Dipaki Tsa Jehova di memela motho Sehopotsong Albania
Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho
TORA YA HO LEBELA
Potso: Ho ya ka wena, o kare ke mpho efe e kgolo ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona?
Lengolo: Joh 3:16
Buella Sengolwa: Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e hlalosa lebaka leo ka lona Modimo a ileng a romela Jesu hore a re shwele le hore re ka bontsha jwang hore re ananela mpho eo.
MMUSO WA MODIMO KENG?
Potso: [Bontsha motho sehlooho se ka ntle.] O ka araba potso ee jwang? Na Mmuso wa Modimo ke boikutlo bo ka pelong? mokgabo puo? kapa mmuso o lehodimong?
Buella Sengolwa: Pampitshana ena e hlalosa seo Mmuso wa Modimo o se bolelang ho wena.
MEMO YA SEHOPOTSO
Buella Sengolwa: Re ntse re memela batho ketsahalong ya bohlokwa ka ho fetisisa. [Fana ka memo] Ka la 11 April, batho ba dimilione lefatsheng lohle ba tla be ba kopane ho tla ikgopotsa lefu la Jesu le ho mamela puo ya Bibele e hlalosang kamoo lefu la hae le ka re tswelang molemo kateng. Memo ena e bontsha nako le sebaka seo ketsahalo ena e tlang ho tshwarelwa ho sona. Re tshepa hore o tla ba le rona moo.
NGOLA SEO O TLA SE BUA
Sebedisa mehlala ena ha o ngola seo o tla se bua le batho tshimong.