SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34
PINA YA 107 Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato
Baholo ba Lokela ho Etsang ha ba Thusa Motho ya Entseng Sebe se Tebileng?
“Ka mosa Modimo o leka ho o thusa hore o bake.”—BAR. 2:4.
NTLHAKGOLO
Seo baholo ba lekang ho se etsa ho thusa motho ya entseng sebe se tebileng.
1. Re ka kgodiseha ka eng ha motho a entse sebe se tebileng?
SEHLOOHONG se fetileng re bone ha moapostola Pauluse a sebetsa taba ya Mokreste wa Korinthe ya entseng sebe se tebileng. Moetsadibe eo o ne a sa baka ka hoo o ne a lokela ho tloswa ka phuthehong. Empa temana ya sehlooho e a re tiisetsa hore ha motho a entse sebe se tebileng a ka thuswa ho baka. (Bar. 2:4) Baholo ba ka mo thusa jwang?
2, 3. Re lokela ho etsang ha re tsebile ka sebe se tebileng seo Mokrestemmoho a se entseng, hona hobaneng?
2 Baholo ba ka kgona ho thusa motho ya entseng sebe haeba feela ba tseba ka taba eo. Rona re ka etsang haeba re tseba hore Mokreste o entse sebe se tebileng se ka etsang hore a tloswe ka phuthehong? Re lokela ho kgothaletsa motho eo ho kopa thuso ho baholo.—Esa. 1:18; Dik. 20:28; 1 Pet. 5:2.
3 Re lokela ho etsang haeba Mokreste eo a sa batle ho bua le baholo? Boemong boo, re lokela ho bua le baholo e le hore motho eo a tle a fumane thuso. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re a mo rata hobane baholo ba ka kgona ho mo thusa. Ho seng jwalo, motho eo a ka tswela pele ka sebe seo yaba o senya kamano ya hae le Jehova le ho feta. Le hoja ho ka ba thata, re lokela ho ba sebete re bue le baholo hobane re rata motho eo le Jehova.—Pes. 27:14.
BAHOLO BA THUSA MOTHO YA ENTSENG SEBE SE TEBILENG JWANG?
4. Boikemisetso ba baholo ke bofe ha ba kopana le motho ya entseng sebe se tebileng?
4 Ha Mokreste a etsa sebe se tebileng, sehlopha sa baholo se kgetha komiti ya baholo ba bararo ba tla thusa motho eo.a Ka boikokobetso ba leka ho thusa motho eo hore a bake empa ba a hlokomela hore ba ke ke ba mo qobella ho fetoha. (Deut. 30:19) Ba a elellwa hore ha se motho e mong le e mong ya tla baka jwalo ka ha Morena Davida a ile a etsa. (2 Sam. 12:13) Batho ba bang ba entseng sebe ba ka kgetha hore ba se ke ba mamela ha Jehova a ba kgalemela. (Gen. 4:6-8) Empa baholo ba ntse ba ikemisetsa ho thusa motho ho baka haeba ho kgoneha. Ke melaomotheo efe e ka tataisang baholo ha ba ilo thusa motho ya entseng sebe se tebileng?
5. Baholo ba lokela ho tshwara motho ya entseng sebe se tebileng jwang ha ba bua le yena? (2 Timothea 2:24-26) (Sheba setshwantsho.)
5 Baholo ba a tseba hore le ha motho a fositse, e ntse e le nku ya bohlokwa ya Jehova. (Luka 15:4, 6) Baholo ha ba a lokela ho hlaba motho eo ka mantswe empa ba lokela ho mo tshwara ka mosa. Ha ba nke hore ho kopana le yena ke taba feela ya ho mo botsa dipotso le ho utlwa hore na ho etsahetseng. Ho ena le hoo, ba bontsha makgabane ao ho buuwang ka wona lengolong la 2 Timothea 2:24-26. (Le bale.) Ba ba mosa ebile ba ba bonolo hobane ba batla ho mo thusa hore a fetole tsela eo a nahanang ka yona.
Baholo ba tshwana le badisa ka hore ba batla dinku tse lahlehileng (Sheba serapa sa 5)
6. Baholo ba lokela ho etsang pele ba kopana le motho ya entseng sebe se tebileng? (Baroma 2:4)
6 Baholo ba batla tataiso ya Jehova. Ba leka ho etsisa tsela eo Jehova a tshwarang motho ya entseng sebe ka yona ka hore ba hopole mantswe a Pauluse ha a ne a re: “Ka mosa Modimo o leka ho o thusa hore o bake.” (Bala Baroma 2:4.) Baholo ba lokela ho hopola hore ke badisa mme ba lokela ho latela tataiso ya Kreste le ho mo etsisa ka tsela eo ba tshwarang phutheho ka yona. (Esa. 11:3, 4; Mat. 18:18-20) Pele baholo ba kopana le motho ya entseng sebe se tebileng, ba rapela Jehova e le hore ba ka kgona ho thusa motho eo hore a bake. Ba etsa dipatlisiso ka Mangolong le dingolweng mme ba rapela Jehova hore a ba fe temoho. Sena se tla ba thusa ho tseba hore na motho ya entseng sebe o ne a nahana le ho itshwara jwang hore a tle a qetelle a entse sebe.—Diprov. 20:5.
7, 8. Baholo ba ka etsisa Jehova jwang ka ho ba le mamello ha ba thusa motho ya entseng sebe?
7 Baholo ba etsisa Jehova ka hore ba be le mamello. Ba leka ho hopola hore na Jehova o ile a etsang nakong e fetileng ha a ne a thusa batho ba entseng sebe. Ka mohlala, Jehova o ile a mamella Kaine mme a mo lemosa hore na ho ne ho tla etsahalang haeba a ne a ke ke a fetoha le hore o ne a tla mo hlohonolofatsa haeba a ne a ka mamela. (Gen. 4:6, 7) Jehova o ile a romela moprofeta Nathane hore a eletse Davida. Nathane o ile a sebedisa papiso e ileng ya thusa Davida hore a bake. (2 Sam. 12:1-7) Jehova o ile a boela a romela baprofeta ba hae “ka makgetlokgetlo” ho thusa Baiseraele ba neng ba sa mo mamele. (Jer. 7:24, 25) Ha a ka a emela batho ba hae hore ba bake pele a ka ba thusa. Ho ena le hoo, o ile a nka mohato wa pele ka ho ba kopa hore ba bake.
8 Baholo ba etsisa Jehova ha ba leka ho thusa batho ba entseng dibe tse tebileng. Jwalo ka ha 2 Timothea 4:2 e bontsha, “ka mamello yohle” ba thusa Mokrestemmoho ya entseng sebe. Ka hona, moholo o lokela ho dula a kgobile matshwafo le ho ba le mamello ha a ntse a thusa motho ya entseng sebe hore a etse se nepahetseng. Haeba moholo a kwata kapa a teneha, motho eo a ka nna a se ke a mamela keletso kapa a hana ho baka.
9, 10. Baholo ba ka etsang ho thusa motho ya entseng sebe ho bona hore na keng e entseng hore kamano ya hae le Jehova e senyehe le hore qetellong a etse sebe?
9 Baholo ba leka ho bona hore na keng e entseng hore motho a qetelle a entse sebe. Ka mohlala, na kamano ya hae le Jehova e ile ya fokola hobane a ne a se a sa etse thuto ya botho le ho ba teng tshimong ka mehla? Na o ne a se a sa rapele Jehova ka mehla? Na o ne a se a tlohetse ho lwantsha ditakatso tse fosahetseng? O qeta nako ya hae a ena le bomang hona o kgetha boithabiso bo jwang? Diqeto tseo a di entseng dinthong tsena di susumeditse tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona jwang? Na o a utlwisisa hore na Jehova Ntate wa hae o ikutlwa jwang ka dintho tseo a di entseng?
10 Baholo ba ka botsa motho eo dipotso tse tla mo thusa ho nahana hore na keng e entseng hore kamano ya hae le Jehova e senyehe le hore qetellong a etse sebe. Ba etsa sena ka mosa mme ha ba mo botse dipotso ka ditaba tsa hae tsa botho tseo ba sa hlokeng ho di tseba. (Diprov. 20:5) Ho ekeletsa moo, baholo ba ka sebedisa papiso ho thusa motho eo hore a nahane ka dintho tseo a di entseng le ho bona hore na ke hobaneng ha di fosahetse, feela jwalo ka ha Nathane a ile a sebedisa papiso ho thusa Davida. Mohlomong ka mora ho kopana le motho ya entseng sebe ka lekgetlo la pele, o tla qala ho swabela boitshwaro ba hae mme a ka nna a baka.
11. Jesu o ile a thusa baetsadibe jwang?
11 Baholo ba lwanela ho etsisa Jesu. Ha Jesu a ne a thusa Saule ya tswang Tarsase, o ile a mo botsa potso ena e fatang maikutlo: “Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang?” Potso ena e ile ya mo thusa ho hlokomela hore seo a se etsang se ne se fosahetse. (Dik. 9:3-6) Athe ha Jesu a bua ka “mosadi yane ya kang Jezebele” o ile a re: “Ke mo file nako ya hore a bake.”—Tshen. 2:20, 21.
12, 13. Baholo ba ka fa motho ya entseng sebe nako jwang hore a bake? (Sheba setshwantsho.)
12 Baholo ba etsisa Jesu mme ha ba potlakele ho etsa qeto ya hore motho ya entseng sebe ha a batle ho baka. Ke nnete hore batho ba bang ba ka baka ka lekgetlo la pele feela ha ba qeta ho kopana le komiti ya baholo empa ba bang ba ka hloka nako. Ka hoo, baholo ba ka kopana ka makgetlo a mmalwa le motho ya entseng sebe. Mohlomong ka mora ho kopana le baholo ka lekgetlo la pele, Mokreste enwa ya entseng sebe a ka qala ho nahana ka ho teba ka seo baholo ba mo boleletseng sona. A ka ikokobetsa mme a kopa Jehova hore a mo tshwarele. (Pes. 32:5; 38:18) Ka hoo, ha baholo ba kopana hape le motho ya entseng sebe, mohlomong o tla be a se a fetotse tsela eo a bonang dintho ka yona.
13 Baholo ba bontsha kutlwelobohloko mme ba ba mosa ha ba thusa motho ya entseng sebe hore a bake. Ba rapela Jehova ka tshepo ya hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho thusa Mokreste enwa ya entseng sebe hore a bake.—2 Tim. 2:25, 26.
Ha baholo ba leka ho thusa motho ya entseng sebe se tebileng hore a bake, ba ka kopana le yena ka makgetlo a mmalwa (Sheba serapa sa 12)
14. Ha e le hantle ke mang ya thusang motho ya entseng sebe hore a bake, hona ke hobaneng ha re tjho jwalo?
14 Re a thaba haeba moetsadibe a baka. (Luka 15:7, 10) Ke nnete hore baholo ba etsa boiteko ba ho thusa motho ya entseng sebe empa ha e le hantle ke mang ya etsang hore a bake? Hopola seo Pauluse a ileng a se bua ka batho ba entseng sebe. O ile a re: “Mohlomong Modimo o tla ba fa monyetla wa hore ba bake.” (2 Tim. 2:25) Ka hona, Jehova ke yena feela ya thusang Mokreste ya entseng sebe hore a fetole tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona. Pauluse o re ho etsahala dintho tse thabisang ka mora hore motho a bake. Motho ya bakileng o ba le tsebo e nepahetseng ya nnete, o a hlaphohelwa mme o baleha ho tshwaswa a ntse a phela ke Satane.—2 Tim. 2:26.
15. Baholo ba tswela pele ho thusa motho ya seng a bakile jwang?
15 Le ha motho a se a bakile, baholo ba tswela pele ho mo etsetsa maeto a bodisa ho mo thusa ho matlafatsa tumelo ya hae, e le hore a qobe diteko tsa Satane mme a tswele pele a etsa dintho tse nepahetseng. (Baheb. 12:12, 13) Baholo ha ba a lokela ho ntsha ditaba tsa lekunutu tsa motho ya entseng sebe. Le ha ho le jwalo, keng seo ba lokelang ho se tsebisa phutheho?
“O BA KGALEMELE KA PELA BATHO BOHLE”
16. Ho ya ka 1 Timothea 5:20, “batho bohle” bao Pauluse a buang ka bona ke bomang?
16 Bala 1 Timothea 5:20. Pauluse o ile a ngolla Timothea moholommoho le yena mantswe ana e le ho mo bontsha hore o lokela ho sebetsana jwang le “ba tlwaetseng ho etsa sebe.” Pauluse o ne a bolelang? O ne a sa bolele hore “batho bohle” ke motho e mong le e mong ka phuthehong. Le ha ho le jwalo, o ne a bua ka batho ba tsebang ka sebe seo. E ka ba batho ba boneng se etsahetseng kapa e ka ba batho bao motho ya entseng sebe a ba boleletseng ka ho toba seo a se entseng. Ka hona, baholo ba bolella batho bao feela hore taba ya motho eo e se e sebeditswe.
17. Haeba batho ba bangata ka phuthehong ba tseba hore motho ya itseng o entse sebe se tebileng kapa ba tseba ha morao ka sona, ho tla etswa tsebiso efe, hona hobaneng?
17 Maemong a mang e ka nna yaba batho ba bangata ka phuthehong ba a tseba hore motho ya itseng o entse sebe se tebileng kapa ba ka nna ba tseba ha morao. Boemong boo, “batho bohle” ba ka akarelletsa motho e mong le e mong ka phuthehong. Ka hoo moholo o tla etsa tsebiso phuthehong ya hore mora kapa moradi wa bo rona o kgalemetswe. Hobaneng? Ha Pauluse a fana ka lebaka o re: “E le hore le ba bang ba tle ba tshabe ho etsa sebe.”
18. Baholo ba ka thusa ngwana ya kolobeditsweng jwang ha a entse sebe se tebileng? (Sheba setshwantsho.)
18 Ha ngwana ya kolobeditsweng ya dilemo di ka tlase ho 18 a entse sebe se tebileng, baholo ba sebetsa taba ya hae jwang? Sehlopha sa baholo se tla kopa baholo ba babedi hore ba kopane le ngwana eo le batswadi ba hae ba Dipaki.b Baholo bao ba lokela ho fumana hore na batswadi ba entseng ho leka ho thusa ngwana wa bona hore a bake. Haeba ngwana eo a mamela kgalemelo ya batswadi ba hae mme a fetola tsela eo a nahanang le ho itshwara ka yona, baholo bao ba babedi ba ka etsa qeto ya hore taba eo e felle moo hobane ha e le hantle Jehova o file batswadi boikarabelo ba ho kgalemela bana ba bona. (Deut. 6:6, 7; Diprov. 6:20; 22:6; Baef. 6:2-4) Ka mora moo, baholo ba tla nne ba etele lelapa leo ho netefatsa hore ngwana o ntse a fumana thuso eo a e hlokang. Le ha ho le jwalo, haeba ngwana eo a sa bake, komiti ya baholo e tla kopana le yena le batswadi ba hae ba Dipaki.
Ha ngwana ya kolobeditsweng ya dilemo di ka tlase ho 18 a entse sebe se tebileng, baholo ba babedi ba tla kopana le yena le batswadi ba hae ba Dipaki (Sheba serapa sa 18)
“JEHOVA O LERATO HAPE O MOHAU”
19. Baholo ba lwanela ho etsisa Jehova jwang ha ba thusa motho ya entseng sebe se tebileng?
19 Jehova o file baholo ba sebetsang dikomiting boikarabelo ba hore ba thuse phutheho hore e dule e hlwekile. (1 Bakor. 5:7) Ba thusa motho ya entseng sebe ba ena le tshepo ya hore o tla fetoha mme a bake. Sepheo sa bona ke ho etsisa Jehova hobane o “lerato hape o mohau.” (Jak. 5:11) Moapostola Johanne o ile a tshwara Bakrestemmoho le yena ka tsela e tshwanang. O ile a re: “Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla dintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Le ha ho le jwalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ya lokileng ya ho Ntate, e leng Jesu Kreste.”—1 Joh. 2:1.
20. Re tlo ithutang sehloohong sa ho qetela?
20 Ka maswabi, ka dinako tse ding Mokreste ha a bake le ha baholo ba se ba lekile ho mo thusa. Boemong boo, o tla lokela ho tloswa ka phuthehong. Sehloohong sa ho qetela, re tla bona hore na baholo ba lokela ho etsang ha seo se etsahala.
PINA YA 103 Modimo o re File Badisa
a Nakong e fetileng, komiti ena e ne e bitswa komiti ya boahlodi empa ka ha mosebetsi wa baholo ha se ho ahlola feela, e se e tla bitswa komiti ya baholo.
b Taba ena e boetse e akarelletsa batho bao e leng bahlokomedi ba ngwana ho ya ka molao kapa batho ba bang ba ikarabellang ka ho mo hodisa bao e leng Dipaki.