LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb23 May leq. 5
  • Dula o Itokiseditse Mathata a Moruo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dula o Itokiseditse Mathata a Moruo
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintlha tse Ding
  • O ka Etsang ho Itokisetsa Dikoduwa?
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dula o Itokisitse Qetellong ya “Matsatsing a ho Qetela”
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Na o se o Itokisitse Bakeng sa Merusu?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 May leq. 5

PHELA JWALOKA MOKRESTE

Dula o Itokiseditse Mathata a Moruo

Ha re makale ha re bona moruo o sa tsitse ka lebaka la dintho tse etsahalang lefatsheng. Hobaneng? Hobane re phela mehleng ya bofelo mme Bibele e re eletsa hore re se ke ra tshepa “maruo a ka felang.” (1Ti 6:17; 2Ti 3:1) Mohlala wa Morena Josafate o re rutang ka ho itokisetsa mathata a moruo?

Ha Josafate a hlaselwa, o ile a tshepa Jehova. (2Kr 20:9-12) O ile a boela a sireletsa setjhaba esale pele ka ho beha masole metseng yohle e sireleditsweng ka marako. (2Kr 17:1, 2, 12, 13) Jwalo ka Josafate, re lokela ho tshepa Jehova mme re itokisetse maemo a boima.

KE JWANG RE KA ITOKISETSANG MATHATA A MORUO?

Matlafatsa setswalle sa hao le Jehova: Kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona o be o tshepe hore Jehova o tla o fa dintho tseo o di hlokang bakeng sa letsatsi ka leng. (Mat 6:26; 1Ti 6:8) O se ke wa kgaotsa ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ka lebaka la dintho tseo o di hlokang. (Bar 2:21) Nahana ka hore na o tla fumana dintho tse tla o thusa ho matlafatsa setswalle sa hao le Jehova jwang haeba motlakase kapa Inthanete e ka ba siyo. Dula o ena le dikopi tse hatisitsweng tsa dingolwa tse thehilweng Bibeleng mme o daonloude dingolwa sesebedisweng sa elektronike esale pele haeba ho kgoneha.

Itokise esale pele bakeng sa dintho tseo o tla di hloka: Qoba dikoloto le ditshenyehelo tse sa hlokahaleng pele ho eba le mathata a moruo. (Pr 22:7) Boloka dijo tse ke keng tsa senyeha le dintho tse ding tse hlokahalang. Ba bang ba ka nna ba bona ho le molemo ho lema meroho e le hore ba boloke tjhelete.

SHEBELLANG VIDEO YA NA O ITOKISEDITSE DIKODUWA TSA TLHAHO? EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

Video ya “Na o Itokiseditse Dikoduwa Tsa Tlhaho?” Ho hlahile Bibele, mokotla wa tshohanyetso, fono le basebetsi ba kaho.
  • O ka etsang ho itokisetsa koduwa?

Video ya “Na o Itokiseditse Dikoduwa Tsa Tlhaho?” Bara ba bo rona ba thusa batho ba hlahetsweng ke koduwa. Ba theola thepa koloing le ho thusa ka mosebetsi wa kaho.
  • Ke jwang o ka itokisetsang ho thusa ba bang?

SEO O KA SE ETSANG

Nakong ya borapedi ba lelapa, hlahlobang Fadimehang! No. 1 ya 2022. Buisanang ka dintho tse ding tseo le ka di etsang e le hore le dule le itokiseditse koduwa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share