LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 February leq. 3
  • Na o Bona Makgabane a Modimo a sa Bonahaleng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o Bona Makgabane a Modimo a sa Bonahaleng?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dintlha tse Ding
  • Ithute ka Jehova Dinthong Tseo a di Bopileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Sebedisa Dintho Tseo Jehova a di Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Yena
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Popo e re Bontsha Lerato la Modimo
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 February leq. 3

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o Bona Makgabane a Modimo a sa Bonahaleng?

Na o bona mosebetsi wa Mmopi ha o sheba palesa e mebalabala, lehodimo le tletseng dinaledi le diphororo tse theohang dithabeng? Popo e re potolohileng e re bontsha ka ho hlaka makgabane a Jehova a sa bonahaleng. (Bar 1:20) Ha re ipha nako ya ho nahana ka seo re se bonang popong, re kgona ho bona matla, lerato, toka, bohlale ba Modimo le ka moo a fanang ka teng.​—Pes 104:24.

Ke mesebetsi efe ya Jehova eo o e bonang letsatsi le letsatsi? Le haeba o dula toropong, o ka kgona ho bona dinonyana le difate. Ho hlokomela ka ho hlaka mesebetsi ya Jehova ho ka re thusa hore re se ke ra tshwenyeha haholo, re nahane ka dintho tsa bohlokwa le hore re tshepe hore Jehova o tla re hlokomela ka ho sa feleng. (Mat 6:25-32) Haeba o na le bana, ba thuse hore ba bone makgabane a Jehova ao re ke keng ra a bapisa. Re tla ba le kamano e ntle le Mmopi haeba re ntse re tswela pele ho ananela popo e re potolohileng.​—Pes 8:3, 4.

SHEBELLANG VIDEO E RENG POPO YA MODIMO E SENOLA KGANYA YA HAE—KGANYA LE MMALA, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng e re thusang hore re kgone ho bona mebala?

  • Mebala e fapaneng e bakwa ke eng?

  • Ke hobaneng ha re kgona ho bona mebala e fapaneng lehodimong?

  • Ke mebala efe e metle ya popo eo o kileng wa e bona moo o dulang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho ipha nako ya ho nahana ka hloko ka popo?

Rosa e pinki, serorobele se seputswa, ditholwana tsa mebala e fapaneng, letsatsi ha le dikela

Kganya le mmala di senola eng ka makgabane a Jehova?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share