LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 October maq. 14-17
  • Lokisa Setswalle sa Hao le Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lokisa Setswalle sa Hao le Jehova
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE DITEKO DIFE TSEO O TLA KOPANA LE TSONA?
  • IPEHELE DINTHO TSEO O KA KGONANG HO DI FINYELLA
  • O SE KE WA TELA
  • ‘Bitsa Baholo’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Jehova o o Rata Haholo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Baholo, Tswelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Ha o Mong Hobane Jehova o Dula a Ena le Wena
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 October maq. 14-17
Morabo rona o bonahala a imetswe ha a nahana ka nako le matla ao a tla a hloka ho lokisa ntlo ya hae e senyehileng.

Lokisa Setswalle sa Hao le Jehova

SELEMO le selemo bahlanka ba bangata ba Jehova bao e leng dinku tse ratehang, ba kgutlisetswa ka phuthehong ya Bokreste. A ko nahane thabo e bang teng lehodimong ha a le mong a kgutlela ka phuthehong. (Luka 15:7, 10) Haeba o kgutliseditswe ka phuthehong, o ka kgodiseha hore Jesu, mangeloi le Jehova ba thabile hore o se o kgutletse ka phuthehong. Ke nnete hore ha o ntse o lokisa setswalle sa hao le Jehova, o ka nna wa kopana le diteko. Tse ding tsa diteko tseo ke dife, hona o ka di hlola jwang?

KE DITEKO DIFE TSEO O TLA KOPANA LE TSONA?

Bara le baradibabo rona ba bangata ba ntse ba ikutlwa ba nyahame le ka mora hore ba kgutlele ka phuthehong. Mohlomong le wena o ikutlwa jwalo ka Morena Davida. Esita le ka mora hore a tshwarelwe diphoso tsa hae, o ile a re: “Diphoso tsa ka tse ngata di ile tsa mphihlela.” (Pes. 40:12; 65:3) Ka mora hore motho a kgutlele ho Jehova, a ka nna a ikutlwa a ntse a le molato kapa a swabile ka dilemo tse ngata. Moradiwabo rona Isabelle ya ileng a kgaolwa ka dilemo tse fetang tse 20 o re: “Ho ne ho le thata ho dumela hore Jehova a ka ntshwarela.”a Ho nyahama ho ka etsa hore setswalle sa hao le Jehova se boele se fokole. (Liprov. 24:10) Leka ka hohle hore ntho eo e se ke ya o etsahalla.

Ba bang ba ka nna ba tshwenyeha hore ba ke ke ba kgona ho etsa ntho e nngwe le e nngwe e hlokahalang e le hore ba dule ba ena le setswalle se matla le Jehova. Ka mora hore morabo rona Antoine a kgutlisetswe ka phuthehong o ile a re: “Ke ne ke utlwa eka ke lebetse ntho e nngwe le nngwe eo ke neng ke ithutile yona le ho e etsa ha ke ne ke le Paki.” Ka lebaka la ho ba le maikutlo ao, ba bang ba ka nna ba qeaqea ho sebeletsa Jehova haholwanyane.

Ka mohlala, nahana ka motho ya neng a rata ntlo ya hae ebe e senyeha ka lebaka la sefefo, a ka nna a ikutlwa a ferekane ha a nahana hore na e tlo mo hloka nako le matla a makae hore a e lokise. Ka tsela e tshwanang, haeba setswalle sa hao le Jehova se ile sa senyeha ka lebaka la ho etsa sebe, o ka nna wa ikutlwa eka o lokela ho sebetsa ka thata e le hore o se lokise hape. O ka thuswa keng?

Jehova o re: “Jwale, tloong mme re lokiseng ditaba pakeng tsa rona.” (Esa. 1:18) O se o sebeditse ka thata ho ‘lokisa ditaba’ le Jehova mme o ananela boiteko boo o bo entseng. Ka ha o kgutletse ho Jehova, taba eo e a mo thabisa ebile e bontsha hore Satane o leshano.​—Liprov. 27:11.

Ka ho kgutlela ho Jehova o se o ntse o atametse haufi le yena mme le yena o o tshepisa hore o tla atamela haufi le wena. (Jak. 4:8) Batho ba a thaba ha ba bona o kgutlela ka phuthehong empa ho na le ntho e nngwe eo o lokelang ho e etsa. O lokela ho sebetsa ka thata hore o dule o rata Jehova, e leng Motswalle le Ntate wa hao. O ka bontsha jwang hore o a mo rata?

IPEHELE DINTHO TSEO O KA KGONANG HO DI FINYELLA

Leka ho etsa dintho tseo ho tla ba bonolo ho di finyella. Mohlomong o ntse o hopola dithuto tsa motheo tseo o ithutileng tsona ka Jehova le ditshepiso tsa hae ka Paradeise. E le hore o be Mokreste ya matla hape, o ntse o hloka ho qeta nako o ena le bara le baradibabo rona, o ya tshebeletsong ya tshimo le dibokeng ka mehla. Leka ho etsa dintho tsena tse latelang.

Dula o rapela. Ntate wa hao Jehova o a tseba hore ho ke ke ha eba bonolo ho mo rapela haeba o ntse o ikutlwa o le molato ka ntho e mpe eo o ileng wa e etsa. (Bar. 8:26) Ho ntse ho le jwalo, ‘phehella thapelong’ o bolelle Jehova hore o batla ho ba motswalle wa hae. (Bar. 12:12) Ha morabo rona Andrej a hopola ka moo a neng a ikutlwa ka teng, o re: “Letswalo la ka le ne le ntshetshetha ebile ke ne ke swabile. Empa ka mehla ka mora hore ke rapele, ke ne ke utlwa ho re kokololo mme ke eba le kgotso ya kelello.” Haeba o sa tsebe hore na o ka reng ha o rapela, o ka thuswa ke ho bala dithapelo tsa Morena Davida ya ileng a baka, tse tlalehilweng ho Pesaleme ya 51 le ya 65.

Ithute Bibele ka mehla. Ho ithuta Bibele ka mehla ho tla etsa hore tumelo ya hao e be matla hape o tla dula o rata Jehova. (Pes. 19:7-11) Morabo rona Felipe o re: “Lebaka le ileng la etsa hore ke utlwise Jehova bohloko ke hobane ke ne ke se ke sa bale Bibele ka mehla. Ka ha ke ne ke sa batle ho pheta phoso e tshwanang mme ke utlwise Jehova bohloko, ke ile ka etsa qeto ya ho ithuta Bibele ka mehla hape.” Le wena o ka bala Bibele ka mehla. Haeba o sa tsebe hore na o qale kae ho ithuta Bibele o le mong, kopa hore motho e mong ya nang le tsebo e eketsehileng a o thuse.

Etsa setswalle le bara le baradibabo rona. Batho ba bang ba kgutlelang ka phuthehong, ba tshwenyeha ka hore ba bang ba ke ke ba ba amohela. Ha moradiwabo rona Larissa a dumellana le taba ena o re: “Ke ne ke swabile haholo. Ke ile ka ikutlwa eka ke utlwisitse phutheho bohloko mme ke ile ka ba le boikutlo bona ka nako e telele.” Ka hoo, kgodiseha hore baholo le bara le baradibabo rona ba nang le tsebo e eketsehileng, ba batla ho o thusa hore o be motswalle wa Jehova hape. (Sheba lebokose le reng, “Dintho Tseo Baholo ba ka di Etsang”) Ba thabetse hore ebe o kgutletse ka phuthehong mme ba batla hore le wena o thabe.​—Liprov. 17:17.

Keng e ka o thusang hore o be haufi le Bakrestemmoho? Eba teng dibokeng tsohle le tshebeletsong ya tshimo le bara le baradibabo rona. Ho etsa jwalo ho tla o thusa jwang? Morabo rona Felix o re: “Bara le baradibabo rona ba ne ba thabetse hore ebe ke kgutletse ka phuthehong. Ke ile ka ikutlwa ke amohelehile. Ba ile ba nthusa hore ke ikutlwe ke le karolo ya phutheho hape, hore Jehova o ntshwaretse le hore nka tswela pele ke sebeletsa Jehova.”​—Sheba lebokose le reng, “O ka Etsang?”

O ka Etsang?

Lokisa setswalle sa hao le Jehova

Moholo o rapela le morabo rona ya kgutletseng ho Jehova.

DULA O RAPELA

Bolella Jehova hore o batla ho ba motswalle wa hae. Baholo ba tla o rapella ba be ba rapele le wena

Moholo o bala le morabo rona ba sebedisa buka ya “Atamela ho Jehova.”

ITHUTE BIBELE KA MEHLA

Matlafatsa tumelo ya hao ka ho ithuta. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore o rate Jehova le ho feta

Morabo rona o qoqa le bara le baradibabo rona ha ba le mmokeng.

ETSA SETSWALLE LE BARA LE BARADIBABO RONA

E ya dibokeng ka mehla le tshebeletsong ya tshimo le bara le baradibabo rona

O SE KE WA TELA

Satane o tla tswela pele ho tlisa mathata a kang difefo tse matla ho leka ho o nyahamisa ha o ntse o lokisa setswalle sa hao le Jehova. (Luka 4:13) Ikemisetse hona jwale ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova.

Ha Jehova a tshepisa dinku tsa hae o re: “E lahlehileng ke tla e batla, mme e hlahlathetseng ke tla e kgutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa mme e kulang ke tla e matlafatsa.” (Ezek. 34:16) Jehova o se a thusitse batho ba bangata hore ba lokise setswalle sa bona le yena. Ka hoo, e se eka o ka kgodiseha hore Jehova o batla hore o dule o matlafatsa setswalle sa hao le yena.

Dintho Tseo Baholo ba ka di Etsang

Moholo o thusa morabo rona hore a lokise ntlo ya hae e senyehileng.

Baholo ba bapala karolo ya bohlokwa ya ho thusa bahweletsi ba qetang ho kgutlisetswa ka phuthehong hore ba boele ba be le kamano e ntle le Jehova. Hlokomela hore ke jwang ba ka thusang batho ba qetang ho kgutlisetswa ka phuthehong.

Ba kgothatse. Moapostola Pauluse o ne a utlwisisa hore motho ya qetang ho kgutlisetswa ka phuthehong a ka “sithabetswa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.” (2 Bakor. 2:7) A ka dula a ikahlola ebile a swabile. Pauluse o ile a eletsa phutheho a re: ‘Le mo tshwarele ka mosa le ho mo tshedisa.’ Batho ba qetang ho kgutlisetswa ka phuthehong ba lokela ho kgodiseha hore Jehova le Bakrestemmoho le bona ba a ba rata. Ha baholo ba dula ba ba babatsa ebile ba ba thusa, ntho eo e tla ba thusa hore ba se ke ba nyahama.

Rapela le bona. “Thapedi ya motho ya lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.” (Jak. 5:16) Moradiwabo rona Larissa eo re buileng ka yena pejana o re: “Ke ile ka bolella baholo ka dintho tse ntshwenyang. Ba ile ba nthapella le ho rapela le nna yaba ke a hlokomela hore baholo ha ba a nkwatela. Ba ne ba batla ho nthusa hore ke lokise kamano ya ka le Jehova.” Morabo rona Theo yena o re: “Ha baholo ba nthapella, ke ile ka kgodiseha hore Jehova o nthata haholo. O bona dintho tse ntle tseo ke di etsang eseng tse mpe feela.”

Eba motswalle wa bona. Bahweletsi ba kgutliseditsweng ba hloka metswalle ka phuthehong. Morabo rona Justin wa moholo o re: “Leka ka hohle ho tsamaya le bona tshimong mme o etse ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e leng ho ba etela. Ke ntho ya bohlokwa haholo ho ba motswalle wa bona.” Morabo rona Henry eo le yena e leng moholo o re: “Haeba ba bang ka phuthehong ba hlokomela hore baholo e eba metswalle ya batho ba qetang ho kgutlisetswa ka phuthehong, le bona ba etsa se tshwanang.”

Ba thuse hore ba ithute. Motswalle ya nang le tsebo a ka kgona ho thusa motho ya sa tswa kgutlisetswa ka phuthehong hore a itlwaetse ho ithuta. Morabo rona Darko wa moholo o re: “Ke rata ho ba bolella dintho tse kgothatsang tseo ke ithutileng tsona ha ke ntse ke bala Bibele ke le mong. Ke etsa bonnete ba hore ba bona ka moo ke thabelang ho bala Bibele ka teng. Ke boetse hape ke kgetha sehlooho se kgothatsang seo re tla se bala ha mmoho.” Morabo rona Clayton eo le yena e leng moholo o re: “Ke ba kgothalletsa hore ba bale ditlaleho tsa Bibele tsa batho ba fetileng boemong bo tshwanang le ba bona le ho bona hore na ba ka ithutang mehlaleng eo.”

Eba modisa ya molemo. Batho ba kgutliseditsweng ka phuthehong ba ne ba nka baholo e le baahlodi empa hona jwale ba lokela ho ba nka e le badisa. (Jer. 23:4) Potlakela ho ba mamela mme o ikemisetse ho ba babatsa. Bua le bona kgafetsa. Hlokomela hore na morabo rona Marcus eo e leng moholo o re ba etsang ha ba le leetong la bodisa. O re: “Re bala temana ya Bibele, re a ba babatsa mme re a ba kgodisa hore Jehova ha mmoho le rona re motlotlo ka bona hore ba ile ba sebetsa ka thata e le hore ba kgutlele ka phuthehong. Qetellong ya leeto la rona re etsa bonnete ba hore re beha nako ya hore re tla tla neng hape.”

a Mabitso a hlahang sehloohong sena a fetotswe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share