Dipaki Tsa Jehova di fa motho bukana ya Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao naheng ya Georgia
Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
TORA YA HO LEBELA
Potso: Ke mang ya fanang ka dimpho tse molemohadi ka ho fetisisa?
Lengolo: Jak 1:17
Buella Sengolwa: Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e re thusa ho ananela mpho e kgolo ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona.
RUTA MOLAETSA WA BIBELE
Potso: Na o a tseba hore lebitso la Modimo ke mang?
Lengolo: Pes 83:18
Molaetsa wa Bibele: Lebitso la Modimo ke Jehova.
HO KA BA LE THABO LELAPENG LA HAO
Seo o ka se Buang: Re ntse re bontsha batho video e kgutshwanyane e buang ka lelapa.
Buella Sengolwa: Haeba o ka thabela ho bala bukana eo ho builweng ka yona videong ena, nka o fa yona kapa ka o bontsha hore na o ka e downloada jwang websaeteng.
NGOLA SEO O TLA SE BUA
Sebedisa mehlala ena ha o ngola seo o tla se bua le batho