dumela hore Modimo o bopile dintho kapa hore dintho di itlhahisitse?
Buella Sengolwa: Bukaneng ena, ho na le bopaki bo thusitseng batho ba bangata ho dumela hore ho na le Mmopi ya bohlale. Nka thabela ho kgutla re tlo buisana ka potso e leqepheng la 29: “Na ho na le taba hore na o dumela eng?”
NGOLA SEO O TLA SE BUA
Sebedisa mehlala ena ha o ngola seo o tla se bua le batho tshimong.