PHELA JWALO KA MOKRESTE
Na o a Itshwarela?
Ho ka ba thata hore re itshwarele diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng tseo Jehova a seng a re tshwaretse tsona. Taba ena e ile ya hlaloswa puong le ka video, Kopanong ya Setereke ya 2016 ya “Tshepahalang ho Jehova!”. Sebedisa JW Library app ho shebella video ena hape ebe o araba dipotso tse latelang:
Sellwane o ne a kgaotswe nako e kae?
Baholo ba ile ba balla Sellwane lengolo lefe, hona le ile la mo thusa jwang?
Phutheho e ile ya tshwara Sellwane jwang ha a ne a kgutlisetswa ka phuthehong?
Ke boikutlo bofe bo neng bo tshwenya Sellwane, hona ntate wa hae o ile a mo thusa jwang?