PHELA JWALO KA MOKRESTE
Jehova o Rata ya Fanang a Nyakaletse
2 Bakorinthe 9:7 e re: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.” Mehleng ena re na le ditsela tse bonolo tsa ho ntsha menehelo Inthaneteng e le hore re tshehetse mosebetsi o etswang ke Dipaki Tsa Jehova naheng ya rona le lefatsheng lohle.
SHEBELLA VIDEO E RENG KA MOO O KA NTSHANG MONEHELO O SEBEDISA SESEBEDISWA SA ELEKTRONIKE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
E le hore re bone hore na naheng ya rona ho na le mekgwa efe ya ho ntsha monehelo, re ka fumana leqephe le bontshang dintlha tseo jwang?
Ho ntsha menehelo ka Inthanete ho tswetse batho ba bang molemo jwang?
Mekgwa e meng ya ho ntsha monehelo ke efe?
Re ka etsang haeba re sa utlwisise mekgwa ena e metjha ya ho ntsha monehelo ka Inthanete?