LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 September maq. 2-7
  • ‘Bitsa Baholo’

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • ‘Bitsa Baholo’
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • RE LOKELA HO ‘BITSA BAHOLO’ NENG?
  • KE HOBANENG HA RE LOKELA HO BITSA BAHOLO?
  • BAHOLO BA RE THUSA JWANG?
  • BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA
  • Baholo ba Lokela ho Etsang ha ba Thusa Motho ya Entseng Sebe se Tebileng?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Phutheho ya Dipaki Tsa Jehova e Hlophisitswe Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 September maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 36

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

‘Bitsa Baholo’

“A ke a bitse baholo ba phutheho.”—JAK. 5:14.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o kope thuso ho baholo ha o e hloka.

1. Jehova o bontshitse jwang hore o re nka re le dinku tsa hae tsa bohlokwa?

JEHOVA o re nka re le dinku tsa hae tsa bohlokwa. O re rekile ka madi a Jesu mme a fa baholo ba phutheho boikarabello ba hore ba hlokomele dinku tsa hae. (Dik. 20:28) Modimo o batla hore dinku tsa hae di tshwarwe ka mosa. Ka hoo, baholo ba kgatholla dinku le ho di hlokomela moyeng ba tataiswa ke Kreste.—Esa. 32:​1, 2.

2. Jehova o fa bomang tlhokomelo e kgethehileng? (Ezekiele 34:​15, 16)

2 Le hoja Jehova a tsotella dinku tsohle tsa hae haholo, o fana ka tlhokomelo e kgethehileng ho tse nang le mathata. O sebedisa baholo ho thusa batho ba nang le mathata moyeng. (Bala Ezekiele 34:​15, 16.) Le ha ho le jwalo, o batla hore re kope thuso ha re e hloka. Dinakong tse jwalo, re lokela ho rapela ka tiyo hore Modimo a re thuse le ho kopa thuso ho “badisa le mesuwe” ka phuthehong.—Baef. 4:​11, 12.

3. Ho tseba mosebetsi wa baholo ho ka re tswela molemo jwang kaofela ha rona?

3 Sehloohong sena, re tlo ithuta haholwanyane ka hore na Modimo o sebedisa baholo jwang ho re thusa ha re ena le mathata moyeng. Re tlo araba dipotso tsena: Re lokela ho kopa baholo hore ba re thuse neng? Ke hobaneng ha re lokela ho etsa jwalo? Ba re thusa jwang? Le haeba ha o na mathata hona jwale, dikarabo tsa dipotso tsena di tla o thusa hore o eketse kananelo ya hao tokisetsong eo Modimo a e entseng mme ka le leng e ka pholosa bophelo ba hao.

RE LOKELA HO ‘BITSA BAHOLO’ NENG?

4. Re tseba jwang hore Jakobo 5:​14-16, 19, 20 e bua ka motho ya kulang moyeng? (Sheba ditshwantsho.)

4 Morutuwa Jakobo o hlalosa tokisetso ya Modimo ya ho re thusa moyeng ka ho qala ka ho re: “Haeba ho ena le ya kulang hara lona, a ke a bitse baholo ba phutheho.” (Bala Jakobo 5:​14-16, 19, 20.) Mona Jakobo o bua ka motho ya kulang moyeng. Ka mohlala, Jakobo o re motho ya kulang a bitse baholo, eseng ngaka. Taba ya hore motho enwa ya kulang o tla fola ha a tshwaretswe dibe, e fana ka maikutlo a hore ehlile motho enwa o kula moyeng. Maemong a mang, e le hore motho ya kulang moyeng a fole, o lokela ho latela mehato e tshwanang le ha a kula nameng. Ha re kula nameng, re ya ngakeng, re hlalosetsa ngaka hore na ho hana hokae, ebe re latela ditaelo tsa hae. Ka ho tshwanang, ha re kula moyeng, re lokela ho ya ho moholo re mo hlalosetse mathata a rona ebe re mamela keletso eo a fanang ka yona a sebedisa Bibele.

Ditshwantsho: 1. Ntate o hlalosetsa ngaka hore o na le bothata lehetleng. 2. Morabo rona o hlalosetsa moholo boemo ba hae ba dutse ka ntle setulong.

Ha re kula nameng, re ya ngakeng. Ha re kula moyeng, re lokela ho ya ho baholo (Sheba serapa sa 4)


5. Re ka tseba jwang hore re ntse re phetse hantle moyeng?

5 Ho Jakobo kgaolo ya 5, Jakobo o re kgothalletsa hore re ye ho baholo ha re utlwa eka re a kula moyeng. Empa ho bohlokwa le ho feta hore re kope hore ba re thuse pele re ka senya setswalle sa rona le Modimo. Ha re a lokela ho ithetsa. Mangolo a re lemosa hore re ka ithetsa ka hore re na le setswalle se haufiufi le Jehova empa ha e le hantle ho se jwalo. (Jak. 1:22) Ke sona se ileng sa etsahalla Bakreste ba bang phuthehong ya Sarda, empa Jesu o ile a ba lemosa hore ba a kula. (Tshen. 3:​1, 2) Tsela e nngwe eo re ka shebang hore na re phetse hantle moyeng ke ka ho bapisa tsela eo re neng re tjhesehela borapedi ba rona pele le hona jwale. (Tshen. 2:​4, 5) Re ka ipotsa: ‘Na ke ntse ke thabela ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo ke se balang jwalo ka pele? Na ke ya dibokeng ka mehla le ho di lokisetsa hantle? Na ke ntse ke tjhesehela mosebetsi wa boboledi? Na ke qeta nako e ngata boithabisong kapa dinthong tseo ke nang le tsona le ho dula ke nahana ka tsona?’ Haeba karabo ya e nngwe ya dipotso tsena ke e, seo se ka bontsha hore kamano ya hao le Jehova e a fokola mme e ka mpefala haeba o sa kope thuso kapele. Haeba o sa kgone ho matlafatsa kamano ya hao le Modimo ka bowena kapa o se o tlotse e meng ya melao ya Modimo, kopa baholo hore ba o thuse.

6. Batho ba entseng sebe se tebileng ba lokela ho etsang?

6 Ke nnete hore batho ba entseng sebe se tebileng, se ka etsang hore motho a tloswe ka phuthehong, ba lokela ho ya ho baholo. (1 Bakor. 5:​11-13) Mang kapa mang ya inehellang sebeng, o hloka thuso ya hore a lokise kamano ya hae le Jehova. E le hore Jehova a re tshwarele ka lebaka la tefo ya topollo, re lokela ho ‘bontsha ka diketso hore re bakile.’ (Dik. 26:20) Diketso tseo di akarelletsa ho ya ho baholo haeba re entse sebe se tebileng.

7. Ke bomang hape ba hlokang thuso ya baholo?

7 Baholo ha ba thuse feela batho ba entseng sebe se tebileng, empa ba boetse ba thusa le ba fokolang moyeng. (Dik. 20:35) Ka mohlala, o ka nna wa tshoha hore o ka hloleha ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng. Haeba pele o ithuta dinnete o ne o lemalletse dithethefatsi, o shebella pornography kapa o etsa boitshwaro bo ditshila, ho ka ba thata haholo hore o lwantshane le ditakatso tseo. Ha o a lokela ho lwana ntwa eo o le mong. O ka bua le moholo eo o mo tshepang ya tla o mamela ka hloko, a o eletse hore na o etseng le ho o hopotsa hore Jehova o tla thaba haholo haeba o tswela pele o lwantsha ditakatso tse fosahetseng. (Moek. 4:12) Haeba o nyahamiswa ke ho dula o lwantsha ditakatso tse fosahetseng, baholo ba ka o hopotsa hore boikutlo boo bo bontsha hore o nka kamano ya hao le Jehova e le ya bohlokwa mme o qoba ho itshepa ho tlola.—1 Bakor. 10:12.

8. Na re lokela ho ya ho baholo ka bothata bo bong le bo bong? Hlalosa.

8 Ha ho hlokahale hore re ye ho baholo ka bothata bo bong le bo bong boo re tobanang le bona, bo bontshang hore re a fokola moyeng. Ka mohlala, a re re o bua ntho e utlwisang mora kapa moradi wa bo rona bohloko, mohlomong ebile o a halefa. Ho ena le hore o ye ho moholo, o ka sebedisa keletso ya Jesu ya hore o bope kgotso le ngwaneno. (Mat. 5:​23, 24) O ka etsa dipatlisiso ka dihlooho tse buang ka mamello, bonolo le boitshwaro, e le hore o ka bontsha makgabane ana haholwanyane nakong e tlang. Haeba bothata bo ntse bo sa kgone ho rarolleha, o ka kopa moholo hore a le thuse. Ha Evodia le Sintike ba ne ba sa kgone ho rarolla diqabang pakeng tsa bona, moapostola Pauluse o ile a kopa morabo rona e mong phuthehong ya Filipi hore a ba thuse. Le wena moholo phuthehong ya heno a ka kgona ho le thusa ka tsela e tshwanang.—Bafil. 4:​2, 3.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO BITSA BAHOLO?

9. Ke hobaneng ha re sa lokela ho swabela ho bitsa baholo? (Diproverbia 28:13)

9 Re hloka tumelo le sebete e le hore re ka kopa baholo hore ba re thuse ha re entse sebe se tebileng kapa ha re utlwa eka re hloleha ho lwantshana le mefokolo ya rona. Ha re a lokela ho swabela ho bitsa baholo. Hobaneng? Hobane Jehova o re file baholo hore ba re thuse hore re be le kamano e matla le yena. Ka hoo, ha re bua le baholo re bontsha hore re tshepa Jehova ebile re a mo mamela. Re bontsha hore re hloka thuso ya hae haeba re utlwa eka re a wa. (Pes. 94:18) Haeba re entse sebe, Modimo o tla re hauhela haeba re ipolela re bile re baka.—Bala Diproverbia 28:13.

10. Ho tla etsahalang haeba re leka ho pata dibe tsa rona?

10 Haeba re bolella baholo dibe tseo re di entseng, Jehova o tla re tshwarela ebile re tla ba le kamano e ntle le yena hape. Empa haeba re sa bue le baholo, boemo ba rona bo tla mpefala le ho feta. Ha Morena Davida a ne a leka ho pata dibe tsa hae, o ile a imelwa le ho kudiswa ke ho tseba hore kamano ya hae le Jehova e senyehile. (Pes. 32:​3-5) Haeba re ena le leqeba mme re sa le oke, le tla ba bohloko le ho feta. Ka ho tshwanang, haeba re entse sebe se tebileng mme re sa kope thuso ho baholo, kamano ya rona le Jehova e ka senyeha. Jehova o utlwisisa taba ena hantle. Ka hoo, o re re tle ‘re lokise ditaba’ ka hore re bue le baholo e le hore ba re thuse hore re be metswalle ya hae hape.—Esa. 1:​5, 6, 18.

11. Haeba re leka ho pata sebe se tebileng, seo se ka ama batho ba bang jwang?

11 Haeba re ne re ka pata sebe se tebileng seo re se entseng, seo se ka ama ba bang. Re ka sitisa hore moya wa Modimo o phalle ka phuthehong le ho senya kgotso ya phutheho. (Baef. 4:30) Haeba re tseba hore motho e mong ka phuthehong o entse sebe se tebileng, re lokela ho mo kopa hore a bue le baholo ka taba eo.a Re tla ba molato haeba re pata sebe se entsweng ke motho e mong. (Lev. 5:1) Lerato leo re ratang Jehova ka lona le lokela ho re susumelletsa ho ya ho baholo mme re ba bolelle nnete. Ha re etsa jwalo, re thusa hore phutheho e dule e hlwekile le hore motho eo ya entseng sebe se tebileng a boele a be le kamano e ntle le Jehova.

BAHOLO BA RE THUSA JWANG?

12. Baholo ba thusa ba fokolang moyeng jwang?

12 Bibele e re baholo ba lokela ho tshehetsa ba fokolang moyeng. (1 Bathes. 5:14) Haeba o entse sebe, baholo ba ka nna ba o botsa dipotso tse tla ba thusa ho utlwisisa menahano e ka pelong ya hao le hore na o ikutlwa jwang. (Diprov. 20:5) Le hoja o ka nna wa thatafallwa ke ho bua le baholo o phutholohile, mohlomong ka lebaka la setso sa hao, botho ba hao kapa hobane o swabetse ntho e etsahetseng, o tla ba thusa haeba o ba bolella hore na o tobane le teko efe. O se ke wa tshwenyeha ka hore o tla bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:3) Baholo ba ke ke ba potlakela ho o ahlola, ho ena le hoo, ba tla o mamela ka hloko e le hore ba fumane dintlha kaofela pele ba o fa keletso e tswang ka Bibeleng. (Diprov. 18:13) Baholo ba a tseba hore ho nka nako ho disa mohlape, ka hoo ha ba a lebella hore ba fumane tharollo ka ho bua le wena hanngwe feela.

13. Baholo ba re thusa jwang ba sebedisa thapelo le keletso e tswang ka Mangolong? (Sheba ditshwantsho.)

13 Baholo ba tla leka ka matla hore ba se ke ba etsa hore o ikutlwe o le molato le ho feta. Ba tla o rapella. O ka nna wa makatswa ke ‘matla a maholo’ ao dithapelo tsa bona di nang le ona. Ba ka boela ba o thusa ka hore “ba [o] tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.” (Jak. 5:​14-16) “Oli” ena e emela nnete e tswang ka Lentsweng la Modimo. Ba ka o tshedisa le ho o kgothatsa ba sebedisa Bibele mme ba o thusa hore o boele o be le kamano e ntle le Jehova. (Esa. 57:18) Keletso e tswang ka Mangolong eo ba o fang yona e ka o fa matla a hore o tswele pele o etsa se nepahetseng. Jehova o sebedisa baholo ho o bolella hore: ‘Tsela ke ena. Tsamaya ho yona.’—Esa. 30:21.

Ditshwantsho: 1. Ngaka e hlahileng setshwantshong se fetileng o hlahloba lehetla la ntate le nang le bothata. X-ray ya lehetla la ntate eo e behilwe leboteng. 2. Moholo ya hlahileng setshwantshong se fetileng o na le moholo e mong mme ba kgothatsa morabo rona ka Bibele ba le ha hae. Morabo rona o bonahala a thabile ha a ntse a mametse baholo.

Baholo ba sebedisa Bibele ho tshedisa le ho kgothatsa ba kulang moyeng (Sheba serapa sa 13 le 14)


14. Ho ya ka Bagalata 6:​1, baholo ba thusa motho ya entseng ntho e fosahetseng jwang? (Sheba ditshwantsho.)

14 Bala Bagalata 6:1. Mokreste ya etsang “ntho e fosahetseng” ha a etse dintho tumellanong le melao ya Modimo e lokileng. Ntho e fosahetseng e ka bolela ho nka qeto e sa nepahalang kapa ho etsa sebe se tebileng. Ka lerato, baholo ba leka “ho thusa motho eo ka bonolo.” Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho thusa” le ka boela la hlalosa ho thusa motho ho kgutlisetsa lesapo madulong e le hore le ka fola hantle. Feela jwalo ka ha ngaka e leka ka hohle ho thusa mokudi ho kgutlisetsa lesapo la hae madulong e sa mo utlwise bohloko haholo, le baholo ba leka ka hohle ho thusa motho ya kulang moyeng ba sa mo utlwise bohloko bo eketsehileng. Bibele e boetse e re baholo ba “itlhokomele.” Ha ba ntse ba re thusa hore re kgutlele tseleng, ba a hopola hore le bona ha ba a phethahala mme ba ka etsa dintho tse fosahetseng. Ho ena le ho nahana hore ba phahametse motho eo ba mo thusang kapa hore ba lokile ho mo feta, ba lwanela ho mo bontsha qenehelo.—1 Pet. 3:8.

15. Re ka etsang ha re ena le bothata?

15 Re ka tshepa baholo ba diphutheho tsa habo rona. Jehova o kwetlisitse baholo hore ba boloke makunutu a rona, ba re fe keletso e thehilweng Bibeleng ho ena le ho re bolella maikutlo a bona le ho tswela pele ho re thusa hore re jare merwalo ya rona. (Diprov. 11:13; Bagal. 6:2) Baholo ba na le botho bo sa tshwaneng ebile ba bang ba na le boiphihlelo ho feta ba bang, empa o ka ikutlwa o lokolohile ho atamela moholo le ha e le ofe ha o ena le bothata. Ha se hore re tla bua le baholo ba fapaneng, re tshepile hore re tla fumana ya tla re bolella seo re batlang ho se utlwa. Haeba re ne re ka etsa jwalo, re ne re tla tshwana le batho ba batlang ho ‘tsikinyetswa ditsebe,’ ho ena le ho batla ho utlwa “dithuto tsa nnete” tse tswang ka Lentsweng la Modimo. (2 Tim. 4:​3, nal.) Ha re bua le moholo ka bothata ba rona, a ka nna a re botsa hore na re ne re se re ile ra bua le baholo ba bang ka taba ena le hore na ba fane ka keletso efe. Ka ha moholo enwa o ikokobeditse, o tla kopa keletso ho moholo e mong.—Diprov. 13:10.

BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA

16. Re na le boikarabello ba ho etsang?

16 Le hoja baholo ba dula ba re lebetse jwalo ka dinku tsa Modimo, ha ba re bolelle hore na re etseng. Re na le boikarabello ba ho sebeletsa Modimo ka botshepehi. Re lokela ho ikarabella ho Modimo ka seo re se buang le seo re se etsang. Jehova o tla re thusa hore re dule re mo tshepahalla. (Bar. 14:12) Ka hoo, ho ena le hore ba re laele hore na re etseng, baholo ba tla sebedisa Bibele ho re thusa ho utlwisisa hore na Modimo o ikutlwa jwang. Ha re nahana ka keletso eo ba re fileng yona e tswang ka Bibeleng re bile re e sebedisa, re tla ithuta ho sebedisa dikelello tsa rona e le hore re nahane jwalo ka Jehova le ho etsa diqeto tse nepahetseng.—Baheb. 5:14.

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

17 Ke tokelo e kaakang ho ba dinku tsa Jehova! Jehova o rometse Jesu, e leng “modisa ya molemo,” hore a tlo fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona e le hore re ka ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 10:11) Jehova o boetse o re file baholo hore ba re hlokomele, feela jwalo ka ha a ile a tshepisa a re: “Ke tla le fa badisa ba etsang thato ya ka mme ba tla le fa tsebo le temohisiso.” (Jer. 3:15) Ha re kula moyeng kapa re fokola, ha re a lokela ho qeaqea ho bitsa baholo e le hore ba re thuse. E se eka re ka ikemisetsa hore re rue molemo ka ho felletseng tokisetsong eo Jehova a e entseng ya ho fana ka baholo diphuthehong.

O KA RENG?

  • Re lokela ho ‘bitsa baholo’ neng hore ba tlo re thusa?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bitsa baholo?

  • Baholo ba re thusa jwang?

PINA YA 31 Le Tsamaye le Modimo

a Haeba mofosi a hloleha ho etsa jwalo ka mora nako e lekaneng eo o mo fileng yona, o lokela ho bolella baholo seo o se tsebang hobane o batla ho tshepahalla Jehova.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share