LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 May leq. 3
  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Na o se o Itokisitse Bakeng sa Merusu?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Thusa Batho ba Bang ho Mamella Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Ka Moo o ka Thusang ka Teng ha ho Hlaha Koduwa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 May leq. 3
Lelapa le lokisa mekotla e nang le dintho tseo le tla di hloka maemong a tshohanyetso.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?

Na o se o itokiseditse koduwa ya tlhaho e ka hlahang sebakeng seo o dulang ho sona? Ditshisinyeho tsa lefatshe, mahodiotswana, dikgohola le ditsunami di ka hlaha ka tshohanyetso mme tsa baka tshenyo e kgolo. Ho ekelletsa moo, dinokwane di ka hlasela, ha ba le merusu le mafu a sewa neng kapa neng re sa lebella. (Moe 9:11) Ha re a lokela ho nahana hore dintho tsena di ke ke tsa etsahala moo re dulang teng.

Kaofela ha rona re lokela ho itokiselletsa maemo ana a tshohanyetso. (Lipr 22:3) Le hoja mokgatlo wa Jehova o etsa dintho tse itseng ho thusetsa ha ho e na le dikoduwa, ke boikarabelo ba e mong le e mong wa rona ho itokiselletsa dikoduwa.​—Gal 6:5.

SHEBELLA VIDEO E RENG O KA ETSANG HO ITOKISETSA DIKODUWA? EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morabo rona o itokiselletsa koduwa ya tlhaho ka ho bala Bibele.

    Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho ka re thusa jwang ha ho e na le koduwa?

  • Mokotla o nang le dintho tse hlokehang maemong a tshohanyetso, dinomoro tsa founu le founu.

    Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore . . .

    • • re dule re buisana le baholo pele koduwa e hlaha, nakong ya koduwa le ka mora yona?

    • • re be le mokotla o nang le dintho tseo re tla di hloka maemong a tshohanyetso?​—g17.5 6

    • • re buisane ka mefuta ya dikoduwa e ka hlahang le hore na re ka etsang maemong a jwalo?

  • Setshwantsho: Ditsela tseo re ka thusang nakong ya koduwa . 1. Morabo rona o a rapela. 2. Baithaopi ba thusa ka diphallelo. 3. Morabo rona o tshela monehelo lebokoseng Holong ya Mmuso.

    e ditsela dife tharo tseo re ka thusang batho ba hlahetsweng ke dikoduwa?

NA O KA ITHAOPA?

Ho hlokahala baithaopi ba bangata ho thusa ba hlahetsweng ke dikoduwa. Tsebisa baholo hanghang haeba o batla ho thusa nakong ya koduwa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share