Ho bolela ka ntlo le ntlo Italy
Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
TORA YA HO LEBELA
Potso: Na ke thato ya Modimo hore e be re a shwa?
Lengolo: Tše 21:4
Buella Sengolwa: Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e hlalosa seo Bibele e se buang ka bophelo le lefu.
RUTA MOLAETSA WA BIBELE
Potso: Ke hobaneng ha mathata a le mangata hakana?
Lengolo: 1Jo 5:19
Molaetsa wa Bibele: Satane Diabolose ke yena a busang lefatshe.
HO ETSAHALANG THUTONG YA BIBELE?
Buella Sengolwa: Dipaki Tsa Jehova di ithuta Bibele le batho mahala e le hore di arabe dipotso tse kang: Ke hobaneng ha mathata a le mangata hakana? Lelapa la ka le ka thaba jwang? Video ena e kgutshwanyane e bontsha kamoo re ithutang Bibele le batho. [Bapala video Ho Etsahalang Thutong ya Bibele?] Re ka sebedisa sengolwa sena bakeng sa puisano ya rona. [Mo bontshe sengolwa leha e le sefe seo re ithutang Bibele le batho ka sona. Ha monyetla o le teng, mo bontshe hore na thuto e kgannwa jwang.]
NGOLA SEO O TLA SE BUA
Sebedisa mehlala ena ha o ngola seo o tla se bua le batho tshimong.