Ka ha Jehova o bontshitse ka popo hore o na le lerato, re ka kgodiseha hore o tla hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa
PHELA JWALO KA MOKRESTE
Popo e re Bontsha Lerato la Modimo
Re ka phathahana haholo ka dintho tsa letsatsi le letsatsi hoo re ka hlolehang ho nahana ka hore popo e re bontsha hore Jehova o a re rata le hore o a fana. Empa Jesu o ile a re kgothalletsa hore re shebe popo mme re nahane hore na e re rutang ka Jehova.—Mat 6:25, 26.
SHEBELLANG VIDEO YA MESEBETSI YA MODIMO E BONTSHA HORE O A RE RATA, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
O ithutileng ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona ka . . .
dintho tseo Modimo a di sebedisitseng ho bopa lefatshe?
sepakapaka?
jwang?
tsela eo diphohofolo di bopilweng ka yona?
ditho tsa kutlo?
boko ba rona?