LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 May leq. 9
  • Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Na o se o Itokisitse Bakeng sa Merusu?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dula o Itokiseditse Mathata a Moruo
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Thusa Batho ba Bang ho Mamella Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 May leq. 9
Lelapa le pakela dijo, metsi le dintho tse ding bakeng sa tshohanyetso.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsi a ho Qetela”

Ha re ntse re mameletse matsatsi a ho qetela, re lebeletse hore re tla nne re hlahelwe ke mathata a mangata. (2Ti 3:1; tlhaloso ya Mat 24:8 e ho nwtsty-E) Batho ba Jehova ba dula ba fumana tataiso e nakong le e tla pholosa bophelo ba bona ha dikoduwa di hlaha. E le hore re pholohe ha koduwa e hlaha, re lokela hore re hle re itokise esale hona jwale.​—Lu 16:10.

  • Matlafatsa setswalle sa hao le Jehova: Ithute ka mehla. Ithute mekgwa e fapaneng ya ho ruta batho Bibele. O se ke wa tshoha haholo haeba o arohane le bara le baradibabo rona ka nakwana. (Esa 30:15) Le ka mohla ha hona ntho e ka kgonang ho re arohanya le Jehova le Jesu.​—od 176 ¶15-17

  • Lokisa dintho tseo o tla di hloka: Ntle le ho ba le mokotla wa tsohanyetso, lelapa ka leng le hloka ho boloka dijo tse lekaneng, metsi, meriana le dintho tse ding tse tla hlokahala nakong ya koduwa. Lebaka ke hobane ho ka nna ha hlokahala hore re ipoloke malapeng ka nako e teletsana ka lebaka la koduwa.​—Lipr 22:3; g17.5 4, 6

SHEBELLANG VIDEO YA O KA ETSANG HO ITOKISETSA DIKODUWA? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya ‘O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?’ Morabo rona o bala Bibele.

    O ka matlafatsa setswalle sa hao le Jehova jwang e le ho itokiselletsa dikoduwa?

  • Karolo ya video ya ‘O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?’ Setshwantsho se hlahisitseng mokotla wa tshohanyetso, tokomane ya boitsebiso e nang le dinomoro tsa founo le mmapa o bontshang hore na lelapa le tla kopana hokae nakong ya tshohanyetso.

    Ke hobaneng ha re lokela ho . . . 

    • dula re buisana le baholo?

    • dula re lokisitse mokotla wa tshohanyetso?

    • sheba mefuta e fapaneng ya dikoduwa le hore na re tla etsang ha di hlaha?

  • Karolo ya video ya ‘O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?’ Ditshwantsho: Ditsela tsa ka moo re ka thusang ba hlahetsweng ke dikoduwa. 1. Morabo rona o a rapela. 2. Barababo rona ba thusa moo koduwa e hlahileng teng. 3. Morabo rona o ntsha monehelo bakeng sa mosebetsi wa lefatshe lohle.

    Ke dintho dife tse tharo tseo re ka di etsang ho thusa ba hlahetsweng ke dikoduwa?

IPOTSE, ‘Ke ithutileng ka ho dula ke itokisitse nakong ena ya lefu la sewa la coronavirus?’

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share